Boboleli Boa re Khetholla
1 Batho ba bangata baa botsa, “Ke’ng se etsang hore Lipaki tsa Jehova e be tse fapaneng le malumeli a mang?” U ne u tla araba joang? U ka ’na ua hlalosa tse ling tsa litumelo tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Empa na u kile ua boela ua nahana ka ho bontša kamoo tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e re khethollang kateng ho malumeli a mang?—Mat. 24:14; 28:19, 20.
2 Kajeno, ke batho ba seng bakae feela ba bolumeli ba ikutloang ba susumelletseha ho arolelana le ba bang litumelo tsa bona. Ba ka ’na ba nahana hore ho mamela melao ea Sesare, ho phela bophelo ba boitšoaro bo botle, kapa ho etsetsa ba bang liketso tse mosa ho lekane. Leha ho le joalo, ha ba ikutloe ba tlameha ho thusa ba bang ho ithuta seo Bibele e se bolelang mabapi le ho bolokeha. Rōna re fapane joang?
3 Tšebeletso ea rōna e chesehang e fapane ka ho totobetseng le mesebetsi ea malumeli a mang. Ka lilemo tse fetang 100, Lipaki tsa kajeno li ’nile tsa bolela litaba tse molemo ka mafolofolo ho isa lipheletsong tsa lefatše, li etsisa Bakreste ba pele. Sepheo sa rōna ha re etsa sena ke ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ho etsa hore bophelo ba bona bo be tumellanong le thato ea Molimo.—1 Tim. 2:4; 2 Pet. 3:9.
4 U na le Botumo bo Joang? Na u tsejoa u le ’moleli ea chesehang oa Lentsoe la Molimo? (Lik. 17:2, 3; 18:25) Na ka lebaka la mosebetsi oa hao oa boboleli, baahisani ba hao ba bona phapang ka ho hlaka pakeng tsa bolumeli ba bona le ba hao? Na u tsejoa u le motho ea labalabelang ho arolelana le ba bang tšepo ea hao? Na u na le kemiso ea kamehla ea ho kopanela tšebeletsong? Hopola hore ha re ikhethe feela ka lebitso la rōna empa le ka ho etsa seo lebitso leo le se hlalosang—ho paka ka Jehova.—Esa. 43:10.
5 Lerato ho Molimo le ho moahisani le re susumelletsa ho kopanela mosebetsing oa boboleli. (Mat. 22:37-39) Ke ka lebaka leo, joaloka Jesu le baapostola ba hae, re batlang ho sebelisa monyetla o mong le o mong hamolemo bakeng sa ho arolela ba bang molaetsa oa ’Muso. E se eka re ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho ho ba ratang ho mamela. Ho etsa joalo ho tla thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho ‘bona kamoo ho fapaneng . . . ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng’ kateng.—Mal. 3:18.