Na Europe e Tla Hle e Kopane?
HAEBA u fumana ho le thata ho lumela hore Europe e tiile ka taba ea ho kopana, u hloka feela hore u ke u e’o tšela meeli e seng mekae e teng ka har’a eona. Hona joale batho ba tsamaea ka bolokolohi linaheng tsa European Union (EU). Taba ea ho ema nako e telele ha ho tšeloa meeli e batla e felile. Ka ho hlakileng, ba nkang maeto ba thabile—empa hase bona feela ba ruang molemo. Hona joale baahi ba linaha tsa EU habonolo feela ba ka khona ho ithuta, ho sebetsa le ho etsa khoebo leha e le hokae ka har’a linaha tsa EU. Sena le sona se entse hore ho be le tsoelo-pele moruong linaheng tse futsanehileng tsa Mokhatlo ona.
Ka sebele ho tšela meeli habonolo ke phetoho e khōlō. Leha ho le joalo, na re lokela ho etsa qeto ea hore Europe e se e kopane ’me ha ho na litšitiso tse itseng tseleng ea ho kopana ha eona? Ho fapana le hoo, ho na le litšitiso tse larileng ka pele, tse ling tsa tsona li bile lia nyahamisa. Empa pele re tšohla litšitiso tsena, a re hlahlobeng e meng ea mehato e meholohali e ileng ea nkoa hore ho finyelloe kopano e teng hona joale. Ka ho etsa joalo, re ka ’na ra utloisisa hamolemo hore na ke hobane’ng ha batho ba e-na le tšepo e kana ka ho kopana.
Mehato e Lebisitseng Bonngoeng ba Chelete
Ho boloka meeli e sebetsa ho ka ba le litšenyehelo tse boima. Tsamaiso ea lekhetho la thepa e kenang le e tsoang linaheng tse 15 tseo e leng litho tsa EU ka nako e ’ngoe e kile ea sebelisa li-euro tse likete tse 12 tsa limilione ka selemo. Ha ho makatse hore boemo bona bo bocha bo meeling ea Europe bo entse hore moruo o hōle. Ha u nahana ka baahi ba limilione tse 370 ba EU ba tsamaeang ka bolokolohi ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ho sebelisoa ’maraka o le mong, ho hlakile hore moruo o tla ba teng oa ikhetha. Ke eng e entseng hore tsoelo-pele eo e khonehe?
Morao koana ka February 1992, baeta-pele ba ’muso ba ile ba nka mohato o moholo tseleng e lebisang bonngoeng ka hore ba saenele Selekane sa European Union, kapa Selekane sa Maastricht. Selekane seo se ile sa rala motheo oa ho theha ’maraka o kopanetsoeng Europe, ntlo-khōlō ea libanka le mofuta o le mong oa chelete. Leha ho le joalo, ho ile ha tlameha hore ho latele mohato o mong oa bohlokoa: ho felisa ho se tšoane ho sa tsitsang ha matla a lichelete. Etsoe matla a chelete a ka moso a ka ’na a hlanohela khoebo ea kajeno.
Tšitiso ena e tseleng ea bonngoe e ile ea tlosoa ka ho theha mokhatlo oa Economic and Monetary Union (EMU) le ho sebelisa euro e le eona chelete e tla sebelisoa ke bohle. Hona joale litšenyehelo tse bakoang ke ho se tšoane ha matla a chelete ha li sa le eo, ’me likhoebo ha li sa tlameha ho ikatela kotsing ea ho se tšoane ha matla a chelete. Phello e teng ke ea hore khoebo e ba le litšenyehelo tse fokolang ’me khoebo ea machaba eona ea hōla. Ka lehlakoreng le leng, sena se ka ’na sa eketsa mesebetsi le chelete e kenang ka pokothong—e leng lintho tse tla tsoela e mong le e mong molemo.
Ho thehoa ha Ntlo-khōlō ea Libanka ea Europe ka 1998 ho ile ha tšoaea mohato o mong oa bohlokoa o lebisang tšebelisong ea chelete e le ’ngoe. Banka ena e ikemetseng, e motseng oa Frankfurt, Jeremane, e laola lichelete tsa mebuso eo e leng litho. E leka ka matla ho boloka ho phahama ha matla a chelete ho le tlaase sebakeng se bitsoang ka hore ke sa euro, se nang le linaha tse 11 tse nkileng karolo,a le ho tsitsisa ho se tšoane ha matla a chelete lipakeng tsa euro, dolara le yen.
Ka hona, ha ho tluoa tabeng ea chelete, ho se ho nkiloe mehato e meholo e lebisang ho kopaneng. Leha ho le joalo, litaba tsa lichelete li boetse li bontša ho se kopane ho matla ho ntseng ho le teng har’a lichaba tsa Europe.
Litaba Tse Eketsehileng Tsa Lichelete
Lichaba tse futsanehileng tsa EU li na le litletlebo. Li na le maikutlo a hore lichaba tse ruileng tseo e leng litho ha li li arolele leruo la tsona ka ho lekaneng. Ha ho sechaba le se seng seo e leng setho se hanang hore ho hlokahala hore li tšehetse balekane ba tsona ba linaha tse futsanehileng tsa Europe ka lichelete tse eketsehileng. Leha ho le joalo, lichaba tse ruileng li na le maikutlo a hore li na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha li sa etse joalo.
Ka mohlala, nahana ka Jeremane. Cheseho ea naha eo ea hore e be eona e tšehetsang ho kopana ha Europe ka lichelete e tapile ka ho totobetseng kaha joale boikarabelo ba eona ba lichelete bo eketsehile. Litšenyehelo tsa ho kopanya Jeremane Bochabela le Jeremane Bophirimela feela e bile tse khōlōhali—hoo e ka bang liranta tse makholo a tšeletseng a likete tsa limilione ka selemo. Eo ke kotara ea chelete e reretsoeng ho sebelisoa ke ’muso! Mehato ena e nkiloeng e entse hore sekoloto seo ’muso oa Jeremane o nang le sona se phahamele holimo ka potlako hoo Jeremane e ileng ea tlameha ho etsa boiteko bo matla ba ho etsa hore e ’ne e tšoanelehe ho amoheloa tlas’a molao o thehiloeng ke EMU.
Litho Tse Ncha li Kōpa ho Kena ho EU
Ka nako e khutšoanyane, ba buellang ho sebelisa chelete e le ’ngoe ba tšepa hore linaha tsa EU tseo hona joale e seng litho tsa EMU li tla hlōla litšitiso tsa tsona pele ho selemo sa 2002, e leng nako eo ka eona ho hakanngoang hore lichelete tsa tšepe le tsa lipampiri tsa euro li tla be li nkile sebaka sa lichelete tsa Europe. Haeba Brithani, Denmark le Sweden li ka tlohela ho tsila-tsila, esita le baahi ba linaha tseo ba ka ’na ba bona ha chelete ea bona ea liponto, kroner le kronor e nkeloa sebaka ke euro.
Ho sa le joalo, linaha tse ling tsa Europe tse tšeletseng li kōpa ho kena ho EU. Tsona ke Cyprus, Czech Republic, Estonia, Hungary, Poland le Slovenia. Linaha tse ling tse hlano li emetse hore nako ea tsona e fihle, e leng Bulgaria, Latvia, Lithuania, Romania le Slovakia. Litšenyehelo tsa ho kena moo li ke ke tsa e-ba tlaase. Ho hakanngoa hore pakeng tsa selemo sa 2000 le sa 2006, EU e tla tlameha ho fana ka li-euro tse likete tse 80 tsa limilione hore li thuse linaha tse leshome tse ncha tsa Europe Bochabela.
Leha ho le joalo, chelete eo linaha tse ncha li tla tlameha ho e kolletsa hore li tsebe ho tšoaneleha bakeng sa ho ba litho tsa EU e ngata haholo ho feta eo li tla e fumana thusong ea EU. Ka mohlala, Hungary e tla tlameha ho sebelisa li-euro tse kaalo ka likete tse 12 tsa limilione ho ntlafatseng litsela tsa eona le liporo. Czech Republic e tla tlameha ho sebelisa li-euro tse fetang likete tse 3,4 tsa limilione bakeng sa ho hloekisa metsi feela, ’me Poland e tlameha ho sebelisa li-euro tse likete tse 3 tsa limilione hore e fokotse tšilafalo ea moea e bakoang ke sebabole. Ho ntse ho le joalo, linaha tse kentseng kōpo li nka hore li tla rua melemo e fetang litšenyehelo tseo li tla ba ho tsona. Taba ea pele ke hore khoebo ea tsona le linaha tsa EU e tla hōla. Leha ho le joalo, linaha tse kentseng kōpo li ka ’na tsa tlameha ho leta hanyenyane. Ho latela maikutlo a batho hona joale, lichaba tse ncha tseo e bang litho li lokela ho amoheloa feela ka mor’a hore EU e lokise mathata a eona a lichelete.
Khalefo, Bochaba le Tlhokahalo ea Mosebetsi
Ho sa tsotellehe boiteko bohle bo entsoeng hore ho be le kopano e khōloanyane, ka hare ho Europe le ka ntle ho eona ho na le ngongoreho ka tsoelo-pele ea K’honthinente eo. Ho boetse ho na le ho se lokolohe ho itseng tabeng ea hore na ho sebetsanoe joang le lintoa tsa merabe, tse kang tse sebakeng se arohaneng sa Balkan—ho qala ka ntoa ea Bosnia ho ntan’o latela ntoa ea Kosovo. Lichaba tseo e leng litho tsa EU hangata ha li lumellane tabeng ea hore na li sebetsane joang le lintoa tse joalo tsa Europe le tse ka ntle ho eona. Kaha EU hase linaha tse kopanetseng puso ’me ha li na leano le tšoanang la tšebelisano le linaha tse ling, hangata lithahasello tsa bochaba e ba tsona tse renang. Ka ho hlakileng, lithahasello tsa bochaba ke tšitiso e khōlō ‘Linaheng Tse Kopaneng Tsa Europe.’
Europe e boetse e na le bothata bo bong bo boholo—ho hlokahala ha mesebetsi ho jeleng setsi. Ka karolelano, karolo ea 10 lekholong ea batho ba ka sebetsang e hloka mesebetsi. Sena se bolela hore batho ba fetang limilione tse 16 ba hloka mosebetsi. Linaheng tse ngata, bacha, e leng bona ba etsang kotara ea baahi ba linaha tsa EU, ba ’nile ba etsa maoala ’ohle hore ba fumane mesebetsi, empa ba hlōlehile. Hase feela batho ba bangata ba nahanang hore ho hlōla bothata bo jeleng setsi ba ho hlokahala ha mesebetsi ke phephetso e ka sehloohong ea Europe! Ho fihlela joale, boiteko ba ho ntlafatsa ’maraka oa mesebetsi bo ipakile bo sa behe litholoana.
Leha ho le joalo, ho sa boetse ho e-na le tšitiso e ’ngoe e khōloanyane tseleng ea ho kopana.
Ke Mang ea Ikarabellang?
Bobusi bo sala e le qaka e khōlō tabeng ea ho finyella Europe e kopaneng. Lichaba tseo e leng litho li lokela ho lumellana hore na ke ho isa bohōleng bofe li ikemiselitseng ho tela puso ea linaha tsa tsona. Morero oa EU ke ho theha mofuta oa puso o phahametseng matla a lichaba. Le Monde e bontša hore haeba sena se sa finyelloe, ho kenngoa tšebetsong ha euro e tla ba “tlhōlo ea nakoana” feela. Leha ho le joalo, lichaba tse ling tseo e leng litho li fumana khopolo ea ho tela matla a tsona a ho busa e batla e koenyeha ka thata. Ka mohlala, moeta-pele oa sechaba se seng seo e leng setho sa EU o boletse hore naha ea habo e “tsoaletsoe ho ba moeta-pele oa lichaba tse ling, eseng ho ba molateli.”
Ka ho utloahalang, lichaba tse nyenyane tseo e leng litho li na le tšabo ea hore ha nako e ntse e tsamaea, lichaba tse khōlō li tla nka marapo ebe li hana ho amohela liqeto tse ka ’nang tsa ripitlela lithahasello tsa tsona. Ka mohlala, lichaba tse nyenyane lia ipotsa hore na ho tla etsoa qeto ho itšetlehiloe ka eng tabeng ea hore na makala a fapaneng a ntlo-khōlō ea EU a be linaheng life. Ena ke qeto ea bohlokoa hobane makala ao a tla nyolla ’maraka oa mosebetsi linaheng tseo a leng ho tsona.
Ha ho tobanoe le litšitiso tsena tse nyahamisang tseleng ea ho kopana—ho se lekane moruong, ntoa, ho hlokahala ha mosebetsi le bochaba—ho ka ’na ha e-ba bonolo ho nyahama tabeng ea ho kopanngoa ha Europe. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho se ho entsoe khatelo-pele e sa tloaelehang. Ho sa hlakang ke hore na ho sa hlokahala khatelo-pele e kae. Ha e le hantle, mathata a tobaneng le ba lekang ho kopanya Europe, ke mathata a tobaneng le mebuso eohle ea batho.
Na ho tla ke ho khonehe hore ho be le ’muso o ka rarollang mathata a kang a lintoa tsa merabe, ho hlokahala ha mesebetsi ho hloeleng mekoalaba, bofutsana le ntoa? Na ho nahana ka lefatše leo ho lona batho ba tla phela ka bonngoe ba ’nete ke ho talima lintho ka tsela ea sebele? Sehlooho se latelang se tla fana ka karabo e ka ’nang ea u makatsa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaha tsena ke Austria, Belgium, Finland, Fora, Ireland, Italy, Jeremane, Luxembourg, Netherlands, Portugal le Spain. Ka mabaka a itseng a sa tšoaneng, Denmark, Great Britain, Greece le Sweden ha li e-s’o ka li kenyelletsoa.
[Lebokose le leqepheng la 14]
Euro ke Eo!
Le hoja chelete ea tšepe le ea lipampiri ea litho tsa European Union e tla ’ne e be teng ho fihlela ka 2002, hona joale ho se ho ntse ho sebelisoa euro litabeng tsa khoebo tse sa sebeliseng k’heshe. Phetoho ena ea lichelete e bile mosebetsi o moholo libankeng. Leha ho le joalo, ho se ho lokisitsoe phapang ea matla a chelete lipakeng tsa e ntseng e sebelisoa ke linaha tseo e leng litho le euro. Lefapha la tsa ho reka le ho rekisa liabo le lona le hlahisa litheko ka li-euro. Hona joale mabenkele a mangata le likhoebo li se li beha litheko tsa lihlahisoa tsa tsona ka li-euro le ka chelete e ntseng e sebelisoa sebakeng ka seng.
Khoebo e joalo e hloka liphetoho tse khōlō—haholo-holo ho batho ba bangata ba hōlileng, ba seng ba ke ke ba hlola ba sebelisa chelete eo ba e tloaetseng ea deutsche mark, franc kapa lira. Ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tse itseng esita le mechineng ea chelete mabenkeleng le mechineng ea libanka. Ho etsa hore phetoho ena e be e phollatsi kamoo ho ka khonehang, ho hlophisitsoe matšolo a fanang ka boitsebiso ba molao hore a tsebise batho ka ho fihla le ho sebelisoa ha euro.
Ho sa tsotellehe hore na ho setse litšitiso life, euro ea tla. Ha e le hantle, ho se ho ntse ho qaliloe ho etsa chelete ea tšepe ea euro le ho hatisa ea lipampiri. ’Me ke mosebetsi o mongata haholo. Esita le naheng e nyenyane joaloka Netherlands, e nang le baahi ba limilione tse 15, mechine e etsang chelete ea tšepe le e hatisang ea lipampiri e tla hatisa e sa khaotse ka lilemo tse tharo hore e be e hlahisitse chelete ea tšepe e likete tse 2,8 tsa limilione le ea lipampiri e limilione tse 380 ka la 1 January, 2002. Haeba chelete ena eohle ea lipampiri e ne e ka bokelloa hammoho, e ne e ka etsa qubu e bophahamo ba lik’hilomithara tse 20!
[Lebokose le leqepheng la 15]
Na ke “ho Timela ha Euro”?
Mathoasong a 1999, Komisi ea Europe, e leng sehlopha sa batsamaisi ba European Union (EU), e ile ea phonyoha ka lesoba la nale khehlepeng ea taba. Komisi ena e ne e qosoa ka bomenemene, bobolu le leeme la hore ’metla-khola o e lebisa ho oa habo. Ho ile ha thehoa komiti e tla etsa lipatlisiso liqosong tsena. Ka mor’a ho etsa liphuputso ka libeke tse tšeletseng, komiti eo e ile ea fumana hore ho hlile ho bile le bomenemene le ho se tsamaise lintho ka tšoanelo Komising ea Europe. Leha ho le joalo, komiti ea lipatlisiso ha ea ka ea fumana bopaki ba hore litho tsa komisi li ithuisitse.
Ka mor’a hore tlaleho ea komiti e phatlalatsoe, litho tsohle tsa Komisi ea Europe li ile tsa itokolla mosebetsing ka March 1999—e leng bohato boo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le bo tšoanang le bona. Bo ile ba bakela EU bothata bo boholo. Makasine oa Time e ile ea bo bitsa “Ho Timela ha Euro.” Ho se ho tla bonoa feela ha nako e ntse e feta hore na bothata bona bo hlahisa maphomela afe sepheong sa ho finyella ho kopanngoa ha Europe.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho se ho ntse ho le bobebe haholo ho tšela meeli Europe
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ntlo-khōlō ea Libanka ea Europe e Frankfurt, Jeremane, e ile ea thehoa ka 1998