Ke Mang ea ka ’Nang a Amohela Thuto ea Bibele?
1 Moprofeta Amose o ile a phatlalatsa hore ho ne ho tla ba le tlala naheng ea Iseraele, “e seng [ea] ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa e leng ho lapela mantsoe a Jehova.” (Amose 8:11) Molemong oa ba lapileng le ba nyoriloeng moeeng, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o aba lingoliloeng tsa Bibele ka bongata lefatšeng ka bophara.
2 Ho tla fihlela joale, re hatisitse libuka tsa Tsebo tse limilione tse 70 le libukana tsa Seo a se Hlokang tse limilione tse 91. Ha re ruta ’nete, re ananela litlhaloso tse bonolo le tse sebetsang tsa lingoliloeng tsena. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba amohetseng lingoliloeng tsa rōna ha ba e-s’o ithute Bibele le rōna. Re ka etsa’ng ka see?
3 Sengoliloeng se Seng le se Seng se Sieloang Motho se Bolela Hore ho ka Qaloa Thuto! Nahana ka phihlelo ea mohoeletsi e mong ea ileng a khothalletsa mosali e mong ho ithuta lekhetlong la pele feela ha a buisana le eena monyako. O ile a lumela hang-hang. Hamorao mosali eo o ile a bolella mohoeletsi, “U motho oa pele oa ho ithaopela ho ithuta Bibele le ’na.” Ke batho ba bakae ba leng tšimong ea lōna ba seng ba ntse ba e-na le lingoliloeng tsa rōna ba ka ’nang ba bua ka tsela e tšoanang? Sengoliloeng se seng le se seng se sieloang motho se fana ka monyetla oa ho etsa maeto a ho boela le ho ba le thuto ea lehae ea Bibele.
4 Kaha re atisa ho teana le batho ba seng ba ntse ba e-na le lingoliloeng tsa rōna, re ka hōlisa thahasello ea bona ea ho ithuta se fuperoeng ke lingoliloeng tsa rōna joang? Paki e ’ngoe e ile ea botsa mong’a ntlo ka ho toba hore na o na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ’me karabo ea e-ba ho re, “Che.” Morali’abo rōna o ile a phehella, “E tlameha ebe u na le tsona.” Mosali eo o ne a e-na le tsona, eaba thuto ea qaloa. Ke hobane’ng ha u sa botse mong’a ntlo hore na a ka thabela ho tseba pono ea Bibele mabapi le potso kapa taba e itseng e mo amang? Itokisetse ho botsa potso e thahasellisang haeba a sitoa ho nahana ka ho hong. Lipuisano tse joalo li ka ’na tsa betla tsela ea ho ba le thuto ea kamehla ea linnete tsa motheo tsa Bibele.
5 Mosebetsi oa thuto ea Bibele ke khubu ea tšebeletso ea rōna. Kaha ha ho mohla re tsebang hore na ke mang ea ka ’nang a amohela thuto, u se ke ua tsilatsila ho e khothalletsa e mong le e mong eo u kopanang le eena. Lebisa taba ho Jehova ka thapelo, ’me u sebetse tumellanong le lithapelo tsa hao. Ka mor’a nakoana u ka ’na ua fumana hore motho e mong eo u mo khothalletsang thuto o tla e amohela!—1 Joh. 5:14, 15.