Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 13 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Re Bolela Litaba Tse Molemo.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Fana ka mehlala ea lintlha tse ntle tsa Mangolo tse ka fumanoang bukeng ea Tsebo ha ho fanoa ka eona tšebeletsong.
20 mets: “Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?” (Serapa sa 1-11) Lipotso le likarabo. Bolela tlhōrō ea bo-pula-maliboho ba thusang historing ea morao tjena ea phutheho. E-re ba bang ba har’a lenane leo ba bolele melemo eo ba e fumaneng ka ho atolosa seabo sa bona tšebeletsong. Khothalletsa phutheho hore e sebeletse tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Hlahloba litšoaneleho tse thathamisitsoeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 113-14. Bahoeletsi ba lakatsang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ba ka fumana liforomo tsa kōpo ka mor’a seboka.
Pina 187 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: “Nka Etsa Eng?” Mokhanni oa thuto ea buka o tšohla sehlooho sena le mohlanka ea sebeletsang a le mong kapa ba babeli. Ka lebaka la ho haelloa ho sa tšoaneng, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba tlatsetsa hanyenyane tšebeletsong ea phutheho. Hlahloba tse ling tsa litsela tse ngata tseo kaofela ha rōna re ka tlatletsang hamolemo ho matlafatseng phutheho le ho ntšetseng pele mosebetsi oa ’Muso. Qetella ka ho bontša kamoo e mong le e mong a ka ‘Nkang Karolo Tlalehong ea ho Qetela.’—Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 108-10.
20 mets: “Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?” (Serapa sa 12-18) Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane ea kamoo motho a ka memelang motho eo a mo tloaetseng Sehopotsong. Hlahloba “Almanaka ea Puso ea Molimo Bakeng sa April 2000,” ’me u bolele liboka tsa tšebeletso tse lokiselitsoeng phuthehong ea lōna. Hopotsa e mong le e mong hore a etse kemiso e sebetsang ea hore a kopanele ka hohle-hohle tšebeletsong khoeling ena, e le ha re habile hore karolo ea 100 lekholong ea phutheho e kopanele. Khothalletsa bohle ba ka khonang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang le hore ba fumane foromo ea kōpo ka mor’a seboka.
Pina 65 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ea March. Tsebisa mabitso a bao e tlang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Hlalosa hore e sa ntse e le nako ea hore ho tlisoe liforomo tsa kōpo. Bolela kemiso eohle ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo tse lokiselitsoeng khoeli eo. Khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong mafelo-bekeng ana, e le hore ho qaloe April hantle. Khoeling eo re tla fana ka likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Totobatsa sehlooho se le seng le ntlha e loketseng e ka buelloang ka katleho tokollong ka ’ngoe ea morao-rao. E mong le e mong o lokela ho ba le bukana ea Seo a se Hlokang ’me a ikemisetse ho e sebelisa ho qala lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang.
17 mets: “Ho Ithuta Boprofeta ba Daniele.” Lipotso le likarabo. Ka bokhutšoanyane hlalosa hore na re mocheng oa ho rua molemo joang ka ho ithuta buka ea Bibele ea Daniele. (Bona khaolo ea 1, serapeng sa 15-17, bukeng ea Boprofeta ba Daniele.) Khothalletsa bohle hore ba be teng Thutong ea Buka ea Phutheho kamehla.
18 mets: Na ke Lokela ho Tlaleha Phoso e Tebileng? Puo e matla ka moholo, e lebisitsoeng ho bacha. Ho hlahile mathata a mangata a bileng le liphello tse kotsi ho bacha sechabeng sa kajeno: litekanyetso tsa boitšoaro tse hlephileng, pefo e ntseng e eketseha, ho lemalla lithethefatsi le ho haelloa ke ho hlompha ba boholong. Bacha ba bang ba phela bophelo bo habeli, ba pata boitšoaro ba bona bo fosahetseng. Hona e hlile ke tšokelo bophelong ba moea ba phutheho eohle. Ba bang ba etsa phoso e tebileng ebe ba batla ho e boloka e le lekunutu. Haeba u tseba hore mora kapa morali oabo rōna phuthehong o entse ho hong hoo e leng ho tlōla molao oa Molimo ka ho tebileng, u lokela ho etsa’ng? Hopola molao-motheo o boletsoeng ho Levitike 5:1. (Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1997, leqepheng la 27-30.) Lebisa tlhokomelo bukeng ea Bacha Baa Botsa, leqepheng la 68-9, ’me u hlalose hore na motho o lokela ho etsa joang boemong bo joalo.
Pina 195 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo. Sebelisa liphihlelo tse khethiloeng tsa morao tjena tse tsoang tšimong ea lōna tse tla khothalletsa ba bang hore ba kopanele tšebeletsong.
13 mets: “Kōpa Thuso.” Puo le puisano le bamameli ka moholo. Hlalosa kamoo kaofela ha rōna re hlokang mofuta o itseng oa thuso nako le nako. Ke ’nete hore e mong le e mong o lokela ho jara mojaro oa hae. (Bagal. 6:5) Leha ho le joalo, ha re sa phomelle, ha rea lokela ho tsilatsila ho kōpa thuso ho setho se hōlileng moeeng sa phutheho. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo thuso eo ba e filoeng ka mosa ke ba bang e ba khothalitseng kateng.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
12 mets: Hlahloba Buka ea Selemo ea 2000. Puisano le bamameli le tlhahlobo ea lintlha tse khōlō tsa “Lipalo-kakaretso Tsa 1999,” leqepheng la 31. Hape tšohla “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5. Kōpa litlhaloso ho ba bang mabapi le hore na ba tla latela khothatso e fanoeng joang.
Pina 68 le thapelo e koalang.