Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 6 September ho ea ho la 20 December, 1999. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Jehova o lumelletse ho ipusa ha motho e le ho paka hore kamehla tsela ea Hae ea puso e nepahetse ebile e lokile. (Deut. 32:4; Jobo 34:10-12; Jer. 10:23) [1, w97-SU 2/15 leq. 5 ser. 3]
2. Bibele e bontša hore Molimo o nyatsa ho tletleba ho hong le ho hong. [3, w97-SU 12/1 leq. 30 lir. 3-4]
3. Batsoali ba boloka likamano tsa bona le bana ba bona ba seng ba le lenyalong li le sebakeng sa tsona se loketseng ka ho ela hloko melao-motheo ea bomolimo ea bohlooho le tlhophiso e ntle. (Gen. 2:24; 1 Bakor. 11:3; 14:33, 40) [5, fy-SU leq. 164 ser. 6]
4. Mareka 6:31-34 e bontša hore Jesu o ile a utloela letšoele leo bohloko ka lebaka feela la ho kula le bofutsana. [6, w97-SU 12/15 leq. 29 ser. 1]
5. Haeba Mokreste oa sehlopha sa linku tse ling a sa khone ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu, o lokela ho se keteka khoeli hamorao tumellanong le molao-motheo o boletsoeng ho Numere 9:10, 11. (Joh. 10:16) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 2/1 leq. 31 ser. 9.]
6. Le hoja bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba Bakreste ba sa nke boikarabelo ba ntate le ’mè ba ho kenya linnete tsa Bibele baneng ba bona, ba ka phetha karolo e tlatsetsang khōlong ea ngoana ea moea. (Deut. 6:7; 2 Tim. 1:5; 3:14, 15) [7, fy-SU leq. 168 ser. 15]
7. Liproverbia 6:30 e bontša hore ho utsoa ho ka ’na ha tšoareloa kapa ha lokafatsoa tlas’a maemo a mang a itseng. [10, g97-SU 11/8 leq 21 ser. 2]
8. Ka 1530, William Tyndale e bile oa pele oa ho sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, phetolelong ea Senyesemane ea Mangolo a Seheberu. [12, w97-SU 9/15 leq. 28 ser. 3]
9. Kajeno, motse oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo ke tokisetso ea Molimo ea ho re sireletsa lefung la ho tlōla molao oa hae o mabapi le khalalelo ea mali. (Num. 35:11) [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 11/15 leq. 17 ser. 8.]
10. Lebitso Deuteronoma, le bolelang “Molao oa Bobeli,” le loketse hobane buka ena ea Bibele e mpa e le pheto ea Molao feela. [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 36 ser. 4.]
Araba lipotso tse latelang:
11. Mahobe a mabeli a lomositsoeng a neng a fanoa ke moprista ea phahameng nakong ea Mokete oa Pentekonta a ne a tšoantšetsa eng? (Lev. 23:15-17) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 3/1 leq. 13 ser. 21.]
12. Jubile ea Bokreste e qalile neng, hona e ile ea tlisa bolokolohi ba mofuta ofe ka nako eo? (Lev. 25:10) [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 5/15 leq. 24 ser. 14.]
13. Ho ea ka tlaleho e bukeng ea Numere, ho pholoha ho itšetlehile ka lintho life tse tharo? [5, si-SU leq. 30 ser. 1]
14. Moshe e bile mohlala o motle ka tsela efe mabapi le ho bontša hore o ne a se na mohono? (Num. 11:29) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 9/15 leq. 18 ser. 11.]
15. Taba ea Kora, Dathane le Abirame e bontša joang hore hase kamehla ho bona ho lebisang ho lumeleng? [9, w97-SU 3/15 leq. 4 ser. 2]
16. Ke litšobotsi life tse peli tsa ho hlompha batsoali ba hōlileng tse totobalitsoeng ho Matheu 15:3-6 le 1 Timothea 5:4? [9, fy-SU maq. 173-5 lir. 2-5]
17. Ke thuto efe ea bohlokoa e totobalitsoeng ho Numere 26:64, 65? [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g95-SU 8/8 maq. 10-11 lir. 5-8.]
18. Mohlala oa Finease o re thusa joang ho ananela hore na boinehelo ho Jehova bo bolela eng? (Num. 25:11) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 3/1 leq. 16 lir. 12-13.]
19. Motho ea leng motseng oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo a ‘ka tsoela ka ntle ho moeli’ oa motse oo joang? (Num. 35:26) [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 11/15 leq. 20 ser. 20.]
20. Codex Sinaiticus e bile tlhohonolofatso joang phetolelong ea Bibele? [13, w97-SU 10/15 leq. 11 ser. 2]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Jehova o lumelletse bobe hore bo be teng ho tiisa hang le ka ho sa feleng ’nete ea motheo ea hore ke eena feela ’․․․․․․․․ le hore ․․․․․․․․ melao ea hae hoa hlokahala bakeng sa khotso e sa khaotseng le thabo tsa pōpo eohle ea hae. (Pes. 1:1-3; Liprov. 3:5, 6; Moek. 8:9) [1, w97-SU 2/15 leq. 5 ser. 4]
22. Buka ea Levitike ea ikhetha mabapi le ho totobatsa ․․․․․․․․ ea mali, e bontša hore a ka sebelisoa feela bakeng sa ․․․․․․․․. [4, si-SU leq. 29 ser. 33]
23. Tumellanong le Pesaleme ea 144:15b, thabo ea ’nete ke boemo ba pelo, bo thehiloeng ․․․․․․․․ ea ’nete le ․․․․․․․․ e ntle le Jehova. [7, w97-SU 3/15 leq. 23 ser. 7]
24. Bibele e fetoletsoeng ho tsoa Bibeleng ea Seheberu ea isoa Segerikeng se tloaelehileng, e ileng ea phethoa hoo e ka bang ka 150 B.C.E., e ile ea tla tsejoa e le ․․․․․․․․ ; phetolelo ea Bibele ea Jerome e fetoletsoeng ho ea Selatineng e ileng ea tla tsejoa e le ․․․․․․․․ , ․․․․․․․․ ; e phethiloe ka 400 C.E. [11, w97-SU 8/15 leq. 9 ser. 1; leq. 10 ser. 4]
25. Ka ho sebelisa litlaleho tse buang ka Balaame le Kore joalokaha li tlalehiloe bukeng ea Numere, Jude o ile a lemosa Bakreste hore ba itebele khahlanong le maraba a ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․ . [15, si-SU leq. 35 ser. 35]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Hang ka selemo, ka (Mokete oa Metlotloane; Letsatsi la ho Koahela Libe; Paseka) sechaba sohle sa Iseraele, ho akarelletsa bajaki ba neng ba rapela Jehova, se ne se tlameha (ho se sebetse ho hang; ho lefa karolo ea leshome; ho nyehela litholoana tsa pele) le ho itima lijo. (Lev. 16:29-31) [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 7/1 leq. 10 ser. 12.]
27. E ’ngoe ea lipakane tsa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ne e le ho hlahisa phetolelo (ea lentsoe ka lentsoe kamoo ho ka khonehang; e akaretsang lintlha tsa puo ea pele; e tumellanong le kutloisiso e khethehileng ea thuto) e le hore e ka etsa hore ’mali a khone ho utloisisa haholoanyane se neng se boleloa ke lipuo tsa pele le mohopolo o amanang le sona. [13, w97-SU 10/15 leq. 11 ser. 5]
28. Ho ea ka Baheberu 13:19, lithapelo tse phehellang tsa balumeli-’moho li ka etsa phapang mabapi le (seo Molimo a se lumellang; hore na Molimo a nke bohato neng; kamoo Molimo a tlang ho sebetsa lintho kateng). [8, w97-SU 4/15 leq. 6 ser. 1]
29. “Leqhoele le leputsoa tjellaneng e mephethong ea liaparo” tsa Baiseraele e ne e hlokahala e le (mokhabiso o halalelang; pontšo ea boikokobetso; khopotso e hlakileng ea hore ba arohile lefatšeng e le batho ba Jehova). (Num. 15:38, 39) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 4/15 leq. 20 ser. 16.]
30. Nako e akarelitsoeng ke buka ea Deuteronoma ke (likhoeli tse peli; selemo; lilemo tse peli), ’me ho ngoloa ha eona ho ile ha phethoa mathoasong a (1513; 1473; 1467) B.C.E. [16, si-SU leq. 36 ser. 6]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Num. 16:41, 49; Mat. 19:9; Luka 2:36-38; Bakol. 2:8; 3:14
31. Ho itšoara ka thata-thata ha ho lebise khalalelong e khethehileng kapa leseling la sebele. [Bakol. 2:8] [2, g97-SU 10/8 leq. 21 ser. 3]
32. Bohlola ke lona lebaka feela la Mangolo bakeng sa tlhalo leo motho a nang le monyetla oa ho kena lenyalong hape. [Mat. 19:9] [3, fy-SU leq. 159 ser. 15]
33. Ho ba mafolofolo haholo mesebetsing ea puso ea Molimo, esita le lilemong tsa botsofali, ho ka thusa motho ho sebetsana ka katleho le ho lahleheloa ke molekane oa lenyalo. [Luka 2: 36-38] [8, fy-SU maq. 170-1 ser. 21]
34. Ho nyatsa tsela eo Jehova a sebelisang toka ka eona ka bahlanka ba hae ba khethiloeng ho ka ba le liphello tse kotsi. [Num. 16:41, 49] [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 6/15 leq. 21 ser. 13.]
35. Lerato le se nang boikaketsi le tlamahanya banyalani hammoho ’me le etsa hore ba batle ho etsetsana se molemohali hammoho le bana ba bona. [Bakol. 3:14] [14, fy-SU leq. 187 ser. 11]