Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
1 Batho ba Jehova ba thabela ho ba le botsoalle bo hahang har’a bona. Ba thabela ho phetelana liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo ’me ba ananela ho utloa ka liketsahalo tse amang Lipaki tsa Jehova le mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ho pota. Ba rata ho tseba ntho leha e le efe e hlaheletseng e ka ’nang ea etsahalla barab’abo bona, joaloka koluoa kapa tlokotsi ea tlhaho, ’me ba batla ho tseba haeba ho na le ntho leha e le efe eo ba ka e etsang ho thusa. Thahasello e joalo e bontša bonngoe ba bara ba motho, e paka hore re fela re ratana.—Joh. 13:34, 35.
2 Kajeno, re utloa liketsahalo tsa lefatše ka potlako. Phatlalatso ea seea-le-moea le ea thelevishene e tlalehela bamameli ka kotloloho makolopetso ’ohle a liketsahalo tse etsahalang lefatšeng ka bophara. Thelefono le eona e nolofalletsa batho hore ba buisane ka ho panya ha leihlo lefatšeng ho pota. Har’a mekhoa ea puisano e hapileng lefatše lohle kajeno o mong ke oa Internet.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea July 22, 1997.
3 Ho qaptjoa ha thelefono ho ile ha bula tsela e ncha ea hore batho ba buisane ka ho panya ha leihlo lefatšeng ka bophara. Le hoja thelefono e le molemo haholo, ho hlokahala temoho mabapi le tsela eo e sebelisoang ka eona, kaha e ka ba thulusi ea botsoalle kapa ea mesebetsi e sa lokelang, ’me tšebeliso ea eona e feteletseng e ka bitsa chelete e ngata. Thelevishene le seea-le-moea li ka fana ka thuto e itseng. Leha ho le joalo, ka masoabi mananeo a mangata ke a boitšoaro bo hlephileng, ’me ho lebisa tlhokomelo ho ’ona ke ho senya nako. Bohlale bo re bolella hore re lokela ho ba ba hloaeang ka hloko tšebelisong ea thelevishene le seea-le-moea.
4 Internet e nolofalletsa motho ho buisana le ba bang ba limilione lefatšeng ho pota ka tsela e sa bitseng chelete e ngata, ’me e fana ka monyetla oa ho fumana boitsebiso bo bongata haholo. (Tsoha!, January 8, 1998) Leha ho le joalo, tšebeliso e seng hlokolosi ea Internet e ka pepesetsa motho likotsi tse khōlō moeeng le boitšoarong. Joang?
5 Ba bangata ba amehile ka boitsebiso bo fumanehang habonolo bo bontšang mokhoa oa ho etsa libetsa, ho akarelletsa le libomo. Indasteri e tletleba ka nako eo basebetsi ba e senyang ba sebelisa Internet. Lingoliloeng tsa rōna li buile ho hongata ka likotsi tse totobetseng tsa moea tse hlahisoang ke Internet. Mecha ea eona e mengata ea boitsebiso e hlahisa boitsebiso ba pefo le litšoantšo tsa bootsoa e leng bo sa lokelang Bakreste ka ho feletseng. (Pes. 119:37) Ho phaella likotsing tsena, ho na le kotsi e ’ngoe e poteletseng le ho feta eo Lipaki tsa Jehova li lokelang ho itebela khahlanong le eona ka ho khetheha. Kotsi ee ke efe?
6 Na u ne u tla memela motho eo u sa mo tsebeng lapeng la hao pele u fumana hore na ke mang? Ho thoe’ng haeba ho ne ho se na tsela ea ho fumana hore na ke mang? Na u ne u tla lumella motho ea joalo eo u sa mo tsebeng hore a sale le bana ba hao? Ha ho pelaelo hore sena ke sona se ka ’nang sa etsahala ka Internet.
7 Melaetsa e tsamaeang ka mokhoa oa elektronike e ka romeloa le ho amoheloa ke batho bao u sa ba tsebeng. Ho joalo le ha u kenella puisanong e tsamaeang ka mokhoa oa elektronike e bulehetseng maikutlo a bohle kapa puisanong ea sehlopha. Ka linako tse ling ba kenellang puisanong eo ba ka ’na ba ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova, empa hangata hase tsona. E mong a ka ’na a ipolela hore ke mocha le hoja e se mocha. Kapa motho a ka ’na a bua leshano a re ke oa bong bo itseng.
8 Boitsebiso boo u bo romeloang bo ka ’na ba tla e le liphihlelo kapa litlhaloso tsa litumelo tsa rōna. Boitsebiso bona bo fetisetsoa ho ba bang, bao le bona ba bo fetisetsang ho ba bang. Hangata boitsebiso bona bo ke ke ba netefatsoa ’me e ka ’na eaba hase ba ’nete. E ka ’na eaba litlhaloso tseo ke mokhoa o poteletseng oa ho jala monahano oa bokoenehi.—2 Bathes. 2:1-3.
9 U hopotse ka kotsi ena, ha u sebelisa Internet, ipotse: ‘Ke e sebelisetsa eng? Na ho ka etsahala hore ebe tsela eo ke e sebelisang ka eona e ka ’ntša kotsi moeeng? Na ho ka etsahala hore ebe ke tlatsetsa ho ntšeng ba bang kotsi moeeng?’
10 Mecha ea Boitsebiso ea “Lipaki Tsa Jehova”: Ka mohlala, nahana ka mecha e meng ea Internet e qaliloeng ke batho ba ipolelang hore ke Lipaki tsa Jehova. Ba u memela hore u fapohele mecheng ea bona e le hore u bale liphihlelo tse fetisitsoeng ke ba bang ba ipolelang hore ke Lipaki. U khothalletsoa ho hlahisa maikutlo le seo u se nahanang ka lingoliloeng tsa Mokhatlo. Ba bang ba fana ka litlhahiso tsa linehelano tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo. Mecha ena e nang le menyetla ea puisano ea sehlopha eo ka eona batho ka bomong ba ka kenellang, e lumella puisano e tobileng le ba bang, joaloka puisano ea thelefono. E atisa ho u lebisa mecheng e meng eo ho eona u ka kopanang ka kotloloho le Lipaki tse ling tsa Jehova lefatšeng ho pota. Empa na u ka bolela ka kholiseho hore mecha ee hase e entsoeng ke bakoenehi?
11 Ho kopanngoa ke Internet ho ka ’na ha se ke ha lumellana le khothatso e fumanoang ho Baefese 5:15-17. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekela nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo. Ka lebaka lena khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo, empa le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.”
12 Phutheho ea Bokreste ke tokisetso ea puso ea Molimo eo ka eona re feptjoang moeeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo re fumana tataiso le tšireletso e re bolokang re arohile lefatšeng esita le ho re susumelletsa ho lula re tšoarehile mosebetsing oa Morena. (1 Bakor. 15:58) Mopesaleme o ile a bontša hore o ne a latsoa thabo le boikutlo ba tšireletseho ha a le har’a phutheho ea batho ba Molimo. (Pes. 27:4, 5; 55:14; 122:1) Phutheho e boetse e fana ka tšehetso le thuso ea moea ho ba kopanelang le eona. Ka hona, u ka fumana sehlopha sa metsoalle e lerato, e tsotellang le e nang le kameho—batho bao u ba tsebang ba ikemiselitseng le ba ithaopelang ho thusa ba bang le ho ba tšelisa linakong tsa tsieleho. (2 Bakor. 7:5-7) Litho tsa phutheho li sireletsoa ke tokisetso ea Mangolo ea ho khaola baetsalibe ba sa bakeng kapa ba khothalletsang monahano oa bokoenehi. (1 Bakor. 5:9-13; Tite 3:10, 11) Na re ka lebella ho fumana litokisetso tse lerato joaloka tsee ha re kopana le ba bang ka Internet?
13 Ho totobetse hore boemo ke bo fapaneng. Ho hlakile hore Mecha e meng ea boitsebiso ke e jalang leshano la bokoenehi. Mecha e joalo ea boitsebiso e ka ’na ea itlhalosa ka ho fapaneng, ’me ba tšehetsang mecha eo ba ka ’na ba fana ka makolopetso a mangata ho netefatsa hore efela e le Lipaki tsa Jehova. Ba ka ba ba u kōpa boitsebiso bo itseng e le hore ba netefatse hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova.
14 Jehova o batla hore u sebelise temoho. Hobane’ng? Hobane oa tseba hore e tla u sireletsa likotsing tse sa tšoaneng. Liproverbia 2:10-19 (NW) e qala ka ho re: “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.” E tla u sireletsa ho eng? Linthong tse kang ‘tsela e mpe,’ ba furallang litsela tsa ho loka le ho batho ba boitšoaro bo bobe le ba bolotsana tseleng ea bona ka kakaretso.
15 Ha re e-ea Holong ea ’Muso, ha ho pelaelo hore re na le barab’abo rōna. Rea ba tseba. Ha ho motho ea hlokang bopaki ba sena kaha lerato la bara ba motho le bontšoang lea ho totobatsa. Ha ho hlokahale hore re fane ka mangolo a bopaki e le hore re pake hore re hlile re ba bang ba Lipaki tsa Jehova. Ke hona moo re fumanang phapanyetsano ea sebele ea khothatso eo Pauluse a ileng a bua ka eona ho Baheberu 10:24, 25. Mecha ea boitsebiso e khothalletsang puisano e otlolohileng e ke ke ea tšepeloa ho fana ka sena. Ho hopola mantsoe a Pesaleme ea 26:4, 5 ho ka etsa hore re falimehele likotsi tse ka re hlahelang habonolo ha re sebelisa Mecha ea boitsebiso ea Internet.
16 Ha ho na meeli kapa lithibelo tabeng ea hore na ke boitsebiso ba mofuta ofe bo bolokoang le bo fumanoang ke ba sebelisang Internet. Hangata, bana le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba fetoha liphofu tsa tlōlo ea molao le tlatlapo habonolo tikolohong ena. Bana baa tšepa, ba bohelehele, ’me ba labalabela ho nyakurela lefatše la lik’homphieutha le batlang le sa le lecha. Ka hona, batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo le ho ba fa tataiso e utloahalang ea Mangolo tabeng ea ho sebelisa Internet, feela joalokaha ba ne ba tla ba tataisa khethong ea bona ea ’mino kapa libaesekopo.—1 Bakor. 15:33.
17 Ka masoabi, ba bang bao e kileng ea e-ba bara le barali babo rōna ba ile ba tlameha ho khaoloa ka lebaka la botsoalle bo qalileng ka ho kopana le batho ba lefatše lipuisanong tsa sehlopha tsa Internet ’me hamorao seo sa lebisa boitšoarong bo litšila. Ba tšohile ba bile ba sa lumele, baholo ba tlalehile hore ha e le hantle ba bang ba ile ba siea banna kapa basali ba bona ho ea ntšetsa pele kamano e qalileng ho Internet. (2 Tim. 3:6) Batho ba bang ba latotse ’nete ka lebaka la ho kholoa boitsebiso boo bakoenehi ba faneng ka bona. (1 Tim. 4:1, 2) Ha u nahana ka likotsi tsena tse tebileng, na ha ho bonahale e le ho utloahalang ho ba hlokolosi ka ho kenella lipuisanong tsa sehlopha tsa Internet? Ka sebele, ho sebelisa bohlale, tsebo, matla a ho nahana le temoho tseo ho builoeng ka tsona ho Liproverbia 2:10-19 (NW) ho lokela ho re sireletsa ho sena.
18 Kamoo ho bonahalang kateng, ho na le batho ba ’maloa bao ho bonahalang hore ba butse Mecha ea boitsebiso bakeng sa boboleli ba litaba tse molemo. E mengata ea mecha ena e tšehetsoa ke barab’abo rōna ba seng masene. Mohlomong Mecha e meng e tšehetsoa ke bakoenehi ba lakatsang ho hohela ba seng hlokolosi. (2 Joh. 9-11) Ha e bua ka hore na hoa hlokahala hore barab’abo rōna ba be le Mecha e joalo ea boitsebiso, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1997, leqepheng la 3, e ile ea re: “Ha ho hlokahale hore motho leha e le mang a hlophise boitsebiso bo tla sebelisoa ho Internet bo buang ka Lipaki tsa Jehova, mosebetsi oa rōna kapa litumelo tsa rōna. Sebaka seo re se abetsoeng ka molao ho Internet [www.watchtower.org] ke sona se nehelanang ka boitsebiso bo nepahetseng ho mang kapa mang ea bo batlang.”
19 Ho Thoe’ng ka Lithuso Tsa ho Ithuta ho Internet? Ba bang ba ile ba nahana hore ba fana ka tšebeletso e itseng ho barab’abo rōna ka ho kenya boitsebiso bo fupulitsoeng mabapi le mesebetsi e itseng e sa tšoaneng ea puso ea Molimo. Ka mohlala, motho a ka ’na a etsa patlisiso ka puo e itseng ea phatlalatsa ’me a e kenya moo, a nahana hore boitsebiso bo joalo bo tla tsoela ba bang ba lokelang ho lokisetsa puo eo molemo. Ba bang ba ka ’na ba kenya mangolo ’ohle a Thuto e tlang ea Molula-Qhooa kapa ba fana ka mohloli oa boitsebiso bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa Thuto ea Buka ea Phutheho. Ba bang ba ka ’na ba fana ka litlhahiso tsa linehelano tsa tšebeletso ea tšimo. Na lintho tseo li hlile lia thusa?
20 Lingoliloeng tse fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li susumetsa likelello tsa rōna ka likhopolo tse hahang ’me li re koetlisetsa “ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Na re ka bolela hore see sea finyelloa ha ba bang ba re etsetsa patlisiso?
21 Baberea ba ile ba hlalosoa e le ‘ba neng ba e-na le likelello tse bulehileng haholoanyane ho feta ba Thesalonika.’ Hobane’ng? Hobane “ba ile ba amohela lentsoe ka taba-tabelo e khōlō ka ho fetisisa ea kelello, ka hloko ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li ne li le joalo.” (Lik. 17:11) Le hoja Pauluse le Silase ba ne ba ba finyeletse ka boboleli, ba ne ba ke ke ba fetola ’nete hore e be ea bona ntle le hore ba kenelle ka bobona.
22 Ho sebelisa patlisiso e entsoeng ke motho e mong bakeng sa puo kapa ho lokisetsa seboka se seng ho khahlanong le sepheo sohle sa thuto ea botho. Na takatso ea hao hase ho haha tumelo ea hao Lentsoeng la Molimo? Motheong oa tumelo ea hao, joale u ka etsa polelo ea phatlalatsa ea tumelo ea hao—lipuong, litlhalosong tsa hao libokeng le tšebeletsong ea tšimo. (Baroma 10:10) Ho sebelisa patlisiso e entsoeng ke motho e mong ha ho lumellane le tlhaloso e fanoeng ho Liproverbia 2:4, 5 ea hore motho ka mong a ‘batle tsebo ea Molimo le ho e rafa joaloka matlotlo a patiloeng mobung.’
23 Ka mohlala, ha u sheba litemana ka Bibeleng ea hao, u ka ’na ua hlahloba hakhutšoanyane taba e potolohileng lengolo ka leng. U ka ‘sala morao lintho tsohle ka ho nepahala,’ joalokaha Luka a ile a etsa ha a ne a ngola Kosepele ea hae. (Luka 1:3) Ho etsa boiteko bo eketsehileng ho boetse ho tla u thusa hore u tsebe ho phetla mangolo ha u le tšebeletsong le ha u nehelana ka lipuo. Ba bangata ba boletse hore ba khahloa ke Lipaki tsa Jehova hobane li tseba ho sebelisa Libibele tsa tsona. Tsela feela eo ka eona ho ka bang joalo ho rōna ke haeba re itloaetsa ho phetla mangolo ka Libibeleng tsa rōna.
24 Ho Sebelisa Nako ea Rōna ka Bohlale: Ntho e ’ngoe e batlang ho nahaneloa tabeng ena ke nako eo re e qetang re hlophisa boitsebiso bo kenngoang ho Internet, re bo bala le ho bo araba. Pesaleme ea 90:12 e re khothalletsa ho rapela: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona!” Pauluse o ile a re: “Nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29) O ile a tsoela pele: “Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.”—Bagal. 6:10.
25 Keletso e joalo e totobatsa hore ho hlokahala hore re sebelise kahlolo e molemo tšebelisong ea rōna ea nako. Ho molemo hakaakang ho qeta nako re bala Lentsoe la Molimo! (Pes. 1:1, 2) Boo ke botsoalle bo molemo ka ho fetisisa boo re ka bang le bona. (2 Tim. 3:16, 17) Batsoali, na le ruta bana ba lōna bohlokoa ba ho sebelisa nako ea bona ka bohlale bakeng sa lithahasello tsa ’Muso? (Moek. 12:1) Nako e qetoang thutong ea botho le thutong ea Bibele ea lelapa, ho kopaneleng libokeng le tšebeletsong ea tšimo ke ea bohlokoa haholo ho feta e qetoang ho forohloa Internet, ka tebello ea ho fumana melemo e itseng.
26 Tabeng ena, ke bohlale ho lebisa tlhokomelo ea rōna litabeng tsa moea le linthong tsa bohlokoa le tse hlokahalang bophelong ba rōna re le Bakreste. Sena se hloka hore ho etsoe khetho e nahanisisitsoeng hantle mabapi le boitsebiso boo re lokelang ho bo fa nako ea rōna le ho nahana ka bona. Joaloka Bakreste, Kreste o ile a akaretsa seo e leng sa bohlokoa bophelong ba rōna, ha a ne a re: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:33) Na ha u thabe ka ho fetisisa ha bophelo ba hao bo tletse ka lithahasello tsa ’Muso ho fapana le mosebetsi leha e le ofe o mong?
27 Ho Romela Melaetsa ka Internet: Le hoja ho arolelana liphihlelo le likhopolo le ba lelapa le metsoalle ba phelang libakeng tse qalikaneng ho loketse, na ka sebele ke ho bontša lerato ho fetisetsa lintho tse joalo ho ba bang bao e ka ’nang eaba ha ba tsebe lelapa leno kapa metsoalle ea hao? Kapa na lintho tse joalo li lokela ho kenngoa Mocheng oa boitsebiso e le hore mang le mang a ipalle tsona? Na melaetsa ee ea botho e ka kopitsoa le ho romeloa habobebe tjee feela ho batho bao e ka ’nang eaba ua ba tseba kapa ha u ba tsebe? Ka mokhoa o tšoanang, haeba u fumana melaetsa e tsoang ho ba bang eo ho hlakileng hore e ne e sa romelloa uena, na ke ho bontša lerato ho e fetisetsa ho ba bang hape?
28 Ho thoe’ng haeba phihlelo eo u e fetisang ha ea nepahala? Na seo e ne e sa tl’o ba ho kopanela ho jaleng leshano? (Liprov. 12:19; 21:28; 30:8; Bakol. 3:9) Ka sebele, ho lula re “lebetse ka tieo hore kamoo [re] tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale” ho lokela ho re susumelletsa ho nahana ka sena. (Baef. 5:15) Ke ho re thabisang hakaakang hore ebe Buka ea Selemo, Molula-Qhooa le Tsoha! li tletse liphihlelo tse nang le bopaki ba hore ke tsa ’nete tse re khothatsang le ho re susumelletsa ho lula re tsamaea ‘tseleng’!—Esa. 30:20, 21.
29 Ho boetse ho na le kotsi e ’ngoe. Moapostola Pauluse o ile a re ka ba bang: “Ba boetse ba ithuta ho se tšoarehe ka letho, ba chalakela matlong; e, eseng feela ho se tšoarehe ka letho, empa hape e ba basebi le ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang, ba bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona.” (1 Tim. 5:13) Sena se hanana le ho senya nako le ho etsa boiteko ba ho fetisetsa boitsebiso bo se nang thuso ho barab’abo rōna.
30 Hape nahana ka nako e hlokahalang bakeng sa hore motho a tsamaisane le boitsebiso bo bongata ba morao-rao bo romeloang ka mokhoa oa elektronike. Ho thahasellisang ke hore buka e reng Data Smog e ile ea re: “Ha motho a ntse a tsoela pele ho qeta nako e eketsehileng k’homphieutheng, ka potlako ho romela melaetsa ea elektronike ha e sa ba mosebetsi oa boikhathollo empa e se e e-ba moroalo o senyang nako, o nang le melaetsa e mengata-ngata e lokelang ho baloa le ho arajoa e tsoang ho basebetsi-’moho, metsoalle, ba lelapa, . . . le barekisi ba sa batleheng ba susutlellang lintho.” Ho feta moo, e re: “Batho ba bangata ba lemaletseng boitsebiso ba elektronike ba itloaelitse mokhoa o mobe haholo oa ho fetisetsa boitsebiso bo bong le bo bong ba bosoasoi boo ba bo fumanang ho ba bang—metlae, litšōmo, mangolo a neheletsano a elektronike le bo bong—ho motho e mong le e mong ea lethathamong la bona la liaterese la elektronike.”
31 Hona ho totobalitsoe ke melaetsa ea elektronike e neheletsanoang har’a barab’abo rōna ba bangata—e kang ea metlae kapa lipale tse tšehisang tsa tšebeletso ea rōna; lithothokiso tseo mohlomong li thehiloeng litumelong tsa rōna; lipapiso tse nkiloeng lipuong tse sa tšoaneng tse utluoeng likopanong tse nyenyane le tse khōlō, kapa Holong ea ’Muso; liphihlelo tse fumanoang tšebeletsong ea tšimo; le tse ling tse joalo—lintho tse bonahalang li se na molato. Ba bangata ba atisa ho romela melaetsa e joalo ea elektronike ba sa hlahloba hore na e tsoa hokae, e leng ho etsang hore ho be thata ho tseba hore na ha e le hantle e qalile ho mang, e leng hona ho lokelang ho etsa hore motho a ipotse hore na boitsebiso boo efela e le ba ’nete na.—Liprov. 22:20, 21.
32 Melaetsa e joalo eo hangata e leng e se nang thuso hase ea mofuta oa mantsoe a phelisang hantle ao Pauluse a neng a a hopotse ha a ne a ngolla Timothea, a re: “U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato tse mabapi le Kreste Jesu.” (2 Tim. 1:13) “Puo e hloekileng” ea ’nete ea Mangolo ke “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle” o thehiloeng haholo-holo sehloohong sa Bibele sa ho tlosa qoso bobusing ba Jehova ka puso ea ’Muso. (Sof. 3:9, NW) Re lokela ho etsa boiteko bohle ba ho nehelana ka nako le matla tsohle tsa rōna ho tšehetsa ho tlosoa hona ha qoso bobusing ba Jehova.
33 Kaha re se re le hare-hare nakong ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, ena hase nako ea ho lula re sa falimeha. Bibele ea re lemosa: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) E tsoela pele ho re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.”—Baef. 6:11.
34 Haeba e sebelisoa hampe, Internet e ka ba kofuto eo Satane a e sebelisang ho nanarela ba khelositsoeng ke matla a eona. Le hoja e ka ’na ea e-ba le molemo o lekanyelitsoeng, e kotsi haeba e sa eloe hloko. Batsoali ka ho khetheha ba lokela ho ameha ha bana ba bona ba sebelisa Internet.
35 Ho ba le pono e leka-lekaneng ka Internet ke tšireletso. Re ananela khopotso e nakong ea Pauluse: “Ba sebelisang lefatše [a ba be] joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Bakor. 7:29-31) Ho hopola lintho tsena ho tla re thusa hore rōna le ba malapa a rōna re se ke ra khelosoa ke sohle seo lefatše le fanang ka sona, ho akarelletsa le se fumanehang ho Internet.
36 Ke habohlokoa hore re lule re le haufi le barab’abo rōna ka phuthehong ’me re sebelise nako e setseng ka bohlale, kahoo re iketse ba fumanehang bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Ha tsamaiso ena e atamela bofelo ba eona, a re ‘se hloleng re tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona,’ empa a re ‘tsoeleng pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.’—Baef. 4:17; 5:17.