EURO 2012—Ketsahalo ea Bohlokoa Historing
NA U rata ho shebella papali e monate ea bolo ea maoto—kapa mohlomong u rata ho e bapala? Haeba ho joalo, mohlomong u se u tseba ka lipapali tsa UEFA (Union of European Football Associations) EURO 2012, tse tla qala Warsaw, Poland, ka la 8 June, ’me papali ea ho qetela e bapalloe Kiev, Ukraine ka la 1 July. EURO 2012 ke eng, hona ho entsoe litokisetso life bakeng sa eona? Ke eng se etsang hore ebe ea bohlokoa?
“Ho Etsa Histori Hammoho”
Litlhōlisano tsa Europe tsa bolo ea maoto li ’nile tsa tšoaroa lilemo tse ling le tse ling tse ’nè ho tloha ka 1960. Linaha tse fapaneng tseo lipapali tsena li kileng tsa tšoareloa ho tsona li akarelletsa Austria, Belgium, Engelane, Fora, Italy, Jeremane, Netherlands, Portugal, Spain, Sweden, Switzerland le Yugoslavia.
Selemong sena, papali ea makhaola-khang e tla tšoaroa ke linaha tse peli e leng Poland le Ukraine. Naheng ea Poland, lipapali li tla bapalloa litoropong tsa Gdańsk, Poznan, Warsaw le Wroclaw. Naheng ea Ukraine, li tla bapalloa Donetsk, Kharkiv, Kiev le L’viv.
Ho ea ka UEFA, lena “e tla be e le lekhetlo la boraro lipapali tsa makhaola-khang li tšoaroa ke linaha tse peli (ka mor’a Belgium le Netherlands ka 2000 [le] Austria le Switzerland ka 2008).” Leha ho le joalo, lipapali tsa EURO 2012 ke tsa bohlokoa historing. Ka tsela efe? Papali ea makhaola-khang ea selemong sena ha se ketsahalo ea bohlokoa feela ea tšebelisano pakeng tsa linaha tse peli le bahlophisi ba lipapali, empa e boetse ke ea pele ea ho tšoareloa Europe Bohareng le Europe Bochabela. Kahoo, lepetjo le khethiloeng bakeng sa ketsahalo ea selemo sena ke le reng “Ho Etsa Histori Hammoho.”
Litokisetso
Ke ’nete hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ha ho lokisetsoa lipapali leha e le life, ke ho ba le libaka tse tšoanelehang. Ka lebaka leo, litoropo tseo lipapali li tlil’o tšoareloa ho tsona e leng tsa Poznan le Kharkiv li nchafalitse mabala a tsona a lipapali, ha litoropo tse ling tse tšeletseng tsona li hahile mabala a macha a lipapali. Libaka tsena li ka nka bashebelli ba ka bang 358 000.
Kaha ho lebeletsoe bashebelli ba bangata, litoropo tseo lipapali li tl’o tšoareloa ho tsona li entse boiteko bo matla e le ho tiisa hore bashebelli baa bolokeha. Basebetsi ba likete ba tsa tšireletso ba se ba koetliselitsoe ketsahalo ena. Ho ea ka tlaleho ea Science & Scholarship in Poland, boikoetliso ba bona bo ne bo akarelletsa “ho ikoetlisetsa maano a tšireletso lipapaling tse ling tse 140 a kenyelletsang . . . ho laola letšoele, ho etsa hore batho ba lule ba bolokehile le ho sebelisana-’moho le lihlopha tsa tšireletso tsa linaheng tse ling.”
Ke hobane’ng ha mehato ee e hlokahala? Lebaka le leng ke hore ba boholong ba hlokometse hore ha ho e-na le lipapali tse khōlō likhukhuni li nka monyetla oa ho hlasela batho. Ba boetse baa tseba hore hangata, bashebelli ba morusu ba ka ntšana kotsi, joalokaha ho bonahetse liketsahalong tse mabifi tsa nakong e fetileng.
Ho Etsa Lintho ka Teka-tekano
Ka masoabi, bashebelli ba bangata ba chesehela lipapali ho feta tekano. Motšehetsi e mong oa bolo o itse: “Bophelo ba ka bo ba bosula ebile ha ke khotsofale haeba sehlopha sa ka se hlōloa. Ke lumela hore haeba ho ne ho ka etsahala hore ho be le ntoa ea nyutlelie, ke ne ke tla khathatseha haholo ka hore na lipapali tsa mafelo-beke li tla ameha joang.”
Leha ho le joalo, hlokomela pono e leka-lekaneng ka boithabiso eo buka ea boholo-holo e nang le keletso e bohlale, e leng Bibele e e bontšang. E bontša hore bophelong batho ba lokela ho ba le nako ea ho ithabisa ha e re, ho na le “nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:1-4) Bibele e boetse e khothalletsa batho hore ba etse lintho ka tsela e leka-lekaneng. (1 Timothea 3:2, 11) Kahoo, ha re etsa qeto ea hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong, re tla be re le bohlale ha re latela keletso ea Bibele ea hore “re elelloe phapang pakeng tsa lintho tsa bohlokoa le tseo e seng tsa bohlokoa” le hore “re khethe tseo e leng tsa bohlokoa.”—Bafilipi 1:10, Easy-to-Read Version.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
HO TSUBA HA HOA LUMELLOA LIPAPALING TSA EURO 2012
Ka la 20 October 2011, mokhatlo oa UEFA o ile oa tsebisa hore “o tla thibela ka ho feletseng ho tsuba, ho rekisa kapa ho bapatsa koae mabaleng ’ohle ao lipapali tsa UEFA EURO 2012 li tla bapalloa ho ’ona.” Ke hobane’ng ha ho entsoe thibelo eo? Mopresidente oa UEFA e leng Michel Platini o hlalositse tjena: “Lebaka le etsang hore ho thibeloe batho ho tsuba lipapaling tsa EURO 2012 ke ho hlompha bophelo ba bashebelli le ba motho e mong le e mong ea nkang karolo litlhōlisanong.” E mong oa batšehetsi ba thibelo ena ke Mokomishinara oa Europe e leng Androulla Vassiliou, ea entseng kōpo ea hore ho thibeloe ho tsuba le libakeng tse ling tse akarelletsang lireschorente le lipalangoeng tsa sechaba. Vassiliou o re: “Papali ea bolo le lipapali tse ling li hloka hore motho a phele hantle ’meleng e le hore a ipabole, empa ho tsuba ho etsa se fapaneng, kahoo lintho tsena tse peli ha li kopane.”
[’Mapa o leqepheng la 24]
(For fully formatted text, see publication)
POLAND
WARSAW
Gdańsk
Poznan
Wroclaw
UKRAINE
KIEV
L’viv
Kharkiv
Donetsk
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Papali ea makhaola-khang ea EURO 2008 e neng e le pakeng tsa Jeremane le Spain, e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali la Ernst Happel le Vienna, Austria
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lebala la lipapali tsa liolimpiki le Kiev, Ukraine
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pages 24 and 25, both photos: Getty Images