Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
JOALOKA motsoali, u ne u tla tšosoa ke’ng haholo—ke ho tseba hore ngoana oa hao o na le linotlolo tsa koloi ea hao kapa ke ho tseba hore o na le bolokolohi ba ho etsa ntho leha e le efe eo a e ratang Inthaneteng? Lintho tseo ka bobeli li kotsi. ’Me ka bobeli li hloka hore motho a be le boikarabelo. Batsoali ba ke ke ba hanela bana ba bona ho khanna bophelo bohle ba bona, empa ba ka etsa bonnete ba hore bana ba rutoa ho khanna ka tsela e sireletsehileng. Batsoali ba bangata ba etsa se tšoanang le tabeng ea ho sebelisa Inthanete. Melao-motheo e latelang ea Bibele e tla u thusa.
“E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo.” (Liproverbia 13:16) Batsoali bao bana ba bona ba sebelisang Inthanete ba lokela ho utloisisa tsela ea motheo eo e sebelisoang ka eona le ho tseba hore na bana ba bona ba etsa’ng ha ba romela melaetsa, ba sheba lintho Inthaneteng, kapa ba etsa ntho leha e le efe e ’ngoe ho eona. ’Mè e mong ea bitsoang Marshay, ea nang le bana ba babeli, o re: “U se ke ua nka hore u se u tsofetse haholo kapa hore ha ua ruteha hoo u ke keng ua ithuta. Tsamaisana le theknoloji.”
“U tla etsa mekoallo e pota-potileng marulelo a ntlo ea hao, e le hore ho se ke ha e-ba le ea oelang fatše.” (Deuteronoma 22:8, The Amplified Bible) Ba fanang ka litšebeletso tsa Inthanete le mananeo a lik’homphieutha ba ka thusa batsoali ho kenya “mekoallo” e thibelang melaetsa e itlhahelang feela ho sa tsejoe hore na e tsoa ho bo-mang le mecha e nang le boitsebiso bo kotsi. Mananeo a mang a ka ba a thibela bana ho fana ka boitsebiso bo kang mabitso a bona kapa liaterese tsa bona. Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho hlokomela hore hase kamehla mananeo ana a thibelang boitsebiso bohle bo kotsi. Hape bana ba bangata ba seng ba hōlile ba tsebang ho sebelisa k’homphieutha ba ithuta tsela ea ho a pota ka morao.
“Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Phuputso e ’ngoe e entsoeng United Kingdom e senotse hore hoo e batlang e le ngoana a le mong ho ba bahlano ba lilemo li 9 ho isa ho 19 o khona ho kena Inthaneteng a le ka kamoreng ea hae. Ho beha k’homphieutha sebakeng seo batho ba fetang ho sona ho thusa batsoali ho bona seo bana ba bona ba se etsang Inthaneteng ebile ho ka ’na ha ba khothalletsa hore ba qobe ho bula mecha e sa lokelang.
“Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) Etsa qeto ea hore na bana ba ka sebelisa Inthanete neng, nako eo ba ka e qetang ba le ho eona le hore na ba bule mecha efe. Buisana le bana ba hao ka melao eo u ba behelang eona e lokelang ho ba tataisa ’me u netefatse hore ba e utloisisa.
Ke ’nete hore u ke ke ua bona seo bana ba hao ba se etsang ha ba se lapeng. Ka hona, ke habohlokoa hore u ba rute melao e loketseng ea boitšoaro e le hore ba tle ba iketsetse liqeto tse bohlale le ha ba le bang.a (Bafilipi 2:12) Ba hlalosetse ka ho hlaka hore na ho tla etsahala’ng haeba ba sa latele melao eo u ba behetseng eona ha ba sebelisa Inthanete. ’Me u tiise hore ba latela melao eo.
“[’Mè ea molemo] o lebela se etsahalang ho ba ntlo ea hae.” (Liproverbia 31:27) Beha leihlo tsela eo bana ba hao ba sebelisang Inthanete ka eona, ’me u ba tsebise hore u tla lula u etsa joalo. Seo hase ho kena-kenana le seo ba se etsang boinotšing. Hopola hore Inthanete e sebelisoa ke batho kaofela. Lefapha la ’Muso la Bofokisi, United States, le khothalletsa batsoali hore ba be le mokhoa oa ho kena mecheng eo bana ba bona ba kenang ho eona Inthaneteng ’me nako le nako ba hlahlobe melaetsa ea bona ea e-mail le mecha eo ba keneng ho eona.
“Matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe, ho motho ea buang lintho tse khelohileng.” (Liproverbia 2:11, 12) Ho beha bana leihlo le ho hlahloba seo ba se etsang ha ho thuse ka ho feletseng. Ho ruta bana melao ea boitšoaro—le ho ba behela mohlala—ho tla ba sireletsa le ho feta. Kahoo iphe nako ea ho buisana le bana ba hao ka lintho tse ka etsahalang Inthaneteng. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ba sireletsa ke ho buisana le bona ka bolokolohi ka likotsi tse ka ’nang tsa ba hlahela ha ba sebelisa Inthanete. Ntate e mong oa Mokreste ea bitsoang Tom, o re: “Re ile ra buisana le bashemane ba rōna ba babeli ka batho ‘ba babe’ ba sebelisang Inthanete. Re ile ra boela ra ba hlalosetsa hore na litšoantšo tse manyala ke eng le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho li qoba le hore na ke hobane’ng ha ba sa lokela ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng.”
U ka Sireletsa Bana ba Hao
Ho hlokahala boiteko e le hore u sireletse bana ba hao likotsing tsa Inthanete, ’me litsela tsa ho fumana boitsebiso ba elektronike li lula li fetoha. Litsela tse ncha tsa theknoloji li ka ’na tsa nolofatsa lintho ka tsela e ikhethang tsa ba tsa beha bana kotsing ho feta leha e le neng pele. Batsoali ba ka etsa’ng ho hlomella bana ba bona hore ba tobane le likotsi tse ka ’nang tsa hlaha nakong e tlang? Bibele e re: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso.”—Moeklesia 7:12.
Thusa bana ba hao hore ba hlalefe. Hape ba thuse hore ba utloisise hore na ba ka qoba likotsi tsa ho sebelisa Inthanete joang le hore na ba ka e sebelisa ka tsela e bontšang boikarabelo joang. Ka tsela eo, Inthanete e ka ba sesebelisoa se ke keng sa ntša bana ba hao kotsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batsoali ba lokela ho hopola hore bacha ba bangata ba khona ho kena Inthaneteng ka liselefouno, kapa lisebelisoa tse ling tse nkehang, esita le ka mechine e meng ea lipapali tsa video.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
United Kingdom, bana ba etsang karolo ea 57 lekholong ba sebelisang Inthanete beke le beke, ba lilemo li 9 ho isa ho 19 ba bona litšoantšo tse manyala Inthaneteng; leha ho le joalo ke batsoali ba etsang karolo ea 16 lekholong feela ba lumelang hore bana ba bona ba bone litšoantšo tse manyala Inthaneteng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
Litsebi li lumela hore e ka ’na eaba ho na le batho ba ka bang 750 000 ba kotsi ba sebelisang Inthanete letsatsi le letsatsi, ba kenang li-chat room le mecheng ea batho ba batlang baratani
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
United States, bacha ba 93 ho ba lekholo ba lilemo li 12 ho isa ho 17 ba sebelisa Inthanete
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Na u ka ruta ngoana oa hao ho sebelisa Inthanete ka tsela e nang le boikarabelo?