Jehova o Busa ka Qenehelo
HO PHOLLETSA le histori, babusi ba bangata ba batho ba sebelisitse matla ka ho hloka qenehelo mahlomoleng a bafo ba bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša se fapaneng ka ho khetha sechaba—Baiseraele—le ho se busa ka qenehelo.
Ha Baiseraele e ne e ntse e le makhoba Egepeta ea boholo-holo, Jehova o ile a utloa sello sa bona se kōpang thuso. “Litsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona; . . . o ba lopolotse ka lerato le ka mohau oa hae.” (Esaia 63:9) Jehova o ile a lokolla Baiseraele, a ba lokisetsa lijo tsa mohlolo ’me a ba lopollela naheng ea bona.
Tšoaneleho ea Jehova ea ho qenehela e ile ea bonahala hape melaong eo a ileng a e fa sechaba sena. O ile a laela Baiseraele hore ba sebelisane le likhutsana, bahlolohali le balichaba ka qenehelo. Ba ne ba sa lokela ho qhekella ba holofetseng.
Molao o ne o tlama hore ba hlokang ba bontšoe mohau. Mafutsana a ne a ka khoahlapisa ka mor’a kotulo. Melato e ne e hlakoloa ka selemo sa Sabatha (sa bosupa). Naha eohle eo e leng lefa e neng e rekisitsoe e ne e lokela ho khutlisoa ka selemo sa Jubile (sa bo50). Buka ea Ancient Israel—Its Life and Institutions ea tlaleha: “Iseraeleng, ho ne ho sa khethollanoe ka maemo a bophelo joalokaha ho le joalo kajeno.” “Matsatsing a ha ba qala ho tsitsa bolulong, Baiseraele bohle ba ne ba e-na le maemo a batlang a lekana bophelong.”—Levitike 25:10; Deuteronoma 15:12-14; 24:17-22; 27:18.
Ho Etsisa Qenehelo ea Jehova
Bahlanka ba Molimo ba susumetsoa ke qenehelo ea hae. Ka mohlala, ho pholletsa le histori marena a sa tsoa hlomamisoa a ’nile a bolaea litho tse pholohileng tsa leloko la borena le fetileng. Empa Davida mohlanka oa Jehova ha aa ka a etsa sena. Ka mor’a lefu la Morena Saule, Davida o ile a sireletsa Mefiboshethe, setloholo sa Saule se neng se pholohile ’me e le eena mojalefa. “Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mor’a Jonathane, mor’a Saule.”—2 Samuele 21:7.
Ha ho na motho e mong ea etsisitseng qenehelo ea Jehova joaloka Jesu. Mehlolo ea hae e mengata e ne e susumetsoa ke qenehelo ea bomolimo. Ketsahalong e ’ngoe, molepera o ile a mo kōpa ka tieo: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a susumetsoa ke qenehelo ’me a mo ama, a re: “Kea batla. Hloeka.” (Mareka 1:40-42) Ka nako e ’ngoe matšoele a ne a setse Jesu morao. Har’a morusu oo, Jesu o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ho banna ba babeli ba lifofu ba neng ba hoeletsa: “‘Morena, re hauhele, Mora oa Davida!’ . . . A susumelitsoe ke khauho, Jesu a ama mahlo a bona, ’me kapele-pele ba bona.”—Matheu 20:29-34.
Matšoele-tšoele a ne a sa etse hore Jesu a hloke maikutlo bakeng sa ba bang. Ketsahalong e ’ngoe o ile a re: “Ke ikutloa ke hauhela bongata bona,” kaha bo ne bo sa ka ba e-ja ka nako e teletsana. Kahoo, o ile a bo fepa ka mohlolo. (Mareka 8:1-8) Ha Jesu a ne a tsamaea, o ne a sa rute matšoele feela empa o ne a boetse a ela hloko litlhoko tsa ’ona. (Matheu 9:35, 36) Ka mor’a ho tsamaea ho joalo, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba sa be le nako ea ho phomola esita le ea ho ja. Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “Kahoo ba tloha ka sekepe ba ea sebakeng se thōko moo e leng bona feela. Empa batho ba ba bona ha ba tsamaea ’me ba bangata ba ho tseba, ’me ho tsoa metseng eohle ba mathela moo hammoho ka maoto ’me ba ba fihlela pele. Joale, ha a tsoa, a bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. ’Me a qala ho bo ruta lintho tse ngata.”—Mareka 6:31-34.
Jesu o ne a sa susumetsoe feela ke ho kula le ho futsaneha ha batho empa o ne a susumetsoa ke boemo ba bona ba moea. Baeta-pele ba bona ba ne ba ba qhekella, kahoo Jesu o ile “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “susumetsoa ke khauho” le bolela “ho tlala qenehelo.” Ka sebele, Jesu e ne e le motho ea nang le qenehelo!
Qenehelo Lefatšeng le Khopo
Hona joale Jesu Kreste ke Morena oa ’Muso oa Jehova oa leholimo. Joalokaha a ile a etsa Iseraeleng ea boholo-holo, kajeno Molimo o busa batho ba hae ka qenehelo. “Jehova oa makhotla o re: Bana e tla ba ba ruiloeng ke ’na tsatsing le tla etsoa ke ’na; ke tla ba qenehela.”—Malakia 3:17.
Ba batlang ho amohela qenehelo ea Jehova ba lokela ho etsisa litsela tsa hae. Ke ’nete hore re phela lefatšeng la batho ba amehileng haholo ka ho boloka mokhoa oo ba phelang ka oona ho e-na le ho thusa ba hlokang. Batho ba boholong hangata ba batla ho rua molemo ka basebetsi le bareki empa ba sa natse likotsi tse ka ’nang tsa ba hlahela. Ho 2 Timothea 3:1-4, Bibele e tlaleha ka ho nepahala boemo ba boitšoaro ba nakong ea rōna bo felisitseng qenehelo lipelong tsa batho ba bangata hakana.
Leha ho le joalo, re ntse re ka fumana menyetla ea ho bontša qenehelo. Na re ka fana ka thuso e itseng e hlokahalang ho baahisani ba rōna? Na ho na le motho ea kulang eo re ka mo etelang? Tumellanong le keletso e reng “le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang,” na re ka khothatsa ba tepeletseng maikutlo?—1 Bathesalonika 5:14.
Qenehelo e tla boetse e re thuse hore re qobe ho itšoara ka tsela e hlokang qenehelo ha ba bang ba etsa liphoso. Rea bolelloa: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang a li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle. Empa le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.”—Baefese 4:31, 32.
Qenehelo e tla re thusa ho qoba tloaelo ea ho sebelisa matla hampe. Bibele e re: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Kelello e ikokobelitseng e re nolofalletsa hore re ipehe boemong ba bao re ba okametseng. Ho utloela bohloko ho akarelletsa ho ikokobetsa le ho nahanela maemo ho e-na le ho ba ea sa khotsofatsoeng habonolo. Ha rea lokela ho tšoara ba bang joaloka lisebelisoa feela tjee hobane re habile ho atleha. Hape, ka lapeng banna ba nang le qenehelo baa hopola hore basali ba bona ke lijana tse fokolang haholoanyane. (1 Petrose 3:7) Ho thuisa ka mohlala oa qenehelo ea Jesu ho ka re thusa lintlheng tsena tsohle.
Kaha Jesu o ne a ameha ka botebo ka batho nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, re ka kholiseha hore hona joale ke ’Musi ea nang le qenehelo, le hore o tla tsoela pele a le joalo. Ka tsela ea boprofeta, Pesaleme ea 72 e re ka eena: “O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše. O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.”—Pesaleme ea 72:4, 8, 13.
Lentsoe la Molimo le boletse esale pele: “O tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ’nete . . ., a timetse molotsana.” Ka mor’a hore bo hlalose ka tsela eo batho ba neng ba le sehlōhō, eka libatana, ba neng ba tla fetola litsela tsa bona kateng, boprofeta bo tsoela pele: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:4-9) Ha e le hantle, boprofeta bona bo fana ka tšepiso ea mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba tsebang Jehova le ba etsisang litsela tsa hae tse nang le qenehelo!