Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/00 leq. 1
  • “Re ke ke ra Khaotsa ho Bua”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re ke ke ra Khaotsa ho Bua”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelang Pele ho Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ho se Khaotse ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 7/00 leq. 1

“Re ke ke ra Khaotsa ho Bua”

1 Jesu Kreste o behile mosebetsi oa ho bolela leihlo. (Mat. 28:20; Mar. 13:10) Le hoja ho e-na le baboleli ba mafolofolo ba ka bang limilione tse tšeletseng ba pakang linaheng tse 234, ha rea tlameha ho nahana hore ho paka ha rōna ho felile. Ho fihlela Molimo a phatlalatsa hore mosebetsi o phethiloe, “re ke ke ra khaotsa ho bua” ka lintho tseo re ithutileng tsona.—Lik. 4:20.

2 Itšetlehe ka Moea oa Molimo: Satane o tlisa khatello e khōlō ho re nyahamisa. (Tšen. 12:17) Nama ea rōna e sa phethahalang le eona e re hlasela ka mathata a mangata. Lintho tse joalo li ka khelosa tlhokomelo ea rōna mosebetsing ona oa bohlokoahali oa ho bolela. Leha ho le joalo, haeba re tšepa Jehova, moea oa hae o tla re thusa ho tobana le mathata leha e le afe.

3 Ha phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ne e hlorisoa hampe, barab’abo rōna ba ile ba rapela Molimo hore a ba thuse hore ba tsoele pele ba bua lentsoe la hae ka sebete sohle. Jehova o ile a araba thapelo ea bona, a ba tšollela moea oa hae ’me a ba kenya cheseho le boikemisetso bo hlokahalang hore ba tsoele pele ba bolela. Ka lebaka leo, ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ka sebete ba phatlalatsa litaba tse molemo.—Lik. 4:29, 31; 5:42.

4 U se ke Ua Tšaba Puo e Nyahamisang: Maikutlo a akaretsang kapa ketselletso e tletseng hohle e ka ’na ea re tšosa. Leha ho le joalo, hopola polelo e sebete eo Petrose le baapostola ba bang ba ileng ba e bolella Sanhedrine, e tlalehiloeng ho Liketso 5:29-32. Joalokaha moruti oa Molao Gamaliele a ile a lumela, mosebetsi oa Molimo o ke ke oa hlōloa. O ke ke oa phethoa ka matla a rōna. Mosebetsi ona o moholo o tšehelitsoe ke Molimo, ’me ke eena feela ea ka o phethang!—Zak. 4:6.

5 A re kōpeng Jehova letsatsi le leng le le leng hore a re thuse ka moea oa hae hore ka cheseho re phatlalatse litaba tse molemo. E se eka re ka bua joaloka Jeremia, ra re molaetsa oa ’Muso o tšoana le mollo o chesang masapong a rōna. (Jer. 20:9) Re ke ke ra khutsa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela