Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane le Licheke na ke Tsa Sebele Kapa ke Tsa Bolotsana?
LI NKEHA hantle hakaakang! Li nyenyane, li tšoareha habonolo. Li fella hantle ka sepacheng sa monna kapa pheseng ea mosali. U ka khona ho reka lintho tse ngata haholo u se na leha e le sente ka pokothong ea hao. Tšebeliso ea karete ea ho reka ka mokitlane e khothaletsoa le ho phatlalatsoa lefatšeng lohle ke ba lifofane, lik’hamphani tsa likepe, lihotele le libaka tsa ho phomola. Batho ba eletsoa ka ho re: “U se ke ua tloha lapeng u sa e nka.” Likhoebo tse ling li khetha ho amohela tsona ho e-na le chelete. Ho fapana le chelete, haeba li utsuoa kapa li lahleha, ho ka etsoa tse ling hape. Ke chelete ea hao ea botho, e nang le lebitso la hao le nomoro e khethehileng ea mokitlane e ngotsoeng ka litlhaku tse tenya karolong e ka pele ea karete.
U li tseba e le chelete ea polasetike—likarete tsa ho reka le ho lefa ka mokitlane. Ka 1985 libanka tse ling li ile tsa itlhahisetsa khanya e mebala e mengata e rarahaneng, e entsoeng ka khanya ea laser e hlahang e e-na le likarolo tse tharo, le litšobotsi tse ling tsa tšireletso, e fapana ho tloha matšoaong a khethehileng karolong e nang le makenete ho pholletsa le ka morao ho isa letšoaong le sa bonahaleng le bonahalang hantle tlas’a khanya ea ultraviolet. Sena sohle ke ho thibela ho etsoa ha chelete ea maiketsetso! Ho hakanyetsoa hore lefatšeng lohle ho ntse ho sebelisoa likarete tsa ho reka ka mokitlane tse limilione tse 600.
Ho nahanoa hore lefatšeng ka bophara litahlehelo tse ileng tsa e-ba teng tsa libōpeho tse sa tšoaneng mabapi le bomene-mene bo amanang le likarete tsa ho reka ka mokitlane bonyane e ne e le liranta tse limilione tse 3600 mathoasong a lilemo tsa bo-1990. Har’a libōpeho tseo tse sa tšoaneng tsa bomene-mene, ho etsa lintho tsa maiketsetso ho tlalehoa e le ho hōlang kapele ka ho fetisisa—bonyane e le karolo ea 10 lekholong ea litahlehelo tsohle.
Ka mohlala, ka 1993, ho etsa lintho tsa maiketsetso ho ile ha bakela libanka tseo e leng litho tsa k’hamphani e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa ea likarete tsa ho reka ka mokitlane litšenyehelo tsa liranta tse limilione tse 485,7, e leng keketseho ea karolo ea 75 lekholong ho feta ea selemong se ka pele. K’hamphani e ’ngoe e hlahelletseng ea likarete tsa ho reka ka mokitlane, eo e leng ea machaba, le eona e ile ea tlaleha ka litahlehelo tse tšosang ka lebaka la ho etsoa ha lintho tsa maiketsetso. Koranta e ’ngoe ea New Zealand e ile ea ngola: “Seo se etsa hore ho etsa likarete tsa maiketsetso e be bothata bo boholo e seng feela ho libanka, lik’hamphani tsa likarete le bahoebi ba li amohelang e le moputso empa hape le ho batho ba li sebelisang lefatšeng lohle.” Le hoja batho ba nang le likarete tseo ka molao ba sa ikarabelle bakeng sa litahlehelo tse joalo, ka ho ke keng ha qojoa litšenyehelo tseo li fetela ho batho ba li sebelisang.
Ho thoe’ng ka litšobotsi tsa tšireletso tse hahelletsoeng ka hare tse ’nileng tsa ema e le thibelo ho batho ba etsang lintho tsa maiketsetso—tse kang khanya e mebala e mengata e entsoeng ka khanya ea laser le likarolo tse nang le matšoao a khethehileng a makenete? Pele selemo se fela ka mor’a hore litšobotsi tsena li hlahisoe, mekhoa ea pele e sa fellang ea ho etsa lintho tsa maiketsetso e ile ea qala ho hlahella. Kapele ka mor’a moo, litšobotsi tsohle tsa tšireletso li ile tsa kopitsoa kapa tsa behoa kotsing. Mosebeletsi e mong oa banka oa Hong Kong o ile a re: “Kamehla u tlameha ho ntlafatsa. Kamehla linokoane li leka ho u hlōla ka bohlale.”
Ka ho thahasellisang, ho ea ka litsebi, halofo ea litahlehelo tsohle tsa ho etsa likarete tsa maiketsetso mathoasong a lilemo tsa bo-1990 li ile tsa etsahala Asia, ’me halofo ea tsena kaofela e ne e etsahetse Hong Kong. Setsebi se seng se ile sa bolela: “Hong Kong e tumme hampe ka ho etsa likarete tsa maiketsetso tsa ho reka ka mokitlane joalokaha Paris e tumme haholo ka ho etsa liaparo tsa feshene tsa boemo bo phahameng.” Ba bang ba ile ba qosa Hong Kong ka hore ke motse-moholo o hlahelletseng ka ho etsa chelete ea maiketsetso—“setsi sa bomene-mene ba ‘likarete tsa ho reka ka mokitlane’ seo hape se akarelletsang Thailand, Malaysia ’me hona joale le karolo e ka boroa ho Chaena.” Koranta ea New Zealand e ile ea tlaleha: “Mapolesa a Hong Kong a bolela hore mekhatlo ea sebakeng seo e amanang le mekhatlo e hlophisitsoeng ea tlōlo ea molao ea Machaena e khaola lipampiri, ea li ngola le ho li kenya matšoao a bolotsana e sebelisa linomoro tse fanoeng ke bahoebi ba sa tšepahaleng. Joale e ntan’o romela likarete tsena tsa maiketsetso linaheng tse ling.”
Koranta ea Canada e bitsoang Globe & Mail e tlalehile hore: “Mochine o ngolang likarete tsa bolotsana tsa ho reka ka mokitlane, o rekiloeng [Canada] ke litho tsa kenke ea Asia, hona joale o sebelisetsoa ho etsa likarete tsa bolotsana tsa ho reka ka mokitlane. Mochine oo o hatisa likarete tsa ho reka ka mokitlane tse 250 ka hora, ’me mapolesa a lumela hore o ’nile oa sebelisoa bomene-meneng ba lidolara tse limilione tse ngata-ngata.” Lilemong tse seng kae tse fetileng, Machaena a Hong Kong a ’nile a tšoaroa a ntse a sebelisa likarete tsa ho reka ka mokitlane tsa maiketsetso bonyane linaheng tse 22 ho tloha Austria ho ea Australia, ho akareletsa le Guam, Malaysia le Switzerland. Likarete tsa ho reka ka mokitlane tsa Japane ke tsona tse batloang haholo-holo, kaha tekanyetso ea tsona ea ho reka ka mokitlane e phahame ka ho fetisisa ho batho ba li sebelisang.
Ho eketseha ha bomene-mene ba likarete tsa ho reka ka mokitlane le ho iqapela lintho tsa bolotsana ho bolela hore ‘lik’hamphani tse li etsang li qobelleha ho fana ka likarete tsa ho reka ka mokitlane tse lekanang le theko ea kamoo bomene-mene bo hōlang kateng,’ ho boletse joalo mosebeletsi e mong oa banka oa Canada. ’Me ka bomalimabe ke sona se etsahalang. Ka sebele karete ea ho reka ka mokitlane e ka ’na ea e-ba molemo le e sireletsang bophelo ha mong’a eona a se na chelete e lekaneng. Leha ho le joalo, hopola hore ntho feela eo batho ba etsang likarete tsa maiketsetso ba e hlokang ke nomoro ea tlaleho ea chelete ea hao le letsatsi la ho fela ha karete eo ebe joale ba kena khoebong ea bona. Mookameli oa sebaka oa American Express International o ile a lemosa: “Ke chelete ea polasetiki, empa batho ha ba e talime ka tlhokomelo joaloka chelete.”
Mookameli e mong oa mapolesa o ile a re: “Mokhoa ona o fokolisitsoe haholo.” Mabapi le batho ba etsang lintho tsena tsa maiketsetso o ile a re: “’Me linokoane li fumane bofokoli mokhoeng o mong le o mong. ’Me li bo sebelisitse hampe le ka mokhoa o sehlōhō.”
Ho Etsa Licheke Tsa Bolotsana
Ka lebaka la ho hlahella ha mechine e hatisang e sebeletsang tafoleng e ka kopitsang hoo e batlang e le pampiri leha e le efe ea chelete ntle ho phoso ea letho, se ileng sa latela kapele se ne se ke ke sa qojoa. Joale batho ba etsang lintho tsa bolotsana ba ne ba ka kopitsa litokomane tse ngata tse sa tšoaneng: liphasepoto, mangolo a tsoalo, likarete tsa tumello ea bolulo, mangolo a bopaki ba ho ba le tokelo khoebong e itseng, liodoro tsa ho reka, litaelo tsa tšebeliso ea meriana le tse ling tse ngata. Empa ho ne ho tla ba le phaello e khōlō ka ho fetisisa ea ho kopitsa licheke tse lokelang ho lefshoa.
Mokhoa oo o bonolo ka ho makatsang. Hang-hang ha cheke e lokelang ho lefshoa e tsoang k’hamphaning e khōlō e nang le liranta tse limilione polokelong ea banka ea sebakeng se itseng kapa libankeng tse fumanehang naheng ka bophara e fihla liatleng tsa motho ea etsang lintho tsa maiketsetso, o kena khabong. Haeba habonolo feela a ka ba le mochine o hatisang o le tafoleng, mochine o sebelisang khanya ho bala se ngotsoeng le thepa e ’ngoe ea elektronike, a ka fetola cheke hore e lumellane le morero oa hae—a fetola letsatsi, a hlakola lebitso la motho ea lokelang ho lefshoa ebe o ngola la hae, a eketsa bo-ha-ho-letho lenaneng la liranta. Ebe joale o hatisa cheke eo e fetotsoeng mochining oa hae oa laser, a sebelisa pampiri eo a e rekileng lebenkeleng le haufi le rekisang thepa ea ho ngola, eo ’mala oa eona o tšoanang le oa cheke. A hatisa tse ngata kapa tse eketsehileng tsa bolotsana ka nako e le ’ngoe, a ka amohela chelete ea tsona lekaleng leha e le lefe la banka eo toropong leha e le efe.
Ho eketseha ha licheke tsa maiketsetso ka mokhoa ona o bonolo le o sa hlokeng chelete e ngata ho atile haholo, ’me basebeletsi ba libanka le ba phethahatso ea molao ba bolela hore tšenyehelo e bang teng moruong e ka fihla ho liranta tse limilione tse 3600. Ketsahalong e ’ngoe e mpe ka ho fetisisa, The New York Times e ile ea tlaleha hore sehlopha sa litlokotsebe sa Los Angeles se ile sa tlala-tlala le naha se iphumanela chelete libankeng ka licheke tsa maiketsetso tse likete, tse etsang kakaretso e fetang lidolara tse limilione tse peli (liranta tse limilione tse 7). Bahlahlobi ba indasteri ba hakanyetsa hore kakaretso ea selemo le selemo ea tšenyehelo ea licheke tsa bomene-mene hona joale ke lidolara tse limilione tse likete tse 10 (liranta tse limilione tse 36 000) United States feela. Mosebeletsi oa FBI o ile a re: “Bothata bo ka sehloohong ba tlōlo ea molao mekhatlong ea lichelete ke lisebelisoa tse ka fetoloang ho etsa lintho tsa maiketsetso, tse kang licheke tsa bomene-mene le money order ea bomene-mene.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Meputso e meholo ka ho fetisisa e fumaneha ho etseng licheke tsa maiketsetso tse lokelang ho lefshoa