Litaba Tsa Puso ea molimo
◼ Afrika Boroa: Likhoeling tse peli tsa ho qetela selemong sa tšebeletso sa 1999, ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse 17. Tse robong tsa liholo tsena li Mpumalanga, e leng: Dundonald, Fernie Central, Glenmore, Mkhuhlu, Nsikazi, Ogies, Phokoane, Tubatse le Violet Bank. Liholo tse ling tse ileng tsa neheloa ke Robertson (Kapa Bophirimela), Lafuta le Seaview (Kapa Bochabela), De Aar (Kapa Leboea), Khuma (North West), Chatsworth le Hillcrest (KwaZulu-Natal) le Grootfontein (Namibia). Sena se tlisa kakaretso ea liholo tse nehetsoeng selemong sa tšebeletso sa 1999 ho 35.
Ho se ho entsoe litokisetso tsa ho nehela liholo tse ling tse hlano mathoasong a selemo se secha sa tšebeletso. Kaha Sehlopha se Busang se lakatsa hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tšoarele borapeli ka Holong ea eona ea ’Muso, re lakatsa ho khothalletsa ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ho nahanisisa ka ho teba ka ho thusa Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse ananeloang haholo le tse sebetsang ka thata ho haha Liholo tsa ’Muso.