Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/97 leq. 7
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 12/97 leq. 7

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998

Ho kenngoa sekolo ho bolela ho “rutoa kapa ho koetlisetsoa tsebo e itseng kapa mosebetsi.” Ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re koetlisoa kamehla tsebong ea ho tseba Molimo. Hape, ho kopanela ha rōna sekolong sena ho ntlafatsa matla a rōna a ho bua le ho ruta. Lenaneo la sekolo la 1998 le tla re neha menyetla e mengata ea ho tsoela pele haholo moeeng.

Ha u hlahloba kemiso ea sekolo ea selemo se tlang, u tla hlokomela hore ka linako tse ling Kabelo No. 3 e tla thehoa ho Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano. Ho phaella moo, buka ea Thabo ea Lelapa e kenyelelitsoe lenaneong la thuto la 1998, ’me Kabelo No. 3 le No. 4 li tla e akaretsa bohato ka bohato. Kamehla ha Kabelo No. 4 e thehiloe bukeng ea Thabo ea Lelapa, e lokela ho fuoa mor’abo rōna ea tla fana ka eona e le puo ho phutheho. E le khopotso, ha ho na le ea mong lenaneong la sekolo ea lokelang ho ja nako.

Tšobotsi e Ncha: Molemong oa rōna re le batho ka bomong, “Kemiso e Tlatsetsang ea ’Malo oa Bibele” e ngotsoe ka masakaneng hang ka mor’a nomoro ea pina ea beke ka ’ngoe. Le hoja ho se likarolo tsa lenaneo la beke le beke la sekolo tse tla tsoa ho eona, iketsetse pakane ea ho e latela. Sena se tla u thusa hore u tloaele ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng haeba ha u e-s’o qale ho etsa joalo.

Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le likabelo, keletso, le litlhahlobo tse ngoloang, ka kōpo bala ka hloko “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998,” hammoho le leqephe la 5 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996.

Haeba ha u e-s’o ngolise Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re u kōpa hore u ngolise hona joale. Sekolo sena se ikhethang se tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho koetliseng bahlanka ba ikokobelitseng le ba inehetseng ba Jehova hore e be basebeletsi ba hae ba tšoanelehang hamolemo.—1 Tim. 4:13-16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela