Ho Etsa Lintho Tsa Maiketsetso—Bothata ba Lefatše ka Bophara
Ho fihlela morao lekholong la bo18 la lilemo, Fora banna ba ne ba belisoa ba ntse ba phela ka lebaka la tlōlo eo ea molao. Ho tloha ka 1697 ho ea ho 1832, e ne e le tlōlo ea molao e ahloleloang lefu Engelane, ’me ketso eo e ne e talingoa e le teko ea ho phethola ’muso. Banna ba Manyesemane ba fetang 300 ba ile ba fanyehoa ka lebaka la eona, ha ba bang ba bangata ba ile ba fuoa kotlo ea ho lelekeloa koloneng ea kahlolo ea Australia ho ea sebetsa teng ka thata.
KA LILEMO tse fetang 130, ’muso oa United States o ’nile oa koalla batho ba molato oa eona literonkong tsa ’muso ho fihla lilemong tse 15. Ho phaella moo, ho ’nile ha eketsoa kahlolo ka litefiso tsa liranta tse likete. Esita le kajeno e ntse e ahloleloa lefu Russia le Chaena.
Ho sa tsotellehe likahlolo tse tebileng tse laeloang ke lichaba tse ngata bakeng sa eona, tlōlo ena ea molao e ntse e e-ja setsi. Esita le tšabo ea lefu e ne e sa lekana ho sitisa mekhoa e bolotsana ea ho rua kapele ea batho ba nang le mahlale a khethehileng a hlokahalang. Basebeletsi ba mebuso ba tsielehile. Ba re: “Ho tla ba thata ho fumana ntho e ka thibelang sena, joalokaha ho ’nile ha e-ba joalo ka makholo a lilemo.”
Ho etsa lintho tsa maiketsetso! E ’ngoe ea litlōlo tsa molao tsa khale ka ho fetisisa historing. Morao tjena lekholong lena la bo20 la lilemo, ho fetohile bothata ba lefatše ka bophara ’me ho ntse ho tsoela pele ho eketseha. Mabapi le hona, Robert H. Jackson, eo e leng motlatsi oa moahloli oa Lekhotla le ka Holimo-limo la United States, o ile a re: “Ho etsa lintho tsa maiketsetso ke tlōlo ea molao eo ho seng mohla e etsoang ho sa reroa, leha e le ka ho hloka tsebo, leha e le ka lebaka la boikutlo bo matla ba takatso, kapa ka lebaka la bofutsana bo feteletseng. Ke tlōlo ea molao e reroang ka masene ke motho ea nang le bohlale bo khethehileng ’me a sebelisa chelete e ngata bakeng sa lisebelisoa.”
Ka mohlala, chelete ea Amerika, e ntse e etsoa ka mokunyata lefatšeng ka bophara le ka manane a maholo ho feta leha e le neng pele. ’Muelli oa Treasury Department (Lefapha la Ramatlotlo) o ile a re: “Chelete ea United States, hase feela hore ke chelete e ratehang ka ho fetisisa lefatšeng. Hape ke eo ho ka etsoang e tšoanang le eona habonolo ka ho fetisisa.” Se tsielitseng ’muso oa Amerika ke hore lichelete tsa pampiri tsa bolotsana li etsoa kantle ho United States.
Ak’u nahane: Makasine ea Time e tlalehile hore ka 1992, ho ile ha tšoaroa lidolara tsa boleng ba limilione tse 30 (liranta tse limilione tse 109) tsa chelete ea lipampiri eo e seng ea sebele linaheng tse ling. Makasine eo e ile ea tlaleha: “Selemong se fetileng kakaretso ea eona e ile ea fihla ho lidolara tse limilione tse 120 [liranta tse limilione tse 435], ’me ho lebelletsoe hore e tla roba rekoto eo ka 1994. Ka makhetlo a mangata chelete e ngata le ho feta moo e potoloha ntle le hore e fumanoe.” Lipalo tsena li hlalosa karolo e itseng feela ea se etsahalang. Mabapi le chelete eo e seng ea sebele litsebi li lumela hore ha e le hantle palo ea lidolara tsa bohata tse sebelisoang kantle ho United States e ka ’na ea e-ba ngata hoo e fihlang ho lidolara tse limilione tse likete tse leshome (liranta tse limilione tse 36000).
Kaha linaha tse ngata li lakatsa chelete ea Amerika ka matla—esita le ho feta chelete ea habo tsona—le hore ha ea rarahana haholo hore ho etsoe e tšoanang le eona, lichaba tse ngata le mekhatlo ea tlōlo ea molao li iphumanela chelete ea maiketsetso. Amerika Boroa, mekhatlo ea Colombia e rekisang lithethefatsi e ’nile ea iketsetsa chelete ea Amerika ka lilemo tse ngata e le hore e eketse chelete ea eona eo e seng ea molao. U.S.News & World Report e tlalehile hore hona joale linaha tse ling Bochabela bo Hare le tsona li ntse li fetoha batšehetsi ba baholo khoebong ea lefatše ea ho etsa lintho tsa maiketsetso. Makasine eo e ile ea phaella ka hore ho boleloa hore e ’ngoe ea linaha tseo “e sebelisa mechine e hatisang e rarahaneng e etsisang e sebelisoang ke ba Treasury Department ea United States. Ka lebaka leo, [e] ka khona ho etsa chelete ea maiketsetso ea $100 bills, e tsejoang e le ‘li-bill tsa boemo bo phahameng.’”
Batho ba Russia, Chaena le linaheng tse ling tsa Asia le bona ba qala ho kenella tlhahisong ea chelete ea maiketsetso—haholo-holo chelete ea United States. Ho belaeloa hore karolo ea 50 lekholong ea chelete ea United States e sebelisoang Moscow kajeno ke ea maiketsetso.
Ka 1991, ka mor’a Ntoa ea Gulf, ha ho ne ho sebelisoa limilione tse makholo tsa lidolara tsa United States, Reader’s Digest e ile ea bolela hore, “bo-ralibanka ba machaba ba ne ba maketse ho fumana hore karolo e ka etsang 40 lekholong ea $100 bills e ne e le chelete ea maiketsetso.”
Fora e na le mathata a eona a chelete ea maiketsetso, joaloka linaha tse ling tse ngata tsa Europe. Ho etsa chelete ea maiketsetso hase bothata ba Amerika feela, joalokaha lichaba tse ling ho pota lefatše li ka paka seo.
Ho Etsa Chelete ea Maiketsetso ho Nolofalitsoe
Ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng, ho ne ho hlokahala basebetsi ba litsebi—baetsi ba litšoantšo, litsebi tsa ho khaola lipampiri, baetsi ba litšoantšo le bahatisi—lihora tse ngata tsa mosebetsi o etsoang ka tlhokomelo e khōlō oa ho etsa chelete e tšoanang le ea sechaba leha e le sefe, ’me maemong a molemo ka ho fetisisa, phello e ne e e-ba kopi ea boleng bo tlaase e tšoanang le chelete ea sebele. Leha ho le joalo, kajeno, ka mechine ea theknoloji e phahameng e hatisang ka mebala e mengata, mechine e hatisang ka mahlakore a mabeli ea laser le li-scanner tse fumanehang liofising le malapeng, ke ntho e bonolo hore motho leha e le ofe a kopitse chelete eo a e khethang.
Ena ke mehla ea ho etsa lintho tseo e seng tsa sebele motho a ntse a ituletse tafoleng! Seo nakong e fetileng se neng se hloka mahlale a litsebi tsa ho khaola lipampiri le mechine e hatisang, hona joale se ka finyelloa ke basebetsi ba liofising le batho ba nang le lik’homputha malapeng. K’homputha ea botho e nang le litsamaiso tsa mechine e hatisang e bitsang chelete e ka tlaase ho R18 000 hona joale e ka hlahisa chelete ea maiketsetso eo esita le litsebi tse koetlisitsoeng li ka ’nang tsa thatafalloa ke ho e hlokomela. Sena se ka bolela hore motho ea hlokang chelete a ka ’na a tlohela leeto la ho ea mochining oa chelete o itšebetsang o haufinyane ka hore a ikhatisetse chelete ea hae—le ka bongata bo tlang ho khotsofatsa litlhoko tsa hae! Mechine ena ea lik’homputha e se e ntse e le libetsa tse matla tse matsohong a batho ba kajeno ba etsang lintho tsa maiketsetso. U.S.News & World Report e ile ea ngola: “Ha ba ntse ba etsa sena, batlōli bana ba molao ba bohlale, ka makhetlo-khetlo ba ntse ba hlōla litaelo tsa ba boholong ’me ka letsatsi le leng ba ka ’na ba hlahisa tšokelo licheleteng tse khōlō tsa lefatše.”
Ka mohlala, Fora, karolo e etsang 18 lekholong ea chelete e ileng ea fumanoa ka 1992 e kalo ka li-franc tse limilione tse 30 (liranta tse limilione tse 18) e ne e etselitsoe mechining ea liofisi. Mosebeletsi e mong oa Banque de France o talima sena e le tšokelo e seng feela tsamaisong ea moruo empa hape tšepong ea sechaba ho ’muso. O ile a tletleba: “Ha ba hlokomela hore u ka khona ho etsa chelete ea maiketsetso e tšoanang le ea pampiri hantle ka theknoloji e fumanehang ho baahi ba bangata, ba ka felloa ke tšepo.”
E le karolo ea boiteko ba ho loantša ho phalla ha chelete ea maiketsetso Amerika le linaheng tse ling, mefuta e mecha ea lipampiri-chelete e ntse e etsoa, ’me linaheng tse ling lipampiri-chelete tse ncha li se ntse li sebetsa. Ka mohlala, cheleteng ea Amerika, boholo ba setšoantšo sa Benjamin Franklin se leng ho $100 bill bo tla eketsoa ka boholo ba halofo ’me se tla chechisetsoa ka lehlakoreng le letšehali ka lisenthimithara tse peli. Reader’s Digest e ile ea tlaleha: “Ho tla boetse ho hlahisoa liphetoho tse ling tse leshome le metso e mene mokhoeng oa ho etsa litšoantšo le litšobotsi tse ling tsa lekunutu tsa tšireletso.” Liphetoho tse ling tse ngata, tse joaloka matšoao a kenngoang cheleteng le lienke tse fetolang mebala ha li talingoa ho hlaha mahlakoreng a fapaneng, le tsona li ntse li nahanisisoa.
Ka nako e telele Fora e ’nile ea kopanyelletsa lintho tse ncha tse thibelang lintho tse sa batleheng mofuteng oa eona oa lipampiri-chelete, tseo ho tšeptjoang hore ho isa bohōleng bo itseng, li tla sitisa batho ba etsang chelete eo ea maiketsetso. Leha ho le joalo, ’muelli oa Banque de France oa lumela, hore “ha e le hantle ho ntse ho se na mokhoa o hlōlang mathata ’ohle oa ho thibela batho ba ka ’nang ba etsa chelete ea maiketsetso, empa,” o ile a phaella, “hona joale re khona ho kopanya lintho tse ngata haholo tse sitisang pampiri-cheleteng ka boeona hoo ho etsa chelete ea maiketsetso e leng mosebetsi o [thata], le o jang chelete e ngata haholo.” O hlalosa litšitiso tsena e le “khato ea pele e ka sehloohong khahlanong le ho etsa chelete ea maiketsetso.”
Ka nako e telele Jeremane le Great Britain li ’nile tsa etsa liphetoho tsa tšireletso cheleteng ea tsona ka ho eketsa likhole tsa tšireletso tse etsang hore ho kopitsa chelete ea tsona ho be thata haholoanyane. Canada, $20 bill ea teng e na le sekoere se senyenyane se benyang se bitsoang sekotoana se khanyang sa tšireletso, seo ho ke keng ha etsoa se tšoanang le sona ka mechine e kopitsang. Australia e ile ea qala ho hatisa lipampiri-chelete tsa polasetiki ka 1988 bakeng sa ho kenya mekhoa ea tšireletso e neng e ke ke ea kenngoa cheleteng ea pampiri. Finland le Austria li sebelisa masekana a masesaane cheleteng ea pampiri. Ana a ntša mahlaseli le ho fetoha ’mala joaloka khanya e nang le mebala e mengata. Leha ho le joalo, ba boholong ’musong ba tšaba hore batho ba etsang chelete ea maiketsetso ba ke ke ba salla morao haholo hore ba etse liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa tlōlo ea molao—hore ho sa tsotellehe hore na ho nkuoa mehato efe ea ho lokisa, boiteko ba bona bo bocha bo ka ’na ba ipaka bo sa sebetse qetellong joalokaha ho etsahetse nakong e fetileng. Mosebeletsi e mong oa Treasury Department o ile a re: “Ho joaloka polelo ea khale e reng, u haha lerako la bophahamo ba maoto a 8, ’me bakhocheli ba etsa leri ea bophahamo ba maoto a 10.”
Ho etsa chelete ea maiketsetso ke tšobotsi e ’ngoe feela ea bohlale ba batho ba etsang lintho tsa maiketsetso, joalokaha lihlooho tse latelang li tla bontša.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
K’homputha ea botho e nang le litsamaiso tsa mechine e hatisang e bitsang chelete e ka tlaase ho R18 000 hona joale e ka etsa chelete ea maiketsetso eo esita le litsebi tse koetlisitsoeng li ka ’nang tsa thatafalloa ke ho e hlokomela