Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha e tsamaea le buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha e tsamaea le ea sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea lichelete.
◼ Sehopotso sa 2001 se tla ba ka Sontaha sa la 8 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena e le hore barab’abo rōna ba ka beha nkho selibeng kapa ba etsa litumellano tse hlokahalang bakeng sa liholo tse fumanehang moo ho nang le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso ’me ho tlameha hore ho fumanoe libaka tse ling. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo ena, ha sehlopha sa baholo se khetha sebui sa Sehopotso, se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholo ho e-na le hore feela se khethe ka ho fapanyetsana kapa se sebelise mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Boemo e tla ba bo fapaneng haeba ho e-na le mor’abo rōna ea tlotsitsoeng ea nang le bokhoni ea ka fanang ka puo.
◼ Ka kōpo hlokomela hore litsi tsa Mokhatlo tsa libuka, ho akarelletsa le se Bethele, li tla koaloa ka ho feletseng ka la 10 December, 1999, ka lebaka la tokisetso e ncha e bebofalitsoeng ea kabo ea lingoliloeng.