Ha Mahlomola a se a le Sieo
MAHLOMOLA e ne e se karolo ea morero oa tšimolohong oa Molimo bakeng sa lelapa la motho. Ha aa a hlola, leha e le hona hore oa a rata. U ka ’na ua botsa: ‘Haeba ho joalo, a qalile joang, ’me ke hobane’ng ha Molimo a a lumeletse hore a tsoele pele ho fihlela joale?’—Bapisa le Jakobo 1:13.
Karabo e fumaneha tlalehong ea pele-pele ea histori ea motho, Bibele, haholo-holo bukeng ea Genese. E re batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba latela Satane Diabolose borabeleng ba hae khahlanong le Molimo. Liketso tsa bona li ile tsa phahamisa tseko ea bohlokoa e ileng ea hlasela motheo le taolo tsa bokahohleng. Ba ile ba phephetsa bobusi ba Molimo ka ho tseka tokelo ea ho iketsetsa qeto ea se neng se le setle le se neng se le sebe. Ba ile ba belaella tokelo ea hae ea ho busa le ea ho ba moahloli ea ’notši oa “botle le bobe.”—Genese 2:15-17; 3:1-5.
Ke Hobane’ng ha a sa Qobelle Hore Thato ea Hae e Phethahale ka Potlako?
U ka ’na ua botsa: ‘Joale ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a qobella hore thato ea hae e phethahale ka potlako?’ Ho ba bangata, taba ena e bonahala e le ntho e fokolang. Ba re: ‘Molimo o ne a e-na le matla. A ka be a a sebelisitse ho timetsa marabele ao.’ (Pesaleme ea 147:5) Empa ipotse sena, ‘Na kantle ho ho qeaqea ke thoholetsa bohle ba sebelisang matla a bona a phahameng bakeng sa ho qobella hore thato ea bona e phethahale? Na ha ke ikutloe ke sekamela ho beng le lehloeo ha ’musi ea hatellang a sebelisa mabotho a ho bolaea bakeng sa ho felisa lira tsa hae?’ Boholo ba batho ba nahanang hantle bo nyarosoa ke ntho e joalo.
Joale u re: ‘Ache, empa hoja Molimo a sebelisa matla ao, ho ne ho se na motho ea tla ba le lipotso ka liketso tsa hae.’ Na u kholisehile ka seo? Na hase ’nete hore batho ba na le lipotso mabapi le ho sebelisa ha Molimo matla? Baa botsa hore na ke hobane’ng ha a sa a sebelise ka linako tse ling, joaloka ho mamelleng ha hae bokhopo. ’Me baa botsa hore na ke hobane’ng ha a a sebelisitse ka linako tse ling. Esita le Abrahama ea tšepahalang o ile a ba le bothata mabapi le ho sebelisa ha Molimo matla a hae khahlanong le lira tsa Hae. Hopola ha Molimo a ne a rera ho timetsa Sodoma. Ka phoso Abrahama o ile a tšaba hore batho ba molemo ba ne ba tla shoa hammoho le ba babe. O ile a tletleba: “Oho! u se ke ua etsa taba e joalo le hanyenyane, ua bolaea ea lokileng hammoho le ea bolotsana.” (Genese 18:25) Esita le batho ba lokileng joaloka Abrahama ba hloka kholiseho ea hore matla a phethahetseng a ke ke a sebelisoa hampe.
Ha ho pelaelo hore Molimo o ne a ka timetsa Adama, Eva le Satane hang-hang. Empa nahana hore na seo se ka be se amme mangeloi a mang joang kapa pōpo e neng e tla latela, eo hamorao e neng e ka ’na ea hlokomela liketso tsa hae. Na mohlomong see se ne se ke ke sa ba siea le lipotso tse ba tšoenyang mabapi le ho nepahala ha puso ea Molimo? Na se ne se ke ke sa pepesetsa Molimo qoso ea hore ha e le hantle, joalokaha Nietzsche a mo hlalositse, ke mofuta oa mohatelli ea feletseng, Molimo eo ka sehlōhō a felisang mang kapa mang ea mo hanyetsang?
Ke Hobane’ng ha a sa Etse Hore Batho ba Etse se Nepahetseng?
Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Na Molimo o ne a ke ke a etsa feela hore batho ba etse se nepahetseng?’ Joale ak’u nahane hape ka sena. Haesale ho pholletsa le histori, mebuso e ’nile ea leka ho etsa hore batho ba mamele mehopolo ea eona. Mebuso e meng kapa ba bang ba babusi ba sebelisitse mekhoa e fapaneng ea ho laola kelello, mohlomong ba sebelisa lithethefatsi kapa ho buoa, ba amoha bahlaseluoa ba bona neo e tsotehang ea bolokolohi ba ho ikhethela. Na ha re nke ho ba le boikhethelo e le letlotlo, le hoja mpho eo e ka ’na ea sebelisoa hampe? Na re lumella boiteko ba ’muso leha e le ofe kapa ’musi hore bo re amohe bolokolohi boo?
Joale ke ntho efe e fapaneng eo Molimo a neng a ka e etsa ntle le ho sebelisa ka potlako matla a hae ho phethahatsa molao? Jehova Molimo o ile a hlokomela hore tsela e molemo ea ho sebetsana le borabele e ne e tla ba ea ho lumella nako e seng kae ea hore ba hanang melao ea hae ba lokolohe pusong ea hae. Sena se ne se tla lumella lelapa la motho, litloholo tsa Adama le Eva, ho ba le nako e lekanyelitsoeng ea ho ipusa kantle le ho ikokobeletsa molao oa Molimo. Ke hobane’ng ha a entse see? Hobane o ne a tseba hore qetellong, bopaki bo ke keng ba hanyetsoa bo ne bo tla bonahala, bo pake hore tsela ea hae ea ho busa kamehla e nepahetse ebile e lokile, esita leha a sebelisa matla a hae a se nang moeli ho phethahatsa thato ea hae, le hore borabele leha e le bofe khahlanong le eena bo tla fella ka tlokotsi, ebang ke kapele kapa ka mor’a nako.—Deuteronoma 32:4; Jobo 34:10-12; Jeremia 10:23.
Ho Thoe’ng ka Bahlaseluoa Bohle ba se Nang Molato?
U ka ’na ua botsa: ‘Hajoale, ho thoe’ng ka bahlaseluoa bohle ba se nang molato? Na kannete ba lokela ho utloa bohloko bakeng sa ho hlakisa ntlha e itseng ea molao?’ Ha e le hantle, Molimo ha aa lumella bokhopo hore bo be teng e le hore a ka hlakisa feela tjee taba e itseng e poteletseng ea molao. Ho e-na le hoo, ke bakeng sa hore a hlome hang le ka ho sa feleng ’nete ea motheo ea hore eena a le mong ke ea nang le matla a phahameng ka ho fetisisa, le hore ho mamela melao ea hae hoa hlokahala bakeng sa khotso e sa khaotseng le thabo tsa pōpo eohle ea hae.
Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola ke hore Molimo oa tseba hore a ka etsolla tšenyo leha e le efe eo sena se ka e bakelang lelapa la motho. Oa tseba hore qetellong, nakoana e bileng teng ea bohloko le mahlomola e tla ba le maphomela a molemo. Nahana ka ’mè ea tiisitseng ngoana oa hae ha ngaka e mo utloisa bohloko ka ente bakeng sa ho thibela lefu le itseng leo, ho seng joalo le neng le tla bolaea ngoana eo. Ha ho na ’mè ea ratang ha ngoana oa hae a utloa bohloko. Ha ho na ngaka e ratang ho utloisa mokuli oa eona bohloko. Ka nako eo, ngoana ha a utloisise hore na ke hobane’ng ha a utloa bohloko, empa hamorao o tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha hoo ho ile ha lumelloa.
Na ke Matšeliso a Sebele ho ba Utloang Bohloko?
Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho tseba lintho tsena feela ho ke ke ha tšelisa ba mahlomoleng hakaalo. Hans Küng o bontša hore tlhaloso e utloahalang ea ho ba teng ha mahlomola e “batla e ka tsoela ea utloang bohloko molemo o tšoanang le oa ho hlalosetsa motho ea lapileng hore na lijo li na le metsoako efe.” Oa botsa: “Na ruri mabaka ’ohle a nang le kelello a khothatsa moloko oa batho o seng o selebaletsoe ka lebaka la mahlomola?” Ha e le hantle, “mabaka ’ohle a nang le kelello” a batho ba hlokomolohang Lentsoe la Molimo, Bibele, ha a khothatse ba mahlomoleng. Mabaka a joalo a batho a mpa feela a tlatselitse bothateng ka ho bolela hore Molimo o reretse batho hore ba utloe bohloko le hore lefatše le etselitsoe hore e be khohlo ea lillo kapa sebaka sa teko bakeng sa bao qetellong ba tla fumana bophelo leholimong. Ke nyefolo e kaakang!
Leha ho le joalo, Bibele ka boeona e fana ka matšeliso a sebele. Ha e fane feela ka tlhaloso e tsitsitseng ea hore na ke hobane’ng ha mahlomola a le teng empa e boetse e haha kholiseho tšepisong e tiileng ea Molimo ea hore o tla etsolla bohloko bohle bo bakuoeng ke ho lumella mahlomola hona ha nakoana.
“Tsosoloso ea Lintho Tsohle”
Haufinyane Molimo o tla tsosolosa lintho ho ea ka tsela eo a neng a rerile hore li be ka eona pele ho bofetoheli ba batho ba pele bao a neng a ba bōpile. Nako e behiloeng ea hae bakeng sa ho ipusa ha motho e se e le haufi le ho fela. Re phela nakong eo ka eona a tla romela “Jesu, eo leholimo, ka sebele, le lokelang ho mo boloka ka hare ho lona ho fihlela linakong tsa tsosoloso ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale.”—Liketso 3:20, 21.
Jesu Kreste o tla etsa eng? O tla felisa lira tsohle tsa Molimo lefatšeng. (2 Bathesalonika 1:6-10) Ena e ke ke ea e-ba kahlolo ea lepotlapotla, joaloka e lihoang ke babusi ba hatellang ba batho. Bopaki bo boholo bo pakang liphello tse hlobaetsang tsa ho se buse hantle ha motho, bo tla bontša hore Molimo o loketse ka hohle-hohle hore haufinyane a sebelise matla a hae a se nang moeli ho phethahatsa thato ea hae. (Tšenolo 11:17, 18) Qalong, sena se tla bolela “matšoenyeho” ao lefatše le e-song ho be le ’ona haesale, a tšoanang le Moroallo oa mehleng ea Noe empa a le maholo haholo ho oona. (Matheu 24:21, 29-31, 36-39) Ba pholohang ‘matšoenyeho ana a maholo’ ba tla ba le ‘linako tse khathollang’ ha ba bona ho phethahala ha litšepiso tsohle tsa Molimo tseo a faneng ka tsona “ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang.” (Liketso 3:19; Tšenolo 7:14-17) Molimo o tšepisitse eng?
Ha e le hantle, baprofeta ba Molimo ba boholo-holo ba re mahlomola a bakoang ke ntoa le tšollo ea mali a tla fela. Ka mohlala, Pesaleme ea 46:9 ea re bolella: “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” Ha ho sa tla ba le bahlaseluoa ba se nang molato le baphaphathehi ba haulanang, batho ba betiloeng, ba holofalitsoeng le ba bolauoeng lintoeng tse sehlōhō! Moprofeta Esaia o re: “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.
Baprofeta ba ile ba boela ba bolela esale pele ka ho fela ha mahlomola a bakoang ke bokebekoa le ke ho hloka toka. Liproverbia 2:21, 22 e tšepisa hore “ba lokileng ba tla aha lefatšeng,” le hore ba bakang bohloko le mahlomola ‘ba tla fotholoa ho lona.’ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le ‘batho ba renang holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Ba khopo ba tla be ba tlositsoe ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:10, 38) E mong le e mong o tla lula ka khotso le tšireletseho, a lokolohile mahlomoleng.—Mikea 4:4.
Ho feta moo, baprofeta ba boetse ba tšepisa hore mahlomola a bakoang ke maloetse a ’mele le a kellelo a tla fela. (Esaia 33:24) Esaia o tšepisa hore lifofu, lithōlō, ba holofetseng le bohle ba utloisoang bohloko ke ho kula le maloetse ba tla folisoa. (Esaia 35:5, 6) Molimo o bile o tla felisa le liphello tsa lefu. Jesu o boletse esale pele hore “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Ponong ea hae ea “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” moapostola Johanne o ile a bolelloa hore “Molimo ka boeena o tla . . . hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:1-4) Nahana ka seo! Ho se ho se bohloko, ho se meokho, ho se ho bokolla, ho se lefu—ho hang ho se ho se mahlomola!
Litlokotsi leha e le life tseo e ka ’nang eaba li bile teng nakong ena e fokolang ea ho mamella bokhopo li tla phekoloa kaofela. Esita le mehopolo ea bohloko le mahlomola tsa motho—tseo le ka mohla li sa kang tsa reroa ke Molimo—li tla hlakoloa ka ho feletseng. Esaia o ile a profeta hore: “Litsietsi tsa pele li tla lebaloa . . . tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa.” (Esaia 65:16, 17) Morero oa Molimo oa tšimolohong oa hore lelapa le phethahetseng la motho le phele khotsong e feletseng le thabong paradeiseng lefatšeng, o tla be o finyeletsoe ka hohle-hohle. (Esaia 45:18) Kholiseho e tla ba e phethahetseng bobusing ba hae. Ke tokelo e kaakang ho phela nakong eo Molimo a tla felisa mahlomola ’ohle a motho, nakong eo a tla bontša hore eena hase mofuta o itseng oa “mohatelli, mothetsi, moqhekelli, ’molai,” joalokaha a ile a qosoa ke Nietzsche, empa hore kamehla o lerato, o bohlale ’me o lokile ha a sebelisa matla a hae a phethahetseng!
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Babusi ba bang ba sebelisitse mokhoa oa ho laola kelello, ba amoha bahlaseluoa ba bona bolokolohi ba ho ikhethela
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPI/Bettmann
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha ho se ho se mahlomola, bohle ba tla thabela bophelo ka botlalo