Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 6/8 leq. 14
  • Empa na ke Ntho ea Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Empa na ke Ntho ea Sebele?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho tse Entsoeng Hore li Tšoane le tsa Sebele tse Sokelang Bophelo
  • Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane le Licheke na ke Tsa Sebele Kapa ke Tsa Bolotsana?
    Tsoha!—1996
  • Bareki Hlokomelang!—Lintho Tsa Maiketsetso li ka Baka Tahlehelo ea Bophelo
    Tsoha!—1996
  • Ho Etsa Lintho Tsa Maiketsetso—Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Sebelisa Meriana ka Bohlale
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 6/8 leq. 14

Empa na ke Ntho ea Sebele?

SEO motho e mong a ka se etsang, e mong a ka etsa se tšoanang le sona hantle. Mohlomong seo u se bonang se ka tšoana hantle le seo u se batlang, empa na ke ntho ea sebele? Ka linako tse ling ho ile ha sebelisoa mehato e matla ho thibela lintho tsa maiketsetso tse batlileng li tšoana hantle le tsa sebele. Mong’a sebaka seo baeti ba phomolang ho sona Jeremane lekholong la bo14 la lilemo o ile a fanyehoa ka baka la ho rekisa veine ea boleng bo tlaase e tšoanang hantle le ea sebele ea Rüdesheimer. Brithani, nakong ea lilemo tse 140 pele ho 1832, batho ba kaholimo ho 300 ba ile ba fanyehoa ka baka la ho etsa lintho tsa maiketsetso. Ka 1597 litsebe tsa batho ba babeli ba etsang lintho tsa gauda li ile tsa khokhotheloa motšoasong oa molala le matsoho bakeng sa hore ka bolotsana ba fe poleiti ea gauda ea boleng bo tlaase letšoao le bontšang hore e entsoe ka gauda ea sebele.

Mark Jones ea neng a sebetsa lipontšong tsa Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani Fake? The Art of Deception o re: “Cheseho e fetelletseng e tlisitse paradeise ea barekisi ba sa tšepahaleng.” Esita le batho ba nang le tsebo e bile bahlaseluoa. “Mesaletsa” ea Piltdown e ile ea thetsa bo-rasaense ka lilemo-lemo. “Libuka tsa liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi” tsa Hitler li fana ka bopaki bo hlakileng ba matla a lintho tseo e seng tsa sebele empa li entsoe hore li shebahale eka ke tsa sebele ho thetsa esita le ba lokelang ho tseba hamolemo.

Mark Jones o re: “Karolo e khōlō e eketsehang bakeng sa ho etsa lintho tse tšoanang hantle le tsa sebele ke . . . bolotsana bo boholo ba ho fetola mabitso a lintho.” Ka mohlala, ho ile ha lekanyetsoa hore li-computer tsa Apple tse 10 000 ho isa ho tse 15 000 tsa maiketsetso li ile tsa rekisoa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe United States ka 1987. Ho sa tsoa senoloa bolotsana ba liranta tse limillione tse 90,75 tsa thepa ea galase Waterford. Brithani The Sunday Times e ile ea re: “Fektheri e leng motsaneng o hōle oa Fora e entse lintho tsa galase tse tsebahalang lefatšeng tse entsoeng hore li tšoane hantle le tsa sebele.”

Moloko oa kajeno o laba-labela thepa e mabotho-botho. Vincent Carratu, setsebi sa ho thibela lintho tsa maiketsetso linthong tsa khoebo o re: “Kajeno, baetsi ba lintho tse tšoanang hantle le tsa sebele ba tla etsa litebela-lephoka tse tšoanang hantle le tsa Chanel, hosane ba tla etsa lihempe tsa lipapali tse tšoanang hantle le tsa Fila, ’me hamorao ba tla romela li-racket tsa tenese tse tšoanang le tsa Dunlop.” Baetsi ba lintho tse tšoanang hantle le tsa sebele ba etsa ntho efe kapa efe eo bareki ba e batlang. Empa Mokhatlo oa Brithani oa Thibelo ea Lintho tsa Maiketsetso oa hlokomelisa: “hangata . . . oache ea moetso oa ‘boleng bo tlaase’ e rekisoang liranta tse [245] ha e le hantle theko ea eona ke liranta tse [24,50] feela.”

Lintho tse Entsoeng Hore li Tšoane le tsa Sebele tse Sokelang Bophelo

Anti-Counterfeiting News e boetse e bontša bothata bo bong, kotsi ea thepa ea boleng bo tlaase: “Lihlahisoa tse kotsi le tsa boleng bo tlaase li hlahisa tšokelo ea sebele polokehong ea bareki.” Tšokelo ee e tebile hakae? Trademark World e fana ka mehlala ena: “Ho phatloha ha lifofane tse 14 le bonyane mafu a mabeli li bile teng ka baka la likaroloana tsa sefofane tsa bolotsana tse batlileng li tšoana le tsa sebele.” Mokhatlo oa Sechaba oa Bareki Brithani o pepesitse kamoo li-plug tsa motlakase tse likete-kete tsa boleng bo tlaase le li-cylinder tsa mariki a likoloi tsa bolotsana tse nang le li-seal tsa raba tsa boleng bo tlaase li fihlileng ’marakeng ka teng. Mokhatlo ona o itse: “Lintho tsena kaofela li ka ntša moreki kotsi.”

Batho ba sa tsotelleng ka ho khethehileng ke baetsi ba lithethefatsi tsa bolotsana. Sehlopha sa Brithani sa Thibelo ea Lintho tsa Maiketsetso se re: “Ho fihlela ho seo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea lithethefatsi tsohle tse rekisoang likarolong tsa Afrika ke tsa maiketsetso.” Ka mohlala, moriana oa mahlo o ileng oa fumanoa Nigeria o ne o se na motsoako o etsang hore e be moriana o sebetsang ’me o ne o entsoe ka metsi a silafetseng. Moriana oo o ka be o bakile bofofu. Ka 1987 Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o ile oa re: “Haeba batho ba tla itšetleha ka ‘lipilisi tse loantšang likoana-hloko’ tse se nang lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko, ho tla ba le mafu ’me kahoo ho etsa lintho tsa maiketsetso ke polao e sehlōhō.”

Mohlomong le chelete ea pampiri eo u e tšoereng ke ea maiketsetso. Haufinyane, selemong se le seng feela, chelete ea maiketsetso ea lipampiri ea boleng ba liranta tse limillione tse 539 e ile ea senngoa lefatšeng ka bophara. Chelete e iketselitsoeng ea pampiri ea lidolara 100 Ireland e ne e le ea boleng bo phahameng hoo The Irish Times e itseng: “[Lidolara] tse 155 [li ile] tsa fetela libankeng tsohle tse khōlō.”

U ka etsa eng ho itšireletsa linthong tsee tsa maiketsetso tsa bolotsana? Setsebi se seng litabeng tsa ho reka se bolela hore “tšireletseho e molemo ka ho fetisisa khahlanong le bolotsana bona ke ho ba moreki ea nang le tsebo.” Sea phaella: “Haeba sena se hlile se utloahala e le ’nete, mohlomong ke ’nete.”

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

“Mesaletsa” ea setšoantšo sa motho oa Piltdown se ile sa thetsa bo-rasaense ka lilemo-lemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela