Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 6/8 maq. 28-30
  • Na ho Laetsana Inthaneteng ho ka ba Kotsi Hakaalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Laetsana Inthaneteng ho ka ba Kotsi Hakaalo?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphiri Lekokong la Linku
  • Likotsi Tsa ho Thetsa le Lekunutu
  • Ho Khetha ho Kopana le Motho ka Seqo ho E-na le Inthaneteng
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?
    Tsoha!—2000
  • Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 6/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Na ho Laetsana Inthaneteng ho ka ba Kotsi Hakaalo?

“Inthaneteng, u ka ’na ua se ke ua tseba hore na hantle-ntle motho eo u buisanang le eena ke mang.”—Dan, 17.a

“Batho ba ka bua mashano Inthaneteng. Ho bonolo ho ikhakanya.”—George, 26.

HO LAETSANA le motho Inthaneteng ho ata haholo lefatšeng ka bophara. Joalokaha sehlooho se fetileng letotong lena se ile sa bontša, maratano a qhomang Inthaneteng a ka thunya kapele, empa hangata a pona ka potlako ha ’nete e hlaka.b Ho ntse ho le joalo, ho na le lebaka le leng le tebileng haholoanyane leo u ka amehang ka lona ho feta feela ho soetseha. Mokhoa ona oa ho laetsana o ka u beha kotsing e khōlō—e ka ba ’meleng, maikutlong, kapa moeeng.

Ntho e shebahalang e se na kotsi ebile e sireletsehile—joaloka k’homphieutha e lapeng—ha e le hantle e ka ba kotsi joang? Likotsi tse ling ke tse amanang le molao-motheo oa bohlokoa oa Bibele. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Joale, sena ha se bolele hore ho sebelisa Inthanete ke ho hloka botšepehi kapa hona hore ho e sebelisa ho tla etsa hore u se tšepahale. Leha ho le joalo, re lokela ho lumela hore batho ba bang ba atisa ho se tšepahale le hore feela joalokaha mantsoe a qotsitsoeng selelekeleng a bontša, Inthanete e nolofalletsa batho ho se tšepahale ka litsela tse itseng ’me ho thata ho lemoha seo. ’Me ha ho tluoa tabeng ea lerato, ho se tšepahale ho hlahisa likotsi tse khōlō.

Ka mohlala, hlokomela ho se tšepahale ho hlalositsoeng temaneng ena ea Bibele: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pesaleme ea 26:4) Ho boleloa’ng ka “ba patang seo ba leng sona”? Liphetolelo tse ling tsa Bibele mona li sebelisa lentsoe “baikaketsi.” Joalokaha buka e ’ngoe ea boitsebiso e bontša, lentsoe lena le ka sebelisoa ho “batho ba patelang ba bang merero kapa sepheo sa bona, kapa ba patang botho ba bona le mehopolo ea bona.” Ho se tšepahale ho joalo ho etsoa joang Inthaneteng? Hona ke likotsi life tseo see se li tlisetsang ba batlang batho bao ba ka ratanang le bona?

Liphiri Lekokong la Linku

Ntate ea bitsoang Michael o ile a tšoha ha a ithuta a le seminaring e ’ngoe hore bana ba bangata ha ba mamele litaelo tsa batsoali tsa hore ba se ke ba kena Mecheng ea Boitsebiso e kotsi Inthaneteng. O re: “Ke ile ka tšoha le ho feta ha ke hlokomela hore batho ba baholo ba khethang ho kopanela liphate le bana ba ka sebelisa Inthanete ho hohela bana hore ba kopanele liketsong tse litšila tsa ho kopanela liphate.” Ha bacha ba sebelisa Inthanete ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng, ba ka ipeha kotsing e khōlōhali ba sa lemohe.

Ka sebele, ho ’nile ha e-ba le litlaleho tsa linonnori tse batlang ho kopanela liphate le bana ka ho iketsa bacha Inthaneteng e le hore li nanarele liphofu tsena tse nyenyane. Ho latela phuputso e ’ngoe, “ngoana a le mong ho ba bahlano ba sebelisang Inthanete o kile a hoheloa liketsong tsa ho kopanela liphate.” Koranta e ’ngoe le eona e ile ea bolela hore ngoana a le mong ho ba 33 ba pakeng tsa lilemo tse 10 le tse 17 ba ile ba “hlekefetsoa” puisanong e etsoang ka k’homphieutha.

Bacha ba bang ba ’nile ba tšohela holimo ha ba fumana hore “mocha” eo ba neng ba ntse ba laetsana le eena Inthaneteng ha e le hantle e ne e le motho e moholo ea koaletsoeng chankaneng. Ba sa tsebe, bacha ba bang ba ’nile ba laetsana le linonnori tse tsomang feela bao li ka kopanelang liphate le bona. Batho bana ba khohlahetseng ba qala pele ka ho “nolofatsa” liphofu tsa bona, ba etse hore li ba tšepe ka ho bua le tsona hamonate Inthaneteng. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ba batla ho kopana le tsona ka seqo e le hore ba phethe merero ea bona e litšila. Ka masoabi, liphello e bile tsa bacha ba ’nileng ba otloa, ba betoa esita le ho bolaoa.

Ka sebele batho ba khopo ba ‘pata seo ba leng sona’ e le ho iphumanela liphofu Inthaneteng. Batho ba joalo ba ka re hopotsa papiso ea Jesu ka baprofeta ba bohata “ba tlang ho lōna ba apere seaparo sa nku” empa ha e le hantle ba tšoana le “liphiri tse harolang.” (Matheu 7:15) Ho buisana le motho eo u sa mo tsebeng Inthaneteng ho ka pata seo a leng sona hoo ho ka bang thata ho lemoha thetso e joalo. George ea qotsitsoeng pejana o re: “Ha u buisana le motho ka seqo, ho na le seo u ka ithutang sona sefahlehong le molumong oa lentsoe la hae. Empa Inthaneteng, u ke ke. Ho bonolo ho thetsoa.”

Ruri keletso ea Bibele e bohlale: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Ke ’nete hore hase motho e mong le e mong eo u kopanang le eena Inthaneteng eo e leng senonnori se kotsi. Leha ho le joalo, ho na le litsela tse eketsehileng tseo ka tsona batho “ba patang seo ba leng sona.”

Likotsi Tsa ho Thetsa le Lekunutu

Ha ho makatse hore ebe mokhoa o tloaelehileng ho ba batlang batho bao ba ka ratanang le bona Inthaneteng, ke ho fetelletsa kapa ho ipolelisa hore ba na le litšoaneleho tse ntle hammoho le ho bebofatsa kapa ho pata mefokolo ea bona e tebileng. Ho feta moo, The Washington Post e qotsitse mongoli e mong ha a re: “Ho laetsana le motho Inthaneteng ho ka ba kotsi hobane batho baa thetsoa.” Ea phaella: “Hangata banna ba ipolela e le basali, basali e le banna. . . . Chelete eo motho a e fumanang, . . . hore na ke oa morabe ofe, litlaleho tsa bokebekoa, histori ea ho kula kelellong hammoho le hore na motho o nyetse kapa che hangata li lula e le lekunutu nako e telele batho ba ntse ba laetsana.” E le ho lemosa ba bang, batho ba bangata ba ’nile ba tlaleha lintho tse bohloko tse ba hlahetseng ka ho thetsoa ke batho bao ba neng ba laetsana le bona Inthaneteng.

Na batho ba ka bua leshano ka ntho ea bohlokoa joaloka boemo ba bona moeeng? Ka masoabi, ho joalo—ba bang ba ipolela e le Bakreste ba ’nete empa ho se joalo. Ke hobane’ng ha ba bua leshano? Lebaka e sa le lona la hore Inthanete e etsa hore ho be bonolo ho bua leshano. Mohlankana e mong oa Ireland ea bitsoang Sean oa lumela: “Ho bonolo haholo ho iketsa seo u seng sona ha u ngola k’homphieutheng.”

Batho ba bangata ba nka thetso ena hanyenyane, ba e buella ka hore ke ntho e tloaelehileng hore motho a nōke ka leshano le se lekae ha a qalisa litaba tsa lerato le e mong. Leha ho le joalo, hopola hore Molimo o hloile ho bua leshano. (Liproverbia 6:16-19) Le hona e le ka lebaka le utloahalang. Bohloko le mahlomola a mangata lefatšeng lena mohloli oa ’ona ke leshano. (Johanne 8:44) Ho se tšepahale ke motheo o mobe ka ho fetisisa bakeng sa kamano leha e le efe, haholo-holo eo morero oa eona e leng hore qetellong e be tlamahano ea bophelo bohle. Ho hobe le ho feta, ho se tšepahale ho kotsi moeeng; ho senya kamano ea ea buang leshano le Jehova Molimo.

Ka masoabi, bacha ba bang ba oetse lerabeng la mofuta o mong oa ho se tšepahale. Ba ’nile ba laetsana le motho Inthaneteng ’me ba patetse batsoali ba bona. Ka mohlala, batsoali ba moshanyana e mong ea lilemong tsa bocha ba ile ba makala ka le leng ha mosetsana e mong ea nang le tumelo e fapaneng le ea lelapa leo ea Bokreste a fihla a sa lebelloa lapeng ka mor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse fetang 1 500. Mora oa bona o ne a ntse a laetsana le eena Inthaneteng likhoeli tse tšeletseng kaofela, empa ba ne ba sa tsebe letho ka eena ho fihlela ha a re balakatha!

Batsoali ba ile ba ipotsa: “See se etsahetse joang?” Se neng se luma ka likelellong tsa bona e ne e le hore, ‘Ho ke ke ha etsahala hore mora oa rōna a ratane le motho eo le ho mo tseba a sa mo tsebeng.’ Ha e le hantle, mora oa bona o ne a ba thetsitse—o ne a hlile a patile seo a leng sona. Na ha u lumele hore thetso e joalo ke motheo o fosahetseng oa ho qala lefereho?

Ho Khetha ho Kopana le Motho ka Seqo ho E-na le Inthaneteng

Ho laetsana le motho Inthaneteng ho ka hlahisa likotsi tse ling hape. Maemong a mang, motsoalle oa Inthaneteng a ka fetoha oa bohlokoa ho feta batho bao u nang le bona letsatsi le letsatsi. Litho tsa lelapa, metsoalle le boikarabelo e ba lintho tse tlang ka morao. Mosetsana e mong ea bitsoang Monika, oa Austria, o re: “Ke ile ka qala ho hlokomoloha botsoalle ba bohlokoa kaha ke ne ke qeta nako e ngata k’homphieutheng ke bua le batho bao ke kopaneng le bona Inthaneteng.” Ha sena se qala ho mo tšoenya, o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho sebelisa Inthanete ka tsela eo.

Ke ’nete hore batho ba bangata ba sebelisa Inthanete ka tsela e leka-lekaneng. Ho ngollana le batho ka E-mail e ka ba mokhoa o molemo haholo oa ho lula u buisana le metsoalle le batho bao u ba ratang. Leha ho le joalo, u tla lumela hore ha ho na ntho e molemo ho feta ho buisana le motho ka seqo. Haeba u se u “fetile palesa ea bocha”—nako eo litakatso tsa ho kopanela liphate li leng matla haholo ka eona—’me u batla ho kena lenyalong, u tobane le qeto e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u lokelang ho e etsa bophelong. (1 Bakorinthe 7:36) Ka hona, leka ka hohle hore u etse qeto e bontšang boikarabelo.

Bibele e ea eletsa: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Ho e-na le ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e ngolloang ke motho eo u sa mo tsebeng, ela hloko mehato ea hao. Ke bohlale hore u qale ka ho kopana le motho le ho etsa botsoalle le eena le talimane. Fumana hore na lea tšoanelana na, haholo-holo ha ho tluoa lipakaneng tsa moea le linthong tse ling tsa bohlokoa. Lefereho le joalo le ka lebisa lenyalong le thabileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . ‘Na Nka Leka ho Laetsana le Motho Inthaneteng?’” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 2005.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Na u hlile u tseba motho ea ntseng a u ngolla melaetsa Inthaneteng?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tabeng ea lefereho, ha ho na ntho e molemo ho feta ho kopana le motho ka seqo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela