Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wt khao. 19 maq. 167-174
  • Tsoelang Pele ho Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoelang Pele ho Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete
  • Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Itšetlehe ka Matla a Rōna
  • Tlaleho ea ho Paka ka Sebete
  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Isa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
wt khao. 19 maq. 167-174

Khaolo ea Leshome le Metso e Robong

Tsoelang Pele ho Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete

1. (a) Ke litaba life tse molemo tseo barutuoa ba Jesu ba ileng ba li bolela, empa ba bang ba Bajuda ba ile ba itšoara joang? (b) Re ka ’na ra botsa lipotso life?

HOO e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a tlotsetsoa ho ba Morena oa ka moso holim’a lefatše lohle. Jesu o ile a bolaoa ka tšusumetso ea lira tsa bolumeli, empa Jehova o ile a mo tsosa bafung. Joale bophelo bo sa feleng bo ne bo fumaneha ka Jesu. Leha ho le joalo, ha barutuoa ba Jesu ba bolela litaba tsena tse molemo phatlalatsa, ho ile ha qhoma mahloriso. Ba bang ba bona ba ile ba kenngoa teronkong, ba ba ba shapuoa ’me ba laeloa hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu. (Liketso 4:1-3, 17; 5:17, 18, 40) Ba ne ba tla etsa joang? U ka be u ile ua etsa joang? Na u ne u tla tsoela pele ho paka ka sebete?

2. (a) Ke litaba life tse babatsehang tseo ho hlokahalang hore li boleloe mehleng ea rōna? (b) Ke mang ea nang le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo?

2 Ka 1914 Morena oa ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a behoa teroneng leholimong hore a buse ‘har’a lira tsa hae.’ (Pesaleme ea 110:2) Ho latelang e bile hore Satane le bademona ba hae ba liheloe lefatšeng. (Tšenolo 12:1-5, 7-12) Matsatsi a ho qetela a tsamaiso ea hona joale e khopo a qalile. Ha nako ena e fela, Molimo o tla silakanya tsamaiso eohle ea lintho ea bosatane. (Daniele 2:44; Matheu 24:21) Baphonyohi ba tla be ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng leo e tlang ho ba paradeise. Haeba u se u amohetse litaba tsena tse molemo, u tla rata ho li arolela ba bang. (Matheu 24:14) Empa u ka lebella karabelo e joang?

3. (a) Batho ba arabela joang molaetseng oa ’Muso? (b) Re tlameha ho tobana le lipotso life?

3 Ha u phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso, batho ba bang ba ka ’na ba li amohela ka mofuthu, empa boholo ba tla iphapanyetsa tsona. (Matheu 24:37-39) Ba bang ba ka ’na ba u soma kapa ba u hanyetsa. Jesu o ile a hlokomelisa hore khanyetso e ka ’na ea hlaha ho beng ka uena. (Luka 21:16-19) U ka ba ua thulana le eona mosebetsing kapa sekolong. Likarolong tse ling tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova li bile li thibetsoe ke mebuso. Ha u talimane le maemo a joalo, na u tla tsoela pele u bolela lentsoe la Molimo ka sebete ’me u ‘eme u tiile tumelong’?—1 Bakorinthe 16:13.

Ho se Itšetlehe ka Matla a Rōna

4. (a) Hore re ipake re le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, tlhokahalo ea motheo ke efe? (b) Ke hobane’ng ha liboka tsa Bokreste e le tsa bohlokoa hakaale?

4 Ntho ea bohlokoa tabeng ea ho ba mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ke ho itšetleha ka litokisetso tsa hae. E ’ngoe ea tsona ke liboka tsa phutheho. Mangolo a re khothalletsa hore re se ke ra li hlokomoloha. (Baheberu 10:23-25) Ba ’nileng ba tsoela pele e le Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang ba ikitlaelelitse ho ba teng kamehla libokeng le barapeli-’moho le bona. Libokeng tsena tsebo ea rōna ea Mangolo ea eketseha. Hape, kananelo ea rōna bakeng sa linnete tseo re li tsebang ea hōla, ’me temoho ea rōna mabapi le hore na re li sebelisa joang ea leotsoa. Re huleloa haufi le barab’abo rōna ba Bakreste borapeling bo kopaneng ’me re matlafaletsoa ho etsa thato ea Molimo. Moea oa Jehova o fana ka tsamaiso ka phutheho, ’me ka moea oo Jesu o har’a rōna.—Matheu 18:20; Tšenolo 3:6.

5. Ha Lipaki tsa Jehova li thibetsoe, ho etsoa joang ka liboka?

5 Na u ba teng libokeng tsohle kamehla, hona na u sebelisa seo u utloang ho buisanoa ka sona? Ka linako tse ling, ha Lipaki tsa Jehova li thibetsoe, ho hlokahala hore ho tšoareloe liboka malapeng ka lihlotšoana. Libaka le linako li ka ’na tsa fapana ’me mohlomong tsa se be ka nako e loketseng kamehla, liboka tse ling li tšoaroa e se e le bosiu haholo. Empa ho sa tsotellehe likhoreletso tsa botho, kapa ho ba kotsing, bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba etsa boiteko bo tiileng ba hore ba be teng sebokeng se seng le se seng.

6. Re bontša joang hore re itšetlehile ka Jehova, hona see se ka re thusa joang hore re ’ne re bue ka sebete?

6 Ho itšetleha ka Jehova ho tiisoa ke ho retelehela ho eena kamehla ka thapelo e tlohang botebong ba pelo, re hlokomela hore re hloka thuso ea Molimo. Na u etsa joalo? Jesu o ne a sa phetse ho rapela nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. (Luka 3:21; 6:12, 13; 22:39-44) ’Me bosiung ba pele a khokhotheloa o ile a phehella barutuoa ba hae: “Le lule le lebetse ’me le rapela, e le hore le se ke la kena molekong.” (Mareka 14:38) Ha re thulana le batho ba iphapanyetsang molaetsa oa ’Muso, re ka ’na ra sekamela ho khoehliseng tšebeletsong ea rōna. Haeba batho ba re soma kapa ba re hlorisa, re ka ’na ra ikutloa re kene molekong oa ho thōla e le hore re qobe mathata. Empa haeba re rapella moea oa Molimo ka tieo hore o re thuse hore re ’ne re bue ka sebete, re tla sireletsoa ho ineheleng litekong tseo.—Luka 11:13; Baefese 6:18-20.

Tlaleho ea ho Paka ka Sebete

7. (a) Ke hobane’ng ha re thahasella tlaleho e ho Liketso ka ho khetheha? (b) Arabela lipotso tse lokiselitsoeng qetellong ea serapa sena, u hatisa kamoo boitsebiso bona bo ka re tsoelang molemo kateng.

7 Kaofela ha rōna re thahasella ka ho khetheha tlaleho e bukeng ea Liketso. E re bolella kamoo baapostola le barutuoa ba bang ba pele—e leng batho ba neng ba e-na le maikutlo joaloka rōna—ba ileng ba hlōla litšitiso ’me ba ipaka e le lipaki tsa Jehova tse sebete le tse tšepahalang. A re hlahlobeng karolo ea tlaleho eo ka thuso ea lipotso tse latelang le mangolo a boletsoeng. Ha re etsa joalo, nahana kamoo uena u ka ruang molemo kateng ho seo u se balang.

Na baapostola e ne e le banna ba rutehileng haholo? Na ke batho bao ka tlhaho ba neng ba sa tšabe, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng? (Johanne 18:17, 25-27; 20:19; Liketso 4:13)

Ke eng e ileng ea nolofalletsa Petrose hore a bue ka sebete ka pel’a lekhotla la Bajuda le neng le ahlotse Mora oa Molimo? (Matheu 10:19, 20; Liketso 4:8)

Baapostola ba ne ba ntse ba etsa eng libekeng tsa pele ba tlisoa ka pel’a Sanhedrine? (Liketso 1:14; 2:1, 42)

Ha babusi ba laela baapostola hore ba khaotse ho bolela ka lebitso la Jesu, Petrose le Johanne ba ile ba arabela joang? (Liketso 4:19, 20)

Hoba ba lokolloe, baapostola ba ile ba boela ba batla thuso ho mang? Na ba ile ba rapella hore mahloriso a khaotse, kapa ba ile ba rapella eng? (Liketso 4:24-31)

Jehova o ile a fana ka thuso efe ha bahanyetsi ba leka ho thibela mosebetsi oa boboleli? (Liketso 5:17-20)

Baapostola ba bontšitse joang hore ba utloisisa lebaka la hore ebe ba lokolotsoe? (Liketso 5:21, 41, 42)

Esita leha barutuoa ba bangata ba ne ba qhalane ka lebaka la mahloriso, ba ile ba tsoela pele ho etsa eng? (Liketso 8:3, 4; 11:19-21)

8. Ke litholoana life tse thabisang tse hlahisitsoeng ke tšebeletso ea barutuoa ba pele, hona ho tlile joang hore re kopanele ho eona?

8 Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo e ne e se oa lefeela. Ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba ka bang 3 000 ka Pentekonta ea 33 C.E. “Balumeli Moreneng ba ’na ba tsoela pele ho eketseha, matšoele a banna hammoho le a basali.” (Liketso 2:41; 4:4; 5:14) Ka morao ho nako, esita le mohlorisi ea sehlōhō ka ho fetisisa oa batho ba Molimo, Saule oa Tarsase, o ile a fetoha Mokreste ’me a qala ho pakela ’nete ka sebete. Hamorao o ile a tsejoa e le moapostola Pauluse. (Bagalata 1:22-24) Mosebetsi o qalileng lekholong la pele la lilemo o sa ntsane o tsoela pele. O eketsehile haholo matsatsing ana a ho qetela ’me o finyeletse likarolong tsohle tsa lefatše. Re na le tokelo ea ho kopanela ho oona, ’me ha re etsa joalo re ka ithuta ka mohlala o behiloeng ke lipaki tse tšepahalang tse o entseng pele ho rōna.

9. (a) Pauluse o ile a sebelisa menyetla efe ho paka? (b) Uena u hasa molaetsa oa ’Muso ho ba bang ka litsela life?

9 Ha Pauluse a ithuta ’nete ka Jesu Kreste, o ile a etsa eng? “Kapele-pele . . . a qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo.” (Liketso 9:20) O ile a ananela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ho eena ’me a hlokomela hore e mong le e mong o hloka litaba tse molemo tseo a li fumaneng. Ho latela tloaelo ea mehleng eo, kaha Pauluse e ne e le Mojuda, o ne a ea masynagogeng ho ea fana ka bopaki teng. Hape o ne a bolela ka ntlo le ntlo le ho behelana mabaka le batho ’marakeng. ’Me o ne a ithaopela ho fallela libakeng tse ncha ho ea bolela litaba tse molemo.—Liketso 17:17; 20:20; Baroma 15:23, 24.

10. (a) Pauluse o ile a bontša joang hore le hoja a le sebete, o ne a boetse a le masene tseleng eo a neng a paka ka eona? (b) Re ka bonahatsa litšoaneleho tsa Pauluse joang ha re pakela beng ka rōna, bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona?

10 Pauluse o ne a le sebete empa hape o ne a le masene, joalokaha re lokela ho ba joalo. Ho Bajuda o ile a ipiletsa motheong oa litšepiso tsa Molimo ho bo-ntat’a bona moholo. Ho Bagerike o ne a bua ka lintho tseo ba tloaelaneng le tsona. Ka linako tse ling o ne a sebelisa mokhoa oo a ithutileng ’nete ka oona e le mocha oa ho fana ka bopaki. O itse: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.”—1 Bakorinthe 9:20-23; Liketso 22:3-21.

11. (a) Pauluse o ile a etsa’ng hore a qobe ho qothisana lehlokoa khafetsa le bahanyetsi? (b) Re ka etsisa mohlala oa Pauluse neng, hona joang? (c) Matla a hore re ’ne re bue ka sebete a tsoa kae?

11 Ha khanyetso e etsa hore ho bonahale ho le molemo hore Pauluse a bolele sebakeng se seng ka nakoana, o ne a etsa joalo ho e-na le ho qothisana lehlokoa khafetsa le bahanyetsi. (Liketso 14:5-7; 18:5-7; Baroma 12:18) Empa ha ho mohla a kileng a hlajoa ke lihlong ka litaba tse molemo. (Baroma 1:16) Le hoja Pauluse a ne a sa thabele ho tšoaroa ka sehlōhō—esita le ka mabifi—ke bahanyetsi, o ile a “iteta sebete ka Molimo oa rōna” hore a ’ne a tsoele pele ho bolela. O ile a re: “Morena a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na, e le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo.” (1 Bathesalonika 2:2; 2 Timothea 4:17) Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu, o tsoela pele ho fana ka matla ao re a hlokang hore re etse mosebetsi oo a o boletseng esale pele bakeng sa mehla ea rōna.—Mareka 13:10.

12. Ke eng e fanang ka bopaki ba sebete sa Bakreste, hona motheo oa sona ke ofe?

12 Re na le mabaka ’ohle a ho tsoela pele re bolela lentsoe la Molimo ka sebete, feela joalokaha Jesu le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa. Hona ha ho bolele hore re se ke ra nahanela ba bang kapa hona ho leka ho qobella batho molaetsa oo ba sa o rateng. Empa ha re tele hobane batho ba iphapanya; hape ha re thōlisoe ke khanyetso. Joaloka Jesu, re bolela ’Muso oa Molimo e le eona puso e loketseng lefatše lohle. Re bua re kholisehile hobane re emela Jehova, ’Musi oa Bokahohleng le hobane molaetsa oo re o bolelang ha o tsoe ho rōna empa o tsoa ho eena. ’Me lerato la rōna ho Jehova e lokela ho ba lona le re susumetsang haholo bakeng sa ho mo rorisa.—Bafilipi 1:27, 28; 1 Bathesalonika 2:13.

Tlhahlobo

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho kopanela molaetsa oa ’Muso le motho ka mong eo ho ka khonehang hore re bue le eena, empa re ka lebella karabelo efe?

• Re ka bontša joang hore ha re itšetlehe ka matla a rōna ho sebeletsa Jehova?

• Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ithutang eona bukeng ea Liketso?

[Litšoantšo tse leqepheng la 173]

Joaloka nakong e fetileng, bahlanka ba Jehova kajeno ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela