Karolo 3—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
BURMA, ka 1824—Matona a morena a sa tsoa phenyekolla lehae la baromuoa la Adoniram le Ann Judson, a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a nahana hore ke ea bohlokoa. Empa a hlōtsoe ho fumana letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa—phetolelo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho eo Ann ka lekunutu a neng a e tsetetse ka tlas’a ntlo. Adoniram, e leng mofetoleli, o litlamong teronkong e tletseng menoang hohle, a qosoa ka ho ba mpimpi. Joale buka ena e ngotsoeng ka letsoho e kotsing ea ho senngoa ke mongobo. E ka pholosoa joang? Ann o e rōkella ka har’a mosamo o thata ’me o e isa ho monna oa hae teronkong. Mosamo ona oa bolokoa, ’me se ka hare ho oona e ba karolo ea Bibele ea pele ea Seburma.
Bibele e ’nile ea e-ba kotsing ka tsela e joalo hangata ho theosa le histori. Litokollong tse ka pele ho ena, re ile ra hlahloba phetolelo le kabo ea Bibele ho tloha ha e phethoa ho fihlela mathoasong a bo-1600. Bibele e ’nile ea tsoella joang ho tloha ka nako eo ho fihlela kajeno? Na ho ne ho tla khoneha hore batho bohle ba e sebelise? Mokhatlo oa Watch Tower o phethile karolo efe?
Baromuoa le Mekhatlo ea Bibele
Linaheng tse ngata, lilemo tsa bo-1600 le bo-1700 li ne li ikhetha ka batho ba balang Bibele ba eketsehang ka potlako. Engelane ka ho khetheha e ile ea angoa ka ho teba ke Bibele nakong ena. Ha e le hantle, lipale le lithuto tsa Bibele li ne li tletse menahanong ea hoo e ka bang e mong le e mong ka har’a naha, ho tloha ho morena ho ea ho moshanyana ea tšoarang mohoma. Empa tšusumetso ea Bibele e ile ea eketseha haholoanyane. Ka nako eo Engelane e ne e le khoebong ea ho sesisa likepe ebile e le ’muso oa bokoloni, ’me Manyesemane a itseng a ne a nka Bibele ha a le maetong a ’ona. Sena se ile sa rala motheo bakeng sa letšolo la Bibele le eketsehileng.
Ho ella qetellong ea bo-1700, Bibele e ile ea susumelletsa ba bang Engelane hore ba nahane ka litlhoko tsa moea tsa matsoalloa a linaha tsa ’Muso oa Brithani tse hōle. Leha ho le joalo, e ne e se lefatšeng lohle moo ho neng ho amehiloe ka sena. Litho tse ngata tsa kereke li ne li lumela hore motho o rereloa qetello esale pele, ka lebaka leo li ne li nka hore ke thato ea Molimo hore batho ba bang ba se ke ba pholosoa. Ha William Carey ea neng a ipolela hore ke moromuoa a ne a fana ka puo e matla bakeng sa ho hlohlelletsa tšehetso kabelong ea ho ea India, e mong o ile a hoeletsa a mo khalemela ka matla: “Lula fatše, mohlankana; ha Molimo a rata ho sokolla bahetene, O tla ho etsa ntle ho thuso ea hao!” Leha ho le joalo, Carey o ile a ea India ka sekepe ka 1793. Hoa hlolla hore ebe o ile a qetella a fetoletse Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona lipuong tse 35 tsa India.
Baromuoa ba ile ba hlokomela hore kofuto ea bona e ka sehloohong e ne e le Bibele ea puo ea sebaka ka seng. Empa, ke mang ea neng a tla fana ka Libibele? Hoa thahasellisa hore ebe ngoanana oa Wales ea lilemo li 16, Mary Jones, a sa hlokomele, o ile a nka bohato bo ileng ba etsa hore Libibele li ajoe lefatšeng lohle. Ka 1800, Mary o ile a tsamaea ka maoto a sa roala lieta sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ho ea reka Bibele ea Sewelshe ho moruti e mong. O ne a ile a boloka chelete ea hae ka lilemo tse tšeletseng, ’me ha Mary a tsebisoa hore Libibele li rekisitsoe kaofela, o ile a lla haholo ka lebaka la ho nyahama. A amehile ka ho teba, moruti enoa o ile a fa Mary Bibele e ’ngoe ho tsa hae.
Ka mor’a moo, moruti enoa o ile a nahana ka ba bang ba bangata ba hlokang Libibele, ’me o ile a tšohla bothata bona le metsoalle ea hae e London. Phello e bile ho thehoa ha British and Foreign Bible Society (Mokhatlo oa Bibele oa Brithani le Linaha Lisele) ka 1804. Morero oa oona o ne o le bonolo: Ho fa batho Libibele tseo ba ka khonang ho li reka ka puo ea bona, tse hatisitsoeng “ntle ho litlhaloso tse mahlakoreng a maqephe.” Ka ho tlosa litlhaloso tse mahlakoreng a maqephe, bathehi ba Mokhatlo ona ba ne ba lakatsa ho qoba phehisano ea thuto ea bolumeli. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata, litho tsa Mokhatlo ona oa Bibele li ne li sa lumellane tabeng ea Mangolo a Neano ao e Seng Karolo ea Bibele, kolobetso ea qoeliso le thuto ea Boraro-bo-bong.
Cheseho ea qalong e ile ea nama kapele, ’me ka 1813 mekhatlo e amanang haufi-ufi e ne e thehiloe Jeremane, Netherlands, Denmark le Russia. Ha nako e ntse e feta, mekhatlo ea Bibele e ile ea eketseha linaheng tse ling. Ha mekhatlo ea Bibele ea pele e etsa lipakane tsa eona, e ile ea nahana hore karolo e khōlō ea lefatše e sebelisa maleme a seng makae a maholo. Le ka mohla e ne e sa lore hore ho na le lipuo tse likete! Ha ho bapisoa, ke bafetoleli ba seng bakae ba neng ba tseba Seheberu le Segerike e le hore ba ka fetolela ka ho toba puong ea sebaka ka seng. Ka lebaka leo, ha British and Foreign Bible Society e lefella liphetolelo, bafetoleli ba ne ba atisa ho theha liphetolelo tsa bona ho King James Version ea puo ea Senyesemane.
Liteko Tsa Mofetoleli e Mong
Karolo e khōlō ea Bibele e na le litlhaloso le lipapiso tse thehiloeng liphihlelong tsa letsatsi le letsatsi. Sena se etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho e fetolela ho feta ha e ne e ngotsoe ka puo ea filosofi eo ho leng thata ho e utloisisa. Leha ho le joalo, ho latela se hlileng sa boleloa esale pele, ka linako tse ling boiteko ba pele ba baromuoa bo ile ba hlahisa liphetolelo tse ferekanyang kapa tse qabolang. Ka mohlala, phetolelo e ’ngoe e ile ea fa batho ba karolong e itseng ea India khopolo ea hore Molimo ke motho ea ’mala o moputsoa. Lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “oa leholimo” polelong e reng, “Ntate oa leholimo” le ne le bolela “ea nang le ’mala oa leholimo”—maholimo a sebele!
Mabapi le litšitiso tsa bafetoleli, Adoniram Judson o ile a ngola tjena ka 1819: ‘Ha re ithuta puo e buuoang ke batho ba karolong e ’ngoe ea lefatše, bao re sa tloaelang mokhoa oa bona oa ho bua, ’me litlhaku le mantsoe ho hang li sa tšoane le tsa puo efe kapa efe eo re kileng ra kopana le eona; ha re se na dikishinari kapa motoloki ’me re tlameha ho utloisisa puo eo hanyenyane pele re ka kōpa thuso ho mosuoe ea tsoaletsoeng moo—seo se hloka boiteko bo boholo!’ ’Me mosebetsi oa bafetoleli ba kang Judson o ile oa etsa hore Bibele e fumanehe ka ho eketsehileng.—Bona chate leqepheng la 12.
Ann Judson o ile a thusa monna oa hae ka mosebetsi o thata oa ho fetolela. Empa ba ha Judson ba ile ba talimana le ho fetang feela liteko tsa phetolelo. Ha matona a morena a ne a hulanyetsa Adoniram teronkong, Ann o ne a lebeletse ngoana. Ka sebete o ile a kōpa liofisiri tse tletseng bora ka matla ka likhoeli tse 21 hore li lokolle monna oa hae. Phihlelo eo e bohloko hammoho le ho kula li bile le phello e kotsi bophelong ba hae. Nakoana ka mor’a hore Adoniram a lokolloe, Ann oa hae ea sebete le morali oa bona e monyenyane ba ile ba bolaoa ke feberu. Adoniram o ile a apareloa ke masisa-pelo. Ho ntse ho le joalo, o ile a talima ho Molimo bakeng sa matla ’me a tsoela pele ho fetolela, a phetha Bibele ea Seburma ka 1835. Ka nako e tšoanang, liphephetso tse ling tse bolotsana mabapi le Bibele li ne li ntse li tsoela pele.
Phehisano e Lika-liketsa Bibele
Ho bile le phehisano e khōlō ea sechaba le ea lipolotiki ka bo-1800, ka linako tse ling Bibele e ne e phetha karolo e ka sehloohong. Ka mohlala, le hoja Russian Bible Society (Mokhatlo oa Bibele oa Russia) e ile ea qala e tšehelitsoe licheleteng ke moemphera le Kereke ea Orthodox ea Russia, ha nako e ntse e feta ba ile ba felisa Mokhatlo oo le ho o thibela. (Hoo e ka bang selemo pejana bahanyetsi ba Mokhatlo oo ba ne ba se ba chesitse Libibele tse likete.) Joale baruti ba Orthodox ba ile ba chesehela ho batla ho felisa seo Bakreste ba pele ba neng ba se qalisitse ka cheseho e kana—kabo ea Bibele lefatšeng lohle. Lekholong la bo19 la lilemo baeta-pele ba Orthodox ba ile ba tsitlellela hore Bibele e sokela matla a Kereke le a Naha. Hoa makatsa hore ebe sehlopha sa lipolotiki se fetohelang puso se ileng sa hlaha ha sea ka sa nka Bibele e le tšokelo ho ba boholong empa se ile sa e nka e le sebetsa sa Kereke le Naha bakeng sa ho etsa hore bongata bo lule bo ipehile tlas’a tsona. Mahlakore ana ka bobeli a ne a hlasela Bibele!
Hape lilemong tse latelang Bibele e ’nile ea hlaseloa ke “litsebi” ka ho eketsehileng. Ka 1831, Charles Darwin o ile a qala ho tsamaea ka sekepe leetong la sehlopha le ileng la fella ka khopolo ea hae ea ho iphetola ha lintho. Ka 1848, Marx le Engels ba ile ba lokolla Communist Manifesto, e bontšang hore Bokreste ke kofuto ea khatello. Hape ka nako ena, ba tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele ba ne ba belaella bonnete ba Mangolo le hore na batho bao Bibele e buang ka bona ke ba sebele historing—esita le Jesu ka boeena! Empa batho ba bang ba nahanang ba ile ba hlokomela ho fosahala ha likhopolo tse neng li hana Molimo le Bibele, ’me ba ile ba batla litsela tsa botsebi tsa ho tiisa ho tšepahala ha Bibele. E mong oa bona e ne e le Konstantin von Tischendorf, Lejeremane le tsebang lipuo.
Se Fumanoang se Thusa ho Paka Taba e Ngotsoeng ea Bibele
Tischendorf o ile a tsamaea ho pholletsa le Bochabela bo Hare a batla libuka tsa Bibele tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho, a lakatsa ho tiisa taba ea pele e ngotsoeng ea Bibele ka kholiseho e feletseng. Ka 1859, selemong sona seo Darwin a ileng a hatisa The Origin of Species ka sona, ntlong ea baitlami ba banna e mosikong oa Thaba ea Sinai, Tischendorf o ile a fumana kopi e feletseng eo e bileng eona ea pele ea khale-khale e tsebiloeng ea Mangolo a Segerike a Bakreste. E tsejoa e le Codex Sinaiticus ’me mohlomong e ne e hatisitsoe lilemo tse ka bang 50 pele Jerome a phetha Vulgate ea Selatine. Le hoja ho ntse ho phehoa khang ka hore na ho loketse hore ebe o ile a tlosa codex ntlong ea baitlami ba banna, Tischendorf o ile a e hatisa, kahoo a etsa hore litsebi li khone ho e sebelisa.a
Kahobane Sinaiticus e ne e le har’a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale ka ho fetisisa, e ne e sa senole feela hore Mangolo a Segerike a ne a hlile a sa fetoloa empa hape e ile ea thusa litsebi ho senola liphoso tse neng li khukhunetse libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa ka mor’a moo. Ka mohlala, taba e buang ka Jesu ho 1 Timothea 3:16 ho Sinaiticus e baleha tjena: “O ile a bonahatsoa nameng.” Sebakeng sa “o,” bongata ba libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li tsejoa ka nako eo li ne li bontša khutsufatso ea “Molimo,” e entsoeng ka ho etsa phetoho e nyenyane lentsoeng la Segerike bakeng sa “o.” Leha ho le joalo, Sinaiticus e ngotsoe lilemo tse ngata pele ho buka leha e le efe ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho e reng “Molimo.” Kahoo, e ile ea senola hore hamorao taba e ngotsoeng e ile ea senngoa ka tsela e itseng, e leng se entsoeng hore ho tšehetsoe thuto ea bolumeli ea Boraro-bo-bong.
Ho tloha mehleng ea Tischendorf, ho fumanoe libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse eketsehileng. Kajeno, palo e feletseng ea libuka tsa Mangolo a Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho tse tsejoang e ka ba 6000, ’me tsa Mangolo a Segerike ke palo e ka holimo ho 13 000. Thuto e bapisang ea tsona e feletse ka taba e ngotsoeng ea puo ea pele e ka tšeptjoang ka ho feletseng. Joalokaha setsebi F. F. Bruce se beha taba: “Liphetolelo tse sa tšoaneng . . . ha li fetole ’nete efe kapa efe ea bohlokoa ea histori kapa thuto ea tumelo ea Bokreste le tšebeliso ea eona.” Le hoja ho fetoleloa ha Bibele lipuong tse ngata tse eketsehileng ho ile ha tsoela pele, tsebo ee e eketsehileng e ne e ka tsoela batho molemo joang?
Mokhatlo oa Watch Tower le Bibele
Ka 1881 sehlopha se senyenyane empa e le se tiileng sa mesuoe le liithuti tsa Bibele se ile sa theha seo hamorao e ileng ea e-ba Watch Tower Bible and Tract Society. Qalong, se ile sa aba Libibele tse hatisoang ke mekhatlo e meng ea Bibele, ho akarelletsa le Mangolo a Segerike a Tischendorf. Leha ho le joalo, ka 1890 se ne se kene khatisong ea Bibele ka ho toba, se lefella khatiso ea liphetolelo tse ’maloa tsa pele tsa Bibele. Ka 1926 Mokhatlo o ile oa hatisa Bibele mechineng ea oona ea khatiso. Empa ho ne ho totobetse haholoanyane hore ho hlokahala phetolelo ea Bibele e nakong. Na tsebo e tsoang ho se fumanoeng le se ithutiloeng lekholong la lilemo le tlileng pele ho leo e ne e ka kenyelletsoa Bibeleng e utloisisehang le eo batho ba ka khonang ho e reka? Li e-na le pakane ena, ka 1946 litho tsa Mokhatlo li ile tsa qala ho hlahisa phetolelo e ncha ea Mangolo.
Phetolelo e le ’Ngoe, Lipuo Tse Ngata
Ho ile ha hlophisoa komiti ea phetolelo ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšoanelehang bakeng sa ho hlahisa New World Translation of the Holy Scriptures ka Senyesemane. E ile ea hatisoa ka meqolo e tšeletseng, ea lokolloa ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960, ho qaloa ka Mangolo a Segerike a Bakreste. Ho tloha ka 1963 e ’nile ea fetoleloa ka lipuo tse 27 tse eketsehileng, e sa ntse e fetoleloa ho tse ling tse eketsehileng. Lipakane tsa lipuo tse ling e ’nile ea e-ba tse tšoanang le tsa Senyesemane. Ea pele, phetolelo e lokela ho nepahala, e be haufi-ufi le mehopolo ea pele ka hohle kamoo ho ka khonehang. Moelelo ha oa lokela ho sothoa hore o lumellane le kutloisiso e itseng ea thuto ea bolumeli. Ea bobeli, ho lokela hore ho bolokoe tumellano, phetolelo e fetolelang lentsoe ka leng le ka sehloohong ka tsela e tšoanang ho isa moo taba e potolohileng e ho lumellang ka ho utloahalang. Katamelo e joalo e thusa babali ho bona tsela eo bangoli ba Bibele ba neng ba sebelisa mantsoe a itseng ka eona. Ea boraro, phetolelo e lokela ho ba e tobileng ka hohle kamoo ho ka khonehang e sa pate moelelo. Ho fetolela lentsoe ka lentsoe ho etsa hore ’mali a khone ho utloisisa haholo se neng se boleloa ke lipuo tsa pele le mohopolo o amanang le sona. ’Me ea bone, e lokela ho ba bonolo e le hore batho feela ba tloaelehileng ba ka e bala le ho e utloisisa.
Mokhoa o batlang o fetolela lentsoe ka lentsoe oa New World Translation ea Senyesemane o etsa hore ho be bonolo ho e fetolela lipuong tse ling. Bakeng sa morero ona lihlopha tsa bafetoleli ba Mokhatlo hona joale li sebelisa lisebelisoa tsa phetolelo tsa k’homputha tse tsoetseng pele ho potlakisa mosebetsi oa tsona le ho etsa hore o nepahale haholoanyane. Mokhoa ona o thusa bafetoleli ho etsa mathathamo a mantsoe a puo ea sebaka ka seng bakeng sa lentsoe ka leng le ka sehloohong. O boetse o li nolofalletsa ho ithuta phetolelo ea Senyesemane ea lentsoe ka leng la Seheberu le la Segerike le ka Bibeleng.
Ho fetolela ho tloha Senyesemaneng, ho e-na le ho tloha Seheberung le Segerikeng ka ho toba, ho na le melemo ea bohlokoa. Ntle le ho khutsufatsa nako ea ho fetolela, ho etsa hore ho be le bonngoe bo boholoanyane mokhoeng oa ho ngola lipuong tsohle. Hobane’ng? Hobane ho bonolo haholoanyane ho fetolela ka ho toba ho tloha puong e ’ngoe ea kajeno ho ea ho e ’ngoe ho e-na le ho fetolela ho tloha puong e itseng ea boholo-holo ho ea lipuong tse sa tšoaneng tsa kajeno. Ebile, bafetoleli ba ka kōpa keletso ho batho bao ka tsoalo ba buang lipuo tsa kajeno empa eseng ho ba buang lipuo tse neng li buuoa lilemong tse likete tse fetileng.
Litaba Tse Molemo Bakeng sa Lichaba Tsohle
Ho ne ho ka ngoloa ho hongata ka banna le basali ba ikemiselitseng ba thusitseng ho etsa hore Bibele e be buka e sebelisoang ka ho fetisisa lefatšeng. Ho theosa le makholo a lilemo, bonyane Libibele le likarolo tsa Bibele tse limilione tse likete tse ’nè li hatisitsoe ka lipuo tse fetang likete tse peli, tse buuoang ke baahi ba lefatše ba ka holimo ho karolo ea 90 lekholong!
Bibele e boletse esale pele hore ho ne ho tla ba le boboleli ba ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara mehleng ea rōna. Ho finyella seo, ho hlakile hore Jehova Molimo ka boeena o tataisitse batho hore ba etse hore hona joale Bibele e fumanehe hoo e ka bang lefatšeng lohle. (Matheu 13:47, 48; 24:14) Bafetoleli le bahatisi ba Bibele ba se nang tšabo ba nakong e fetileng ba ile ba ipeha kotsing ka hohle-hohle bakeng sa ho re fa Lentsoe la Molimo—oona feela mohloli oa leseli la moea lefatšeng le lefifing boitšoarong. E se eka mohlala oa bona o ka u susumelletsa ho bala Lentsoe leo, ho phela tumellanong le lona, le ho le aba ka kholiseho e tšoanang le eo ba ileng ba e bontša. E, letsatsi le letsatsi, nka monyetla o feletseng ka Bibele e ka tšeptjoang e ka matsohong a hao!—Esaia 40:6-8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Ho Pholosa Codex Sinaiticus” ho Molula-Qhooa oa October 15, 1988.
[Chate e leqepheng la 12]
Khōlo Phetolelong ea Bibele
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Khakanyo ea Palo ea Lipuo ho Latela Selemo
1 Bajuda ba qala ho fetolela Mangolo a Seheberu Segerikeng hoo e ka bang ka 280 B.C.E.
12 Jerome o phetha Vulgate ea Selatine hoo e ka bang ka 400 C.E.
35 Gutenberg o phetha Bibele ea pele hoo e ka bang ka 1455
81 British and Foreign Bible Society e thehiloeng ka 1804
Palo ea Lipuo
522
1900
600
700
800
900
1,049
1950
1,100
1,200
1,300
1,471
1970
2,123
1996
2,200
2,300
2,400
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sources: Christianity Today, United Bible Society
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Judson o ile a tlangoa le ho hulanngoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Judson the Hero of Burma, by Jesse Page
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tischendorf o ile a pholosa buka ea bohlokoa e ngotsoeng ka letsoho ntlong ena ea baitlami ba banna mosikong oa Thaba ea Sinai
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.