Boitšoaro bo Joang Kajeno?
Hoseng ho hong ka April 1999, ho ile ha lubakana motseng oa Littleton, o haufi le Denver, Colorado, U.S.A. Bacha ba babeli ba apereng lijase tse khōlō tse ntšo ba ile ba kena sekolong se phahameng sa moo ’me ba qala ho thunya liithuti le matichere. Ba ile ba boela ba phatlola libomo. Liithuti tse 12 le tichere li ile tsa shoa, ’me tse fetang 20 tsa ntšoa likotsi. Babolai bao ba ile ba qetela polao eo e sehlōhō ka ho ipolaea le bona. E mong o ne a le lilemo li 17 ha e mong a le lilemo li 18 ’me ba ne ba e-na le lehloeo le tebileng ho lihlopha tse itseng.
KA MASOABI, mohlala ona o boletsoeng ka holimo hase ketsahalo e ikhethang. Likoranta, seea-le-moea le thelevishene li tlaleha liketsahalo tse joaloka tsena lefatšeng ho pota. Ho ea ka Setsi sa Sechaba sa Lipalo-palo tsa Thuto, ho ile ha tlalehoa liketsahalo tse ka bang 11 000 tsa pefo e sebelisang libetsa likolong tsa Amerika selemong sa 1997. Hamburg, Jeremane, litlaleho tsa liketso tsa pefo li eketsehile ka karolo ea 10 lekholong selemong sa 1997, ’me karolo ea 44 lekholong ea babelaelloa ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 21.
Bobolu har’a bo-ralipolotiki le liofisiri tsa ’muso bo tloaelehile. Tlaleho ea mokomishinara oa European Union (EU), Anita Gradin, ea 1998 e ile ea senola hore litšenyehelo tsa bobolu bo har’a EU selemong sa 1997 li ile tsa hakanyetsoa ho liranta tse limilione tse likete tse 8,6. Bo ne bo akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ho lahleng litekete tsa ho paka koloi ho isa ho utsoeng thuso ea lichelete e fanoang molemong oa temo kapa merero e meng ea EU. Chelete e ngata ea bolotsana e etsoang eka e molaong le ho mokola libetsa le lithethefatsi ho ’nile ha lumelloa, ’me basebetsi ba EU ba ’nile ba fuoa tjotjo ke mekhatlo ea tlōlo ea molao e hlophisitsoeng hore ba thōle. Moifo o feletseng oa EU o ile oa itokolla mosebetsing ka 1999.
Leha ho le joalo, hase ba maemo a phahameng sechabeng feela ba qhekellang. Tlaleho ea Moifo oa EU mabapi le basebetsi ba seng molaong e ile ea senola hore karolo e fihlang ho 16 lekholong ea lihlahisoa tsohle tsa sechaba e kenyelletsa chelete e tsoang likhoebong tse sa ngolisoang ka molao le tse sa lefeng makhetho. Russia, chelete e kenang e seng molaong e tlalehoa e fihla karolong ea 50 lekholong ea chelete eohle e kenang. Ho feta moo, Mokhatlo oa Bafuputsi ba Liketso Tsa Bolotsana ba Nang le Mangolo oa United States o ile oa bolela hore lik’hamphani tsa Amerika li lahleheloa ke lidolara tse fetang hōle limilione tse likete tse 400 (hoo e ka bang liranta tse libilione tse 2,5) selemo le selemo ka lebaka la ho utsoetsoa chelete kapa thepa ke basebetsi.
Internet e ’nile ea sebelisoa ke batho ba bangata ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, ba batlang ho hohela bana le bacha ba tlaase lilemong hore ba kopanele likamanong tsa botona le botšehali tse seng molaong. Ho ea ka ’muelli oa Tšireletso ea Bana Sweden, kameho ka litšoantšo tsa bootsoa tsa bana tse ho Internet e ntse e eketseha. Norway, ka 1997 mokhatlo ona o ile oa fumana melaetsa e 1 883 e o lomang tsebe ka Mecha ea Boitsebiso ea Internet e nang le litšoantšo tsa bootsoa tsa bana. Selemong se latelang seo melaetsa e joalo e o lomang tsebe e ile ea eketseha ka sekhahla ha nyolohela ho e ka bang 5 000. Bo bongata ba boitsebiso bona bo hlahisoa linaheng tseo ho tsona mebuso kapa ba boholong libakeng tseo ba sitoang ho laola mokhoa ona o nyonyehang.
Na bo ne bo le Molemonyana Nakong e Fetileng?
Batho ba bangata ba tšositsoeng ke boemo bona bo sisimosang ba boitšoaro lefatšeng kajeno ba ka ’na ba hopola ka tlholohelo moea oa kahisano oa nakong ea batsoali ba bona kapa ea bo-nkhono le bo-ntat’a bona moholo. Mohlomong ba kile ba utloa ho thoe batho ba ne ba phela ka tsela e batlang e khutsitse nakong e fetileng le hore botšepehi le litšobotsi tse ling tsa boitšoaro li ne li nkeloa holimo likarolong tsohle tsa sechaba. E ka ’na eaba batho ba hōlileng ba ’nile ba bua ka nako eo ka eona batho ba sebetsang ka thata ba neng ba thusana, maqhama a lelapa a le matla, ’me bacha ba ikutloa ba sireletsehile ba bile ba thusa batsoali ba bona masimong kapa mesebetsing ea bona.
Sena se lebisa lipotsong tsena: Na boitšoaro ba batho bo ne bo hlile bo le molemonyana nakong e fetileng? Kapa na ho mpa ho e-na le boikutlo ba tlholohelo bo sothang mohopolo oa rōna ka nako e fetileng? A re boneng kamoo bo-rahistori le litsebi tse ling tsa kahisano ba arabang lipotso tsena kateng.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Boitšoaro Boa Hlalosoa
Lihloohong tsena lentsoe “boitšoaro” le sebelisitsoe ka kutloisiso ea ho latela melao-motheo ea se nepahetseng le se fosahetseng tseleng eo batho ba itšoarang ka eona. Sena se akarelletsa botšepehi, ho ba le ’nete le litekanyetso tse phahameng boitšoarong ba botona le botšehali le litabeng tse ling.