Euro—Chelete e Ncha Bakeng sa K’honthinente ea Khale
KA THABO e khaphatsehang, letona la lichelete la Fora le ile la loma chelete ea tšepe e ncha ’me la phatlalatsa: “Ena ke ea sebele, hase ea maiketsetso. Ke ea pele ea ho hlahisoa Fora le Europe.” Chelete eo ea tšepe e ne e le ea pele ea ho etsetsoa sebakeng sa molao sa tlhahiso ea chelete Fora. E ne e le Mantaha oa la 11 May, 1998.
Euro ke eng? E tla ama bo-mmè ba malapa, basebetsi, bahahlauli le bo-rakhoebo ba Europe eohle joang? Na e tla ama moruo oa lefatše ka tsela leha e le efe? Pele u ka lahla li-deutsche mark, li-lira, kapa li-franc tsa hao, mohlomong e tla ba hantle hore u tsebe likarabo lipotsong tsena.
Khopolo eo e Qalile Joang?
Ha Selekane sa Maastricht se ne se fetola Linaha tse Ipōpileng tsa Europe (European Community) ho ba Linaha tse Ikopantseng tsa Europe (European Union [EU]), ka la 1 November, 1993, e ’ngoe ea lipakane tsa motheo e bile ho hlahisa chelete e tšoanang bakeng sa linaha tseo e leng litho.a Ho tloha mehleng ea Roma, Europe ha e e-s’o ka e sebelisa chelete e tšoanang. Ho ile ha etsoa qeto ea hore chelete e ncha e tla bitsoa euro. Hase linaha tsohle tsa EU tse nang le karolo cheleteng ena e kopanetsoeng. Ke linaha tse 11 feela tsa EU ho tse 15 tseo hona joale li leng boemong ba ho sebelisa euro. Linaha tsena ke Austria, Belgium, Finland, Fora, Ireland, Italy, Jeremane, Luxembourg, Netherlands, Portugal le Spain. Greece ha ea ka ea finyella litekanyetso tsa moruo e le hore e ka ba le karolo. Tse ling tse tharo—Brithani, Denmark le Sweden—li khethile ho se kene hajoale.
Euro e tla kena tšebetsong butle-butle. Ho tloha ka la 4 January selemong sena, euro e ile ea qala ho sebelisoa limmarakeng tsa machaba litšebelisanong tsa khoebo tse sa hlokeng k’heshe. Li-euro tsa tšepe le tsa pampiri li tla kenngoa tšebetsong nakong ea likhoeli tse tšeletseng ho qala ka la 1 January, 2002—’me ka morao ho moo lichelete tse neng li sebelisoa ke linaha tse nang le seabo e tla ba karolo ea lintho tsa limusiamo le pokello ea lintho tsa boikhopotso. Ho hakanngoa hore euro e le ’ngoe e tla nka sebaka sa pampiri-chelete ea limilione tse likete tse 12 le chelete ea tšepe ea limilione tse likete tse 70, e leng ea boima ba lithane tse 300 000. Ho tšeptjoa hore ha nako e ntse e-ea linaha tse saletseng morao tsa EU le tsona li tla ba boemong ba ho sebelisa chelete e tšoanang.
Letona la lichelete la Austria le itse ka taba ena ea ho fetohela ho euro: “Re makhatheng a ho kena mehleng e mecha ea kopano ea Europe.” Leha ho le joalo, maikutlo a sechaba sa Europe ka euro a fapana pakeng tsa karolo ea 47 lekholong ea ba nahanang hore ho sebelisoa ha chelete e tšoanang ho tla fetola Europe setsi se matlahali moruong le karolo ea 40 lekholong ea ba lumelang hore euro e tla holofatsa moruo oa Europe. Ba bang ba bile ba bolela hore ho sebelisa chelete e tšoanang ho ka ’na ha lebisa ntoeng! Mahareng ke “Ba nang le lipelaelo ka euro” ba qeaqeang, ba bonang melemo ea ho sebelisoa ha chelete e tšoanang Europe empa ba belaella hore na ho tla atleha hakae qetellong.
Ba Bang ba e Nka e le Tlhohonolofatso . . .
Sehlopha sa batsamaisi ba ka sehloohong ba EU, Komisi ea Europe, se ile sa phatlalatsa: “Ka ho hlahisa tšebeliso ea chelete e tšoanang, Europe e tla fa baahi ba eona, bana ba eona le balekane ba eona . . . pontšo e tiileng haholoanyane ea boikemisetso bo kopanetsoeng bo ikhethetsoeng ka bolokolohi: ba ho haha sechaba se phelang ka khotso le boiketlo.”
Babuelli ba euro ba buella melemo e mengata e ka ’nang ea hlahisoa ke tšebeliso ea chelete e tšoanang. Ho felisoa ha litefiso tsa ho fapanyetsana chelete ho tla ba le phello e khōlō e tobileng. Ka linako tse ling ho qotsoa mohlala oa mohahlauli oa Europe ea sa khathaleng ea etelang linaha tsohle tse 14 tsa EU ka ntle ho ea habo. Ka mohlala, haeba o qala a e-na le li-deutsche mark tse 1 000 ’me a fapanyetsana chelete ea hae le ea naha e ’ngoe le e ’ngoe, o tla qetella a e-na le li-mark tse 500 feela ka lebaka la litefiso tsa ho fapanyetsana chelete feela!
Ka ho tšoanang, thomello le ho kenngoa ha thepa ha ho sa tla hlola ho e-ba le litefiso tsa ho fapanyetsana chelete. Ka ho tšoanang ho sebelisoa ha chelete e tšoanang ho tla felisa litefiso tse bakoang ke ho theoha le ho nyoloha ha matla a chelete. Ha chelete ea naha e ’ngoe e lahleheloa ke matla, thepa e rekiloeng linaheng tse ling e-ba turu naheng eo. Hangata sena se phahamisa theko ea thepa. Ka hona, ha ho se ho sebelisoa chelete e tšoanang, ho se na bothata ba litefiso tsa ho fapanyetsana chelete, Europe e lokela ho ipiletsa ka ho eketsehileng ho bo-ramatsete ba linaha tse ka ntle.
Babuelli ba euro ba boetse ba nahana hore litefello tsa thepa li tla fokotseha Europe. Bareki le bo-rakhoebo joale ba tla khona ho bapisa litheko habobebe, ’me ha chelete ea tšepe le ea pampiri ea euro e se e sebetsa ka 2002, ho tla ba bonolo le ho feta. Ho se tšoane ha litheko tsa sehlahisoa se le seng likarolong tse sa tšoaneng tsa Europe ho lebeletsoe hore ho tla fokotseha, e leng ho tla tsoela bareki molemo.
. . . Ba Bang ba e Talima e le Thohako
Ho kena ba e nyatsang. Ba nahana hore euro e tla khina moruo oa Europe, e bolaee ho tenyetseha ha oona ’me e sitise khōlo ea oona. Ba bolela hore ho sebelisoa ha chelete e tšoanang ho tla eketsa lenane la ba hlokang mosebetsi, ho behe khoebo kotsing limmarakeng tsa lichelete le ho baka likhohlano tsa lipolotiki. Likhohlano tse joalo tsa lipolotiki li se li bonahetse. Nka ka mohlala, qabang e ileng ea hlaha pakeng tsa Jeremane le Fora ka taba ea hore na ke naha efe e lokelang ho ba hlooho ea Banka e Khōlō ea Europe, e tsamaisang tlhokomelo ea euro. Ho ka ’na ha lebelloa liqabang tse joalo tse eketsehileng ha naha e ’ngoe le e ’ngoe eo e leng setho sa EU e hahamalla ho finyella lipakane tsa eona.
Linaheng tse ling tsa EU, manane a ba hlokang mosebetsi a phahame ka ho fetisisa hona joale. Ba bangata ba beha molato oa sena tabeng ea ho fokotsoa ha chelete le ho nyolloa ha makhetho ho hlokahalang e le hore ho iphaphathoe le litekanyetso tsa ho sebelisoa ha chelete e tšoanang. Ho pholletsa le Europe ho ipelaetsoa khahlanong le maano a thata a lichelete a akarelletsang a ho notloa ha liphallelo, lipenshene le mananeo a tlhokomelo ea bophelo bo botle. Mehato e thata joalo ea lichelete e tla tšoarella halelele hakae? Na linaha tse ling li tla leka ho khoehlisa marapo a tsona ka mor’a hore euro e qale ho sebetsa? Na leano le joalo la ho khoehlisa marapo le tla senya tsamaiso ea tšebeliso ea chelete e tšoanang Europe?
Ba bang ba supa maikutlo a tebileng ao batho ba nang le ’ona ka lichelete tsa linaha tsa habo bona. Chelete hase feela seo u nang le sona ka pokothong. Ho ba bangata e boetse e emela histori ea naha ea habo bona, ke letšoao la bohlokoa joaloka folakha. Chelete ea naha ke tsela ea puisano eo batho ba putsoang ka eona, ba balang ka eona, ba etsang likhakanyo ka eona, ba hoebang ka eona le ho baballa ka eona. Ka mohlala, Majeremane a tla bona chelete e ngotsoeng libukaneng tsa ’ona tsa banka e fokotseha ka lehare ha ho fetoheloa ho euro, athe ea Mataliana e tla theohela ho euro e le ’ngoe bakeng sa li-lira tse 2 000 ha ho felisoa lira. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, ho fetohela tšebelisong ea euro e tla ba phihlelo e “sithabetsang” ho batho ba bangata ba Europe.
Na e Loketse Bohle?
Litsebi tse ling tsa moruo tsa EU le United States li bolela hore le hoja ho na le takatso e matla ea bopolotiki ea hore ho sebelisoe chelete e tšoanang, tsamaiso ea moruo ea Europe e arohane, batho ba eona ba tsetsepetse linaheng tsa habo bona, ’me ba na le meetlo e sa tšoaneng haholo. Kahoo, ho fapana le baahi ba United States, batho ba Europe ba lahleheloang ke mesebetsi ba ka ’na ba se ke ba amohela mosebetsi o batlang hore ba fallele sebakeng se seng se hōle. Litsebi tse ling li lumela hore likarohano tse joalo li thibela lichaba tsa euro ho sebetsana le mathata a tsona a sebaka e leng ntho e hlokahalang bakeng sa ho kopanela moruo le eona chelete.
Ba e nyatsang ba bolela hore ha ho sebelisoa chelete e tšoanang, mebuso ka bong e tla sitoa ho tenyetseha le maemo ha e sebetsana le mathata a moruo. Ba bolela hore euro e tla amoha linaha ka bonngoe matla ’me e a tsetele Bankeng e Khōlō ea Europe, e Frankfurt, Jeremane. Ka lehlakoreng le leng, sena se tla eketsa hore melao ea tšebeliso ea lekhetho e hatelle le maano a mang a moruo ho pholletsa le k’honthinente. Ba e nyatsang ba pheha khang ea hore mekhatlo ea tsamaiso le ea ketsa-melao e Brussels le Strasbourg e tla fumana matla. Ka sebele, Selekane sa Maastricht se hloka hore ho be le kopano ea bopolotiki eo qetellong e tlang ho ikarabella maanong a litaba tsa ka ntle le a tšireletso hammoho le maanong a tsa moruo le kahisano. Na phetoho ee e tla hloka mathata? Ho tla bonahala feela ha nako e ntse e tsamaea.
“Ho Ipeha Kotsing e Khōlōhali”
Ho sa le joalo, libanka le lisuphamakete li se li ntse li qalella ho fetohela ho euro, ho bula liak’haonte tsa euro le ho beha euro pel’a litheko tse behiloeng ka chelete ea sebaka ka seng. Pakane ke ho etsa hore phetoho ea selemo sa 2002 e hloke mathata ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Makasine e tsebahalang ea Fora e se e abile mechine e sebetsang lipalo e fetang 200 000 e etselitsoeng ho fetolela li-franc tsa Fora ho li-euro.
Na ka letsatsi le leng euro e tla hlōlisana le dolara ea United States ka matla? Ba bangata ba nahana hore ha euro e se e amohelehile, United States e ka ’na ea se ke ea hlola e e-ba nkokonono moruong oa lefatše. Ba bolela hore euro e tla fetoha chelete e sebelisoang ke lefatše ka bophara joaloka dolara. Jill Considine, oa New York Clearing House Association o re: “Ho tla ba le tšobotsi e ncha ea tlhōlisano.”
Bokamoso ba euro e tla ba bofe? Mohlophisi oa Mojeremane Josef Joffe o bitsa tšebeliso ea chelete e tšoanang e le “papali e khōlō ea mataese ea Europe” le “ho becha mochaena.” Oa phaella: “Haeba e ka hlōleha, e ka ’na ea senya ho hongata hoo Europe e ho finyeletseng lilemong tse 50 tse fetileng.” Letona la lichelete la Fora le ile la bolela maikutlo a baahi ba bangata ba Europe ha le ne le re: “Ho na le ho hongata ho molemo ho lebeletsoeng le ho hongata ho bakang tšabo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le Linaha tse Ipōpileng tsa Europe bona litokollo (tsa Senyesemane) tsa Tsoha!, ea February 22, 1979, leqepheng la 4-8 le ea December 22, 1991, leqepheng la 20-4.
[Lebokose le leqepheng la 30]
TOKOMANE E FANANG KA BOITSEBISO BA BOHLOKOA KA EURO
• Euro e le ’ngoe e batla e le ka holimonyana ho dolara e le ’ngoe ea United States ka matla le
• Pampiri-chelete ea euro e tla ba ka lihlopha tse supileng: li-euro tsa 5, 10, 20, 50, 100, 200 le 500
• Lehlakore le leng la euro le tla ba le ’mapa oa Europe o tla bontša marokho a itseng a tloaelehileng, ’me le leng, litšoantšo tsa lifensetere kapa liheke
• Mantsoe “EURO” le “ΕΥΡΩ” a tla hlaha pampiri-cheleteng, a emela litlhaku tsa Seroma le Segerike
• Chelete ea tšepe ea euro e tla ba ka lihlopha tse robeli: lisente tsa 1, 2, 5, 10, 20 le 50 hammoho le ea euro e le ’ngoe le li-euro tse peli
• Chelete ea tšepe e tla ba le setšoantšo se hlahang hohle sa Europe ka lehlakoreng le leng le setšoantšo sa bochaba ka lehlakoreng le leng
[’Mapa o leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LINAHA TSE IKOPANTSENG TSA EUROPE
BRITHANI
DENMARK
SWEDEN
GREECE
Tse nang le seabo hona joale cheleteng e kopanetsoeng
IRELAND
PORTUGAL
SPAIN
BELGIUM
FORA
NETHERLANDS
JEREMANE
LUXEMBOURG
FINLAND
AUSTRIA
ITALY
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
All currency on pages 28-30: © European Monetary Institute