Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane na li Tla U Sebeletsa Kapa li Tla U Etsa Lekhoba?
TICHERE e ’ngoe ea Lenyesemane, United States, ea hlokomela: “Khoeli ka ’ngoe ha ke bula setatemente sa karete ea ka ea ho reka ka mokitlane e ba tlokotsi e tšehisang. Ke makalla chelete e lokelang ho lefuoa, joalokaha eka motho e mong ea ikentseng ’na, Mr Hyde e mong eo e leng ralichelete, o ile a fihla a nyafutsa ka mabenkeleng a lintho tsa ho bapala, mabenkeleng a thepa e sebelisoang, lisuphamaketeng le moo ho tšeloang peterole teng.”
Dolores le eena o fumana ho le bonolo ho etsa likoloto. O re: “Ho sebelisa likarete tsa ho reka ka mokitlane ha ho khathatse. Ke ne nke ke ka sebelisa chelete ea sebele joalo. Empa ho reka ka likarete tsa ho reka ka mokitlane ho fapane. Ha ho mohla u bonang chelete eo u e sebelisitseng. Sohle seo u se etsang ke ho fana ka karete ea hao, ’me karete e boele e khutlele ho uena.”
Hase ho makatsang hore sekoloto sa karete ea ho reka ka mokitlane, United States, ka June 1995 se ne se etsa kakaretso ea lidolara tse limilione tse 195 200 (liranta tse limilione tse 849 120)—e leng karolelano ea $1000 (R4350) bakeng sa motho e mong le e mong ea nang le karete! Leha ho le joalo, lik’hamphani tse fanang ka likarete tsa ho reka ka mokitlane li tsoela pele ho hoka bareki ba bacha ka ho fana ka menyaolo e kang ea litefello tse tlaase tsa ho ngolisa le ho se lefise tefiso ea selemo le selemo. Ke limemo tse kae tsa ho ba le karete ea ho reka ka mokitlane tseo u seng u li fumane likhoeling tsa morao tjee? Lelapa le itekanetseng United States, le fumana tse ka bang 24 selemo se seng le se seng! Motho ea sebelisang karete kamehla United States, o ile a sebelisa likarete tse leshome tsa ho reka ka mokitlane ka 1994 a eketsa sekoloto sa hae ka karolo ea 25 lekholong ho feta selemong se ka pele ho seo.
Japane, likarete tsa ho reka ka mokitlane li atile haholo ho feta lithelefono; ho na le karolelano ea likarete tse peli bakeng sa Lejapane le leng le le leng le ka holimo ho lilemo tse 20. Likarolong tse ling tsohle tsa Asia, likarete tsa ho reka ka mokitlane tse fetang limilione tse 120 li ile tsa fanoa, hoo e ka bang e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 12. James Cassin, oa MasterCard International, o re: “Asia ke sebaka se seng se itlhommeng pele ka ho fetisisa khoebong e hōlang ka potlako e makatsang ea likarete tsa ho reka ka mokitlane.” Mopresidente oa Visa International, Edmund P. Jensen, o bolela esale pele: “Re tla ba sechaba se phelisoang ke karete ho ea ho ile.”
Ka ho hlakileng likarete tsa ho reka ka mokitlane li tla tsoela pele ho itsetela bophelong. Ha li sebelisoa ka ho loketseng, e ka ba letlotlo. Leha ho le joalo, tšebeliso e mpe e ka baka mahlomola a tšabehang. Ho ba le tsebo ea motheo ka likarete tsa ho reka ka mokitlane ho ka ’na ha u thusa ho sebelisa mohloli ona oa lichelete molemong oa hao.
Mefuta ea Likarete
Likarete tse sebetsang ka ho fetisisa libakeng tse ngata ke likarete tsa banka tse kang Visa le MasterCard. Likarete tsena li fanoa ke mekhatlo ea lichelete ’me li lefelloa selemo le selemo, hangata e ba R65 ho ea ho R110 ka selemo. Ka linako tse ling, tefiso ena ha e lefisoe, ho itšetlehiloe ka tlaleho ea moreki ea mokitlane le tšebeliso ea hae ea karete. Chelete e ka ’na ea lefuoa kaofela ka khoeli, hangata ho se tsoala ea letho e lefuoang kapa ea lefuoa ka likhaohano khoeli le khoeli e lefelloa le tsoala e holimo. Meeli ea ho e sebelisa ea lekanyetsoa, ho itšetlehiloe ka tlaleho ea mokōpi ea mokitlane. Hangata meeli ea atolosoa ha bokhoni ba ho lefa bo ntse bo bonahala.
Likarete tsa banka li boetse li fana ka monyetla oa ho etsa likalimo tsa chelete ho sebelisoa mechine ea automatic teller kapa licheke tse fanoang ke banka. Leha ho le joalo, ho fumana chelete ka tsela ena, ho litšenyehelo li boima. Hangata motho o lefisoa pakeng tsa R2 le R5 bakeng sa R100 e ’ngoe le e ’ngoe eo a e alimileng. ’Me tsoala ea chelete e alimiloeng joalo e baloa ho tloha letsatsing leo chelete e hutsoeng ka lona.
Ntle ho libanka, mabenkele a mang a mangata le a mang ao e leng letoto la mabenkele a laoloang ke sehlopha se le seng a fana ka likarete tsa ho reka ka mokitlane tse sebelisoang likhoebong tseo. Hangata likarete tse joalo ha li lefelloe tefiso ea selemo le selemo. Leha ho le joalo, haeba chelete e lokelang ho lefuoa e sa lefuoe kaofela, tsoala e ka ’na ea ba ka holimo ho ea likarete tsa banka.
Lik’hamphani tse rekisang peterole le tsona li fana ka likarete tsa ho reka ka mokitlane tse se nang tefiso ea selemo le selemo. Hangata likarete tsena li sebetsa feela likaracheng tsa lik’hamphani tsena ’me ka linako tse ling le lihoteleng tse itseng. Ho tšoana le likarete tse fanoang ke mabenkele, li ka ’na tsa lefelloa kaofela hang ho se tsoala ea letho kapa tsa lefelloa hanyane ka hanyane li e-na le tsoala.
Ho boetse ho na le likarete tsa ho tsamaea le tsa boithabiso, tse kang tsa Diners Club le American Express. Mofuta ona oa karete o lefelloa selemo le selemo empa ha o lefise tsoala, kaha tefo e lokela ho etsoa kaofela hang ha sekoloto sa khoeli le khoeli se fumaneha. Leha ho le joalo, phapang ea fokola pakeng tsa likarete tsena le likarete tsa banka. Ka mohlala, American Express e boetse e fana ka karete ea Optima, e lefisang tsoala e tšoanang le ea karete ea banka.
Mofuta o mong oa karete o hlahellang ’marakeng oa United States ke smart card, e bitsoang joalo ka lebaka la karoloana e hahelletsoeng ho eona e bolokang boitsebiso. E ka sebelisoa e le karete ea ho alima chelete, kaha mosebelisi a ka etsa hore karoloana ena ea boitsebiso e bontše moeli oa chelete e ka fumanehang. Theko ea thepa e rekiloeng e ka tlosoa ho eona ke morekisi ea amehang. Selemong se fetileng Mafora a ne a se a sebelisa li-smart card tse limilione tse 23 ’me Majapane tse limilione tse 11. Ho ’nile ha boleloa esale pele hore lenane la likarete tse joalo lefatšeng ka bophara le tla phahama ka potlako ho fetela ka holimo ho limilione tse sekete selemong sa 2000.
Pele motho a fumana karete, e ne e tla ba bohlale ho ela hloko litumellano tsa mokitlane. Ho ea ka bukana e hatisitsoeng ke Federal Reserve System ea ’Muso oa United States, “litumellano tse ka sehloohong tsa mokitlane tse lokelang ho hlahlojoa ke chelete e lefuoang ka selemo ho phaella sekolotong sa sebele [APR (annual percentage rate)], chelete e lefuoang selemo le selemo le bolelele ba nako eo u ka lefang sekoloto ka eona ho sa lefuoe tsoala.” Har’a lintlha tse ling tse lokelang ho hlahlojoa ke chelete e lefuoang bakeng sa kalimo le bakeng sa ho tlōla moeli hammoho le ho lieha ho lefa.
Litšenyehelo Tsa Kalimo—Li Boima Hakae?
Litšenyehelo tsa kalimo tseo batho ba kenang ho tsona ha ba hlōleha ho lefella chelete ea kalimo eo ba lokelang ho e lefa khoeli le khoeli li ka ba boima ho feta kamoo ba bangata ba hlokomelang kateng. Ka mohlala, nahana ka APR, e leng tekanyo ea sebele ea sekoloto. Ho amana ha tefiso ea tsoala selemo le selemo le APR ho ka bontšoa ka tsela ena. A re nke hore u alimana ka R100 ho motsoalle ’me o u buselletsa R108 qetellong ea selemo. Boemong bo joalo, motsoalle oa hao o u lefa karolo ea 8 lekholong ea tsoala ka selemo. Empa, nka hore o u buselletsa kalimo eo ea R100 ka ho lefa khoeli le khoeli R9 ka likhoeli tse 12. Qetellong ea selemo, kakaretso e ntse e tla ba R108, empa uena, ea alimaneng, u sebelisitse chelete eo ha e ntse e lefuoa khoeli le khoeli. Kalimong e joalo ho bonahala APR e etsa karolo ea 14,5 lekholong!
Ho ea ka phuputso e ileng ea etsoa ke Federal Reserve System ea United States selemong se fetileng, li-APR likareteng tsa banka tsa ho reka ka mokitlane li qala ho karolo ea 9,94 lekholong ’me li nyolohela ho karolo ea 19,80 lekholong, tse pakeng tsa karolo ea 17 le ea 19 lekholong ke tsona tse tloaelehileng. Le hoja mekhatlo e meng e fana ka litefiso tse tlaase bakeng sa ho ngolisa, ka ho tloaelehileng karolo ea 5,9 lekholong, e ka ’na ea li phahamisa hang ha nako eo e fela. Litefiso li boetse li nyolloa ke haeba mofani a elelloa ho eketseha ha kotsi. Bafani ba bang ba fana ka kotlo ho ba liehang ho lefa ka ho nyolla tefiso ea tsoala. Kotlo e boetse e ba teng bakeng sa ba tlōlang meeli ea kalimo.
Linaheng tsa Asia, chelete e lefuoang ka selemo ho phaella sekolotong sa sebele likareteng e ka ba e hloeleng mekoalaba. Ka mohlala, likarete tse ling tsa banka li lefisa karolo ea 24 lekholong Hong Kong, karolo ea 30 lekholong India, karolo ea 36 lekholong Indonesia, karolo ea 45 lekholong Philippines, karolo ea 24 lekholong Singapore le karolo ea 20 lekholong Taiwan.
Ka ho hlakileng, likarete tsa ho reka ka mokitlane li fana ka mokitlane habonolo empa li turu haholo. Ho ea lebenkeleng le ho phaella mokitlane kareteng ea ho reka ka mokitlane eo u ka e lefellang feela ka likhaohano ho tšoana le ho ea bankeng ’me u alime chelete ka ho e kaputsa. Leha ho le joalo, hoo e ka bang batho ba bararo ho ba bane ba nang le likarete, United States, ba etsa sona seo! Ba jara likoloto tseo ba li lefellang tsoala e phahameng. Selemong se fetileng United States, karolelano ea chelete ea khoeli le khoeli e neng e lokela ho lefuoa bakeng sa Visa le MasterCard, e ne e le $1825 (R7940), ’me batho ba bangata ba na le likoloto tse etsang chelete e kaalo likareteng tsa bona tse ’maloa tsa ho reka ka mokitlane.
Leraba le ka U Etsang Lekhoba
Ruth Susswein, motsamaisi oa Bank Cardholders of America, o re basebelisi ba likarete ha ba elelloe mathata a lichelete ao ba ka iphumanang ba le ka har’a ’ona. O bontša hore mosebelisi oa karete ea lefang chelete e tlaase-tlaase—$36 (R157) ka khoeli—bakeng sa sekoloto sa $1825 (R7940) se kareteng ea ho reka ka mokitlane o tla nka lilemo tse fetang 22 ho lefella sekoloto seo.a Ka lebaka la ho kopanyelletsoa ha tefiso ea tsoala, nakong eo mosebelisi o tla be a lefile chelete e ka bang $10 000 (R43 500) bakeng sa sekoloto sa $1825 (R7940)! ’Me sena ke haeba ho se mohla tefiso e ’ngoe e ka kenyelletsoang kareteng ena! Kahoo, haeba u na le tšekamelo ea ho kaputsa ha u reka, likarete tsa ho reka ka mokitlane tse mokotlaneng oa hao li ka fetoha leraba.
Ho tla joang hore batho ba tšoasehe? Robert, ea boletsoeng sehloohong se qalang, o re: “Re ile ra reka lintho tseo re neng re sa li hloke. Re ile ra kenela mokhatlo oa boikoetliso oo ho seng mohla re kileng ra sebetsa le oona. Re ile ra reka k’haravene, ’me ra sebelisa lidolara tse likete-kete ho e lokisa re sa nahane hore na e hlile e bohlokoa bo bokaalo-kaalo. Ka sebele re ne re sa nahane ho hang ka liphello tsa likoloto tsa rōna.”
Reena, eo le eena ho boletsoeng ka eena sehloohong se fetileng, o hlalosa se ileng sa ba etsahalla eena le monna oa hae, Michael: “Re ile ra oela sekolotong. Ka mor’a lechato la rōna re ile ra reka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e hloka, re sebelisa likarete tsa ho reka ka mokitlane. Bakeng sa ho lefella inshorense ea bophelo le ho reka lintho tseo re neng re ke ke ra sebelisa likarete bakeng sa tsona, re ile ra khetha ho alima chelete ka monyetla o likareteng tsa rōna tsa ho reka ka mokitlane. Ka mor’a selemo sekoloto sa rōna se ne se fihla ho $14 000 [R60 900]. Ha re elelloa hore boholo ba chelete eo re e lefang khoeli le khoeli bakeng sa likarete tsa ho reka ka mokitlane e lefella tsoala feela, re ile ra buleha mahlo.”
Na U Lokela ho ba le Likarete?
Ka mor’a ho nahanisisa ka qhafutso ea lichelete eo likarete tsa ho reka ka mokitlane li kentseng batho ba limilione ho eona, ba bang ba ka ’na ba araba ka hore che. Daphne, ea lilemo li 32, o re: “Batsoali ba ka ha ho mohla ba bileng le karete ea ho reka ka mokitlane, ’me ha ba e batle.” Ha e le hantle, motho a le mong ho ba bane ba nang le likarete, United States, o sebelisa likarete tsa hae tsa ho reka ka mokitlane ka bohlale. O rua molemo kantle le ho sulafalloa ke ho lefella tsoala e fofang marulelong. Maria ke e mong oa batho ba joalo. O re: “Ke rata molemo oa eona. Ha ho hlokahale hore ke tsamaee ka chelete e ngata. Haeba ke bona ntho e ’ngoe eo ke e hlokang e theotsoe, ke khona ho e fumana.”
Maria o tsoela pele: “Kamehla ke etsa bonnete ba hore ke na le chelete e lekaneng bakeng sa ho lefella thepa eo ke e rekang. Ha ho mohla ke khethang ho sebelisa monyetla oa kalimo ea chelete. ’Me ha ho mohla nkileng ka lefella litšenyehelo tsa kalimo.” Ho nolofatsa lintho ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane ha u etsa tiiso ea hore u tla sebelisa hotele, ’me United States, karete ea ho reka ka mokitlane ea hlokahala ha u hira koloi.
Leha ho le joalo, batho ba bang ba nkeha maikutlo habonolo ha ba reka. Mohlomong ba ka khona ho ba seli haholoanyane haeba ba reka ka chelete. Michael le Reena ba ne ba sa batle ho etsa hore bophelo ba bona e be ba likoloto. Kahoo ba ile ba etsa qeto ea hore ba se hlole ba sebelisa likarete leha e le life ka lilemo tse hlano—ntle le boemong ba tšohanyetso.
Hore na u batla ho sebelisa likarete tsa ho reka ka mokitlane ke qeto ea botho. Empa haeba u khetha joalo, li sebelise ka hloko. Li sebelise e le kofuto ea ho nolofatsa lintho. ’Me etsa ka hohle ho qoba ho bokella likoloto. Ho laola tsela ea ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane ke mohato oa bohlokoa ho laoleng lichelete tsa hao ka katleho. Nahana ka ho eketsehileng hoo u ka ho etsang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Chelete e tlaase-tlaase e ka lefuoang e ka ’na ea e-ba $10 (R44) kapa chelete e lekanang le karolo e nyenyane lekholong ea sekoloto se secha, ho itšetlehiloe ka hore na e ngata ke efe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho sebelisa likarete tsa ho reka ka mokitlane ha ho bohloko—ho fihlela ha sekoloto se fihla