Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/99 leq. 5
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2000

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2000
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2001
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 12/99 leq. 5

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2000

1 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ipakile e le tlhohonolofatso e enneng ho batho ba Jehova. Ka lilemo tse ka holimo ho 50 tse fetileng, se thusitse ba limilione ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho ba libui tsa phatlalatsa le matichere a linnete tsa Bibele. (Pes. 145:10-12; Mat. 28:19, 20) Na u hlokomela kamoo sekolo see se u thusitseng kateng? Se ka tsoela pele ho u thusa selemong sa 2000 haeba u kopanela ka botlalo ho sona ’me u sebelisa keletso e fanoang.

2 Litaelo mabapi le likabelo le likhatiso tse tla sebelisoa li thathamisitsoe leqepheng le qalang la kemiso ea sekolo ea 2000. Ho boletsoe nako e abetsoeng karolo ka ’ngoe, mohloli oa boitsebiso, mokhoa oo boitsebiso bo lokelang ho fanoa ka oona le makolopetso a mang. Ka kōpo iphe nako ea ho bala litaelo tsena ka hloko le ho li sebelisa.

3 ’Malo oa Bibele oa Beke le Beke: Ho na le mananeo a mabeli a sa tšoaneng a ’malo oa Bibele oa beke le beke a hlahang kemisong ea sekolo. Le leng ke lenaneo le tloaelehileng la ’malo le akaretsang maqephe a ka bang mahlano a Bibele. Lintlha tse khōlō tsa ’malo oa Bibele li thehiloe ’malong ona. Lenaneo le leng la ’malo ke le tlatsetsang ’me le akaretsa boitsebiso bo menang boo habeli. Ka ho latela lenaneo lena, u tla khona ho bala Bibele eohle ka lilemo tse tharo. Ke ho utloahalang hore ba bang ba ka ’na ba batla ho bala ho eketsehileng ho feta ho kemisong ea lenaneo le tlatsetsang, ’me ba bang ba ka ’na ba se ke ba khona ho ipapisa le eona. Ho e-na le ho ipapisa le ba bang, thabela seo u khonang ho se finyella. (Bagal. 6:4) Ntho ea bohlokoa ke ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng.—Pes. 1:1-3.

4 E le hore u ngolise Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u lokela ho buisana le molebeli oa sekolo. Ka kōpo nka likabelo tsa hao ka ho teba, ’me u se ke ua li fosa ho sa hlokahale. Ananela sekolo sena e le tokisetso e tsoang ho Jehova. Lokisetsa hantle, itloaelanye ka ho feletseng le boitsebiso bo abiloeng, ’me u itlhalose ho tsoa pelong, kahoo u rue molemo ka ho feletseng sekolong sena se ikhethang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela