Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 leq. 8
  • U Tla Re’ng ho Mohindu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Re’ng ho Mohindu?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohindu—Ho Batla Tokoloho
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Kamoo U ka Arabelang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Pakela Batho ba Lipuo Tsohle le Malumeli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Na U Sebelisa Libukana Tsee?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 leq. 8

U Tla Re’ng ho Mohindu?

1 Joalokaha u tseba, ho na le Mahindu a mangata a phelang linaheng tse sa tšoaneng, ho akarelletsa le naheng ena. Hona ho bolela hore qetellong, u ka ’na ua kopana le Mohindu tšebeletsong ea hao. Ha u kopana le eena, u tla sebetsana le boemo boo joang?

2 Hopola Lintlha Tsena: Baromuoa ba atlehileng ho pakela Mahindu ba re ha ho hlokahale ho ithuta Bohindu ka ho teba hore u tle u fane ka bopaki bo atlehang. Hangata nehelano e bonolo, e bohlale e hlahisa karabelo e ntle. Kōpa ho bua le hlooho ea lelapa pele. Haeba a arabela hantle, ho tla ba bonolo ho pakela litho tse ling tsa lelapa. Kaha Mahindu a mangata a nka Bibele e le buka ea Bophirimela, u ka tlosa leeme ka ho hlalosa hore ha e khothalletse bokolone kapa hore morabe o mong o phahametse o mong.

3 Sebelisa Lithulusi Tse Nepahetseng: Libukana tse peli li ’nile tsa lokisetsoa ka ho khetheha ho hopotsoe ka Mahindu. Why Should We Worship God in Love and Truth? e hatisitsoe ka Segujarati le Sepunjabi. Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? e hatisitsoe ka lipuo tse eketsehileng tse 11 tsa India. Ka bobeli li teng ka Senyesemane. Bukana ea “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” le ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? le tsona li ipakile li atleha ha ho pakeloa ba nang le setso sa Mahindu. Bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo li ka sebelisoa ka katleho ho khanna lithuto tsa Bibele le Mahindu hammoho le batho ba limelo tse ling tsa bolumeli.

4 Batla Lintho Tseo le Tšoanang ka Tsona: Ha ho thata ho fumana lintho tseo le tšoanang ka tsona le Mahindu. A lumela hore re phela nako eo bokhopo bo leng tlhōrōng ea bona le hore Molimo o tla tlosa mathata ’ohle a lefatše ka koluoa e khōlō e tlang ho lateloa ke mehla ea ’nete. U ka bona kamoo litumelo tsena li ka amahanngoang habonolo kateng le lithuto tsa Bibele mabapi le matsatsi a qetello, matšoenyeho a maholo le lefatše le lecha le tlang. Kaha boholo ba Mahindu bo talima bophelo e le letoto la mathata ao ho ’ona ho se nang tharollo, a thahasella lihlooho tse buang ka bophelo ba lelapa, tlōlo ea molao le tšireletseho, le hore na ho etsahala’ng lefung. Linehelano tse peli ke tsena tsa mohlala tse ka ’nang tsa sebelisoa esita leha ho buuoa le batho ba malumeli a mang le limelo tse ling.

5 Ena e ka ’na ea ipiletsa ho monna oa lelapa:

◼ “Kajeno ke etela batho ba amehileng ka boemo ba bophelo ba lelapa linaheng tse ngata. U nahana hore ke eng e tla thusa ho boloka lelapa le le hammoho? [Emela karabelo.] Batho ba bang ba tseba seo mangolo a Sehindu a se buang ka lelapa, empa ha ho mohla ba kileng ba e-ba le monyetla oa ho se bapisa le seo Bibele e se buang tabeng ena. Ke rata ho u arolela mohopolo ona o ho Bakolose 3:12-14.” Ka mor’a ho bala lengolo leo, bontša mong’a ntlo khaolo ea 15 ea buka ea Tsebo ebe u re: “Ke ne nka thabela ho qeta nako e nyenyane le uena re bala khaolo ena.”

6 Mocha a ka ’na a arabela ho ena:

◼ “Ha ho pelaelo hore u lumela ho Molimo. U nahana hore morero oa Molimo ke ofe ka rōna?” Emela karabelo. Ebe u bala Genese 1:28, ’me u re: “Libakeng tse ngata, lefatše le na le baahi ba bangata ho tlōla ’me le hlasetsoe ke mathata. Na u nahana hore ’Mōpi a ka rata ho re thusa ho rarolla mathata a rōna?” Ka mor’a ho utloa karabelo, hlahisa sengoliloeng se loketseng.

7 Linehelano tse ka holimo li ka etsoa hore li lokele tšimo eo ho eona ho nang le batho ba litso tse ling. Hopola, pakane ea rōna ke ho qala lithuto tsa Bibele re sebelisa buka ea Tsebo.

8 Thabela Litholoana Tse Ntle: Mohlankana e mong oa Mohindu ea lilemo li 22 o ile a atamela morali e mong oabo rōna ea neng a ntse a paka ’marakeng ’me a kōpa thuto ea Bibele. O ile a mo hlalosetsa hore lilemong tse robeli tse fetileng o ile a utloa puisano ea Bibele e neng e le pakeng tsa ’mè oa hae le morali enoa oabo rōna. Le hoja a ile a khahloa ke likarabo tse sebetsang tsa Bibele mathateng a moloko oa batho, ’mè oa hae o ne a sa thahaselle ’me eena o ne a ikutloa a sa le monyenyane haholo ho phehella ’nete a le mong. Hona joale kaha o hōlile, o batla ho ithuta ka ho eketsehileng. Mohlankana eo ha aa ka a senya nako. Ka matsatsi a 23 feela, o ile a qeta thuto ea hae ea buka ea Tsebo, ’me likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore a kopane le morali’abo rōna ’marakeng, o ile a kōpa ho kolobetsoa!

9 Thato ea Molimo ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Hoo ho akarelletsa banna le basali ba ipolelang hore ke ba bolumeli boo e seng ba Bokreste, bo kang ba Bohindu. Haeba ho e-na le Mahindu tšimong ea lōna, ke hobane’ng ha u sa a etele kapele ’me u sebelise tse ling tsa litlhahiso tse hlahisitsoeng sehloohong see?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela