Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 June
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tsa phihlelo e phetiloeng ho Molula-Qhooa oa June 15, 1996, leqepheng la 32.
22 mets: Ho Qala Lithuto ka Bukana ea Seo a se Hlokang. Puo, hlahloba sehlooho se ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1999, leqepheng la 4. Etsa pontšo ea nehelano e hlahisitsoeng serapeng sa 6. E re mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba phete ka bokhutšoanyane katleho eo ba bileng le eona ha ba qalisa lithuto, ba bolele kamoo ba kenyelelitseng thuto kateng le hore na ba entse eng ho boloka thuto e ntse e tsoela pele libeke ka ho latellana.
Pina 209 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 June
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete le tsebiso ea tlhahlobo ea lichelete e etsoang hane ka selemo. Haeba phutheho e na le likopi tsa buka ea Bacha Baa Botsa kapa Bocha setokong, bontša hore na li ka sebelisoa hamolemo joang tšebeletsong nakong ea phomolo ea sekolo, ha re le monyetleng oa ho fumana bacha ba le hae.
8 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.
25 mets: “Nka Tseba Joang Ntle Leha e Mong a ka Ntataisa?” Puisano ea lipotso le likarabo e tsamaisoa ke molebeli oa tšebeletso. Etsa hore ho baloe serapa se seng le se seng, ’me u bale mangolo serapeng sa 3, 4 le 7. Ha u akaretsa serapa sa 6, hlalosa mosebetsi oa molebeli oa tšebeletso mabapi le ho lekanyetsa hore na ho ka tsosolosoa lithuto tsa Bibele le batho ba kolobelitsoeng kapa che.—Bona Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998.
Pina 89 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June. Hlahloba lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka July. Hlahisa libukana tsa khale tse teng phuthehong, ’me ka bokhutšoanyane u totobatse morero oa e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle e bontšang mokhoa oa ho fana ka e ’ngoe ea tsona tšebeletsong.
17 mets: “E-bang ba Seatla se Bulehileng, le Itokisetse ho Arolelana.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le “Mabaka a Hore re Fane” a mane a thathamisitsoeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 1996, leqepheng la 29-30.
18 mets: Tseba Mokhoa oa ho Fana ka Karabo. (Bakol. 4:6) Puo le puisano le bamameli. U etsa joang ha u kopana le motho ea phehang khang eo e seng ea Mangolo? Hangata buka ea Ho bea Mabaka ea re thusa ka ho fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa hore na re fane ka karabo e bohlale joang. Ka mohlala, le hoja re talima lefu e le sera se tlang ho hlōloa ka topollo ea Kreste, ba bang ba kholisehile hore ha ho letho le tlang ho tlosa qetello ena, esita le ho beha tumelo khopolong ea bohata ea ho tsoaloa hangata. Bua ka likarabelo tse fanoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka tšobotsing ea “Haeba e Mong a Re—”leqepheng la 222-3 le 177. Khothalletsa e mong le e mong hore a nke buka ena tšebeletsong ea tšimo.
Pina 44 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Botsa bahoeletsi ba qalileng lithuto ka bukana ea Seo a se Hlokang hore ba phete hore na ba finyelletse sena joang. Bua ka “Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlōanyane.” Khothalletsa bao maemo a bona a ba lumellang hore ka thapelo ba nahanele ho fallela ho o mong oa metse ena.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele ho Matlafatsa Bophelo ba Lelapa. Puisano pakeng tsa barab’abo rōna ba babeli, e thehiloeng lintlheng tse robeli tse akarelitsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 236. Hlalosa bohlokoa ba ho thusa liithuti tsa Bibele ho hlokomela hore lekunutu la thabo ea lelapa le itšetlehile ka ho utloisisa le ho sebelisa melao-motheo e Lentsoeng la Molimo. U sebelisa thuto ea 8 bukaneng ea Seo a se Hlokang, bontša kamoo sena se ka finyelloang kateng. Malapa a sebelisang keletso ea Bibele aa momahana ’me a fumana thabo e eketsehileng tlamahanong e tiileng ea lerato le bonngoe. Pheta phihlelo e bukeng ea Thabo ea Lelapa, khaolong ea 13, serapeng sa 1, 21-2.
Pina ea 51 le thapelo e koalang.