Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 19-21
  • Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho “Bona se se Nang Thuso”
  • Ho Thoe’ng ka ho Ikamahanya le ba Hokahantsoeng?
  • Litšireletso
  • Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Na ho Laetsana Inthaneteng ho ka ba Kotsi Hakaalo?
    Tsoha!—2005
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?

NAHANA u le ka laebraring e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. U pota-potiloe ke libuka, likoranta, lik’hathaloku, litšoantšo le likhatiso tsa mefuta ena kaofela—li akaretsa hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. U fumana boitsebiso bohle ba morao-rao habonolo, hammoho le karolo e khōlō ea lingoliloeng tse ngata tsa lilemong tse makholo tse fetileng.

Ha e le hantle, Internet e ka etsa hore u fumane boitsebiso bo joalo habonolo. E lumella motho hore a lule ka pel’a k’homphieutha ’me a fapanyetsane boitsebiso le lik’homphieutha tse ling le basebelisi ba bang ba k’homphieutha ba karolong leha e le efe ea lefatše.a E lumella basebelisi ba eona hore ba rekise lihlahisoa, ba reke, ba sebetsane le banka, ba buisane, ba mamele likhatiso tsa morao-rao tsa ’mino—tseo tsohle ba li etsa boinotšing malapeng a bona.

Kahoo, ha ho makatse ha litsebi tse ling li bolela esale pele hore batho ba fetang limilione tse 320 ba tla be ba sebelisa Internet qetellong ea selemo sena. Ka hona ho sebelisoa ha Internet ho ntse ho tloaeleha likarolong tse ngata tsa lefatše. Kaha likolo le lilaebrari li buella tšebeliso ea eona ka matla, bacha ba limilione ba na le monyetla oa ho e sebelisa. United States, hoo e batlang e le karolo ea 65 lekholong ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse 12 le tse 19 ba se ba kile ba e sebelisa kapa ba beheletsa hore ba hokelloe litšebeletsong tsa eona.

Ha e sebelisoa hantle, Internet e ka ba mohloli o fanang ka boitsebiso bo molemo ka boemo ba leholimo, maeto le litaba tse ling. Ka eona, u ka reka libuka, litšepe tsa koloi le lintho tse ling. Ba bangata ba e sebelisetsa mosebetsi oa sekolo.

Le hoja Internet e ka ba molemo, e ka boela ea tšoana le laebrari e se nang batho ba e hlokomelang kapa ba e lebelang. Motho a ka e lekola a iketlile a e-na le boikutlo ba hore ha ho na motho e mong haufinyane. Empa ena ke e ’ngoe ea likotsi tse khōlō ka ho fetisisa tsa ho sebelisa Internet. Hobane’ng? Hobane Mecha ea boitsebiso e mengata haholo e fupere boitsebiso bo hlephisang boitšoaro le bo bolaeang moeeng. Kahoo, Internet e ka pepesetsa bacha ba Bakreste liteko. Etsoe, batho ba bohelehele ka tlhaho—e leng tšekamelo eo Satane Diabolose a ’nileng a e sebelisa hampe ho tloha khale. Ka sebele, Satane o ile a nka monyetla ka bohelehele ba Eva ’me ‘a mo eka ka mano a hae.’—2 Bakorinthe 11:3.

Ka tsela e tšoanang, mocha oa Mokreste a ka ekoa habonolo ke boitsebiso bo sa hloekang haeba a sa ikemisetsa ho sireletsa bomoea ba hae. Sehlooho se ho Better Homes and Gardens se ile sa hlalosa: “Internet ke sebaka se phetheselang seo ho sona bo-pula-maliboho ba bohlale ba fantisang boitsebiso ba morao-rao; empa batho ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, baqhekelli, batho ba buellang likhopolo tsa bona tse leeme le ba bang ba mekhoa e mebe le bona ba solla hohle mecheng ea boitsebiso ea lik’homphieutha.”

Mocha e mong ea bitsoang Javierb o re: “Mecha e meng ea boitsebiso ea nyarosa. E ka itšohlometsa e sa fane ka temoso.” Oa phaella: “E leka ho u hohela. E batla ho u hokahoka—e le hore e fumane chelete ea hao.” Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang John oa lumela: “Hang ha u ka qala ua sheba boitsebiso bo sa lokelang, ho ba thata ho khaotsa—ho fetoha temalo.” Bacha ba bang ba Bakreste ba ile ba ea khafetsa Mecheng ea boitsebiso bo sa hloekang, ’me sena se ile sa ba kenya khathatsong e tebileng le ho feta. Ba bang ba bile ba sentse kamano ea bona le Jehova. See se ka qojoa joang?

Ho “Bona se se Nang Thuso”

Ka linako tse ling aterese ea Mocha oa boitsebiso ka boeona feela e bontša ka ho hlaka hore mocha oo o fupere boitsebiso bo sa amoheleheng.c Liproverbia 22:3 ea eletsa: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.”

Leha ho le joalo, hangata bothata e ba hore batho ba ka ’na ba re ptjangptjang le boitsebiso bo litšila. Boitsebiso bo hlahang qalong bo ka ’na ba hlahisa litšoantšo tse sa hlakang tse hlileng li reretsoeng ho u hohela hore u shebe boitsebiso boo—’me u khutlele ho bona khafetsa!d

Kevin o hlalosa se ileng sa etsahalla e mong oa metsoalle ea hae: “O ne a e-na le nako ’me a le bohelehele. Ka mor’a nakoana o ile a tloaela ho sheba litšoantšo tsa bootsoa.” Ka lehlohonolo, mocha enoa oa Mokreste o ile a ea ho moholo ’me a fumana thuso.

Na u se u entse qeto ka seo u tla se etsa haeba u ka re ptjangptjang le mocha o joalo oa boitsebiso? Seo Mokreste a lokelang ho se etsa se hlakile: Ho tlohela mocha oo oa boitsebiso hang-hang—kapa esita le ho koala Internet! U lokela ho tšoana le mopesaleme ea ileng a rapela: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” (Pesaleme ea 119:37, NW; bapisa le Jobo 31:1.) Hopola hore esita le haeba ha ho motho ea re behileng leihlo, hase hore ha re bonoe. Bibele e re hopotsa hore lintho tsohle “li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.”—Baheberu 4:13.

Ho buisana le batsoali ba hao kapa le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ho ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore u se ke ua boela ua sheba mecha ea boitsebiso e sa hloekang. Etsoe, haeba u ne u ka tetebela qhefeqhefeng, na u ne u tla ’ne u qhafutse har’a eona ho fihlela u khelelletse ka molala pele u kōpa thuso?

Ho Thoe’ng ka ho Ikamahanya le ba Hokahantsoeng?

Mocha oa puisano o lumella basebelisi ba Internet lefatšeng ho pota ho buisana ka nako le motsotso. Likhoebo li o sebelisetsa ho tšoara liboka tse hokahantsoeng le ho sebeletsa bareki. Mecha e meng ea puisano e lumella basebelisi ba eona ho abelana boitsebiso ba litaba tsa theknoloji, bo kang ba ho lokisa koloi kapa ho etsa mananeo a k’homphieutha. Mefuta e meng ea mecha ea puisano e lumella metsoalle le litho tsa lelapa ho buisana lekunutung ho se litšenyehelo tsa fono tsa ho letsetsa sebakeng se hōle. Le hoja ho ka ’na ha e-ba le melemo e utloahalang ea ho sebelisa mokhoa ona, na ho na le likotsi leha e le life?

Ka sebele ho hlokahala hore re be hlokolosi ha ho tluoa tabeng ea mecha ea puisano e bulehetseng batho ka kakaretso, kaha e ka hlahisa likotsi tse itseng. Mongoli Leah Rozen o ile a re: “Bacha ba tsebang tsa theknoloji ba qeta lihora tse ngata ba buisana le batho bao ba sa tsebeng le mabitso a bona ba tsoang likarolong tsohle tsa naha, esita le likarolong tsohle tsa lefatše. Ka bomalimabe, ba bang ba batho bana ba sa tsejoeng bao e ka ’nang eaba bacha ba buisana le bona ho boetse hoa etsahala hore ebe ke batho ba baholo ba silafetseng ba batlang ho laetsana le bana hore ba kopanele likamano tsa botona le botšehali le bona.” Sehlooho se ho Popular Mechanics se ile sa lemosa hore “u lokela ho ba hlokolosi ka ho fetisisa” ha u sebelisa mecha ea puisano e bulehetseng batho ka kakaretso. Ho fana ka lebitso la hao kapa aterese ea hao ho motho eo u sa mo tsebeng e ka ba ho imemela khathatso e tebileng! Ke hobane’ng ha u ka ipeha kotsing eo?

Leha ho le joalo, kotsi e ’ngoe e batlang e poteletse le ho feta ke ea ho tšoaseha botsoalleng bo sa lokang le batho bao u sa ba tsebeng ba sa hlompheng melao-motheo ea Bibele.e Bafuputsi ba bolela hore hangata lintho tseo bacha ba buang ka tsona mecheng ea puisano ke tse likolohang litabeng tsa likamano tsa botona le botšehali. Ka hona keletso ea Bibele e ho 1 Bakorinthe 15:33 ke e loketseng: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” Litloaelano tse mpe le ba hokahantsoeng ke k’homphieutha li kotsi. Na mocha ea tšabang Molimo o lokela ho ipepesetsa likotsi tse joalo ka ho se tsotelle?

Litšireletso

Ka lebaka la likotsi tse hlahisoang ke Internet, e tlameha ho sebelisoa ka hloko. Ka mohlala, malapa a mang a beha k’homphieutha sebakeng se phetheselang, joaloka kamore ea ho phomola. A ka ’na a boela a beha molao oa hore Internet e sebelisoe feela ha ba bang ba le teng lapeng. Haeba batsoali ba hao ba beha lithibelo tse joalo, sebelisana ’moho le bona. (Liproverbia 1:8) Melao e hlakileng e tataisang ke bopaki ba lerato la bona.

Haeba mosebetsi oa hao oa sekolo o hloka hore u sebelise Internet, ke hobane’ng ha u sa boloke tlaleho ea nako eo u e qetang k’homphieutheng? Leka ho rera esale pele hore na u tla qeta nako e kae, ’me u behe oache e nang le alamo hore e u hopotse ha nako eo e felile. Tom o etsa tlhahiso: “Rera esale pele, tseba hantle seo u se batlang, ’me u batle sona feela—ho sa tsotellehe hore na lintho tse ling li ka ’na tsa bonahala li thahasellisa hakae.”

Temoho e boetse ea hlokahala ha ho tluoa tšebelisong ea E-mail. Bacha ba Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba tšoaseha ho baleng boitsebiso bo bongata ba E-mail, haholo-holo haeba bo bongata ba bona bo se na thuso kapa bo se na bopaki. Tšebeliso e feteletseng ea E-mail e ka ja nako ea bohlokoa e hlokahalang bakeng sa ho etsa mosebetsi oa sekolo le mesebetsi e meng ea moea.

Morena Solomone o ile a re: ‘Libuka tse ngata li etsoa li sa fele, ’me ho ithuta ka ho tlōlisa ho khathatsa ’mele.’ (Moeklesia 12:12) Mantsoe ana a ka boela a sebetsa tabeng ea Internet. U se ke ua kenella haholo ho fuputseng lintlha tse itseng le lipalo hoo u hlokomolohang thuto ea botho ea Bibele le ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. (Matheu 24:14; Johanne 17:3; Baefese 5:15, 16) Hape, hopola hore le hoja ho buisana ka k’homphieutha e ka ’na ea e-ba ho loketseng, ha ho nkele ho buisana le Bakreste-’moho le uena lifahleho li talimane sebaka. Kahoo, haeba ho hlile ho hlokahala hore u sebelise Internet, etsa qeto e tiileng ea ho e sebelisa ka bohlale. Qoba mecha ea boitsebiso e kotsi, ’me u se ke ua qeta nako e ngata haholo u e sebelisa. “Boloka pelo ea hao,” ’me le ka mohla u se ke ua ba lekhoba la Internet.—Liproverbia 4:23.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona letoto la lihlooho le reng “Internet—Na e U Loketse?” le hlahileng tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea July 22, 1997.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c Aterese ea Mocha oa boitsebiso ke letoto la litlhaku tse sebelisoang ho kena Mocheng oa boitsebiso. Ka linako tse ling liaterese li ba le mantsoe a hlalosang morero oa boitsebiso boo.

d Boitsebiso bo hlahang qalong bo tšoana le fensetere ea lebenkele ea elektronike e bontšang lintho tse rekisoang. Bo hlalosa seo mocha o itseng oa boitsebiso o se fupereng, motho ea faneng ka bona, joalo-joalo.

e Likotsi tse joalo li ka ba teng mecheng ea puisano e bulehetseng batho ka kakaretso e hlophisitsoeng ke Bakreste ka sepheo se setle sa ho buisana ka litaba tsa moea. Ka linako tse ling batho ba sa tšepahaleng le bakoenehi ba ile ba kenella lipuisanong tsena ’me ka bolotsana ba leka ho susumelletsa ba bang hore ba amohele likhopolo tsa bona tse sa lumellaneng le Mangolo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

“Mecha e meng ea boitsebiso ea nyarosa. E ka itšohlometsa e sa fane ka temoso”

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Malapa a mang a beha k’homphieutha ea lelapa sebakeng se bulehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela