Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 7/15 maq. 19-23
  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste ba ne ba Hloka Sebete Hore ba Hlōle Lira
  • Lerato le Ile la Susumetsa Jesu Hore a Bolele ka Sebete
  • Moea o Halalelang o re fa Matla a Hore re Bolele ka Sebete
  • Kajeno Bakreste ba Bolela ka Sebete
  • Na U Bolela ka Sebete?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • U se ke oa Tšoha
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 7/15 maq. 19-23

Etsisa Jesu​—Bolela ka Sebete

‘Re ile ra iteta sebete ho le bolella litaba tse molemo.’—1 BATHES. 2:2.

1. Ke hobane’ng ha litaba tse molemo tsa ’Muso li le monate hakaale?

RURI ho utloa litaba tse molemo hoa thabisa! ’Me litaba tse monate ka ho fetisisa ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Litaba tsena tse molemo li re tiisetsa hore mahlomola, ho kula, bohloko, ho sareloa le lefu li tla fela. Li fa batho tšepo ea bophelo bo sa feleng, li bolela hore na morero oa Molimo ke ofe ’me li re bontša kamoo re ka sebelisanang ka lerato kateng le eena. U ne u ka lebella hore motho e mong le e mong o ne a tla thabela ho utloa litaba tsena tseo Jesu a ileng a li bolella batho. Empa ka masoabi ha ho joalo.

2. Hlalosa mantsoe ana a Jesu a reng: “Ke tletse ho baka karohano.”

2 Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng khotso. Kaha ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale. Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Mat. 10:34-36) Ho e-na le hore batho ba bangata ba amohele litaba tse molemo, baa li hana. Ba bang ba iphetotse lira tsa batho ba li bolelang, le haeba e le litho tse haufi tsa lelapa.

3. Ho hlokahala hore re be le eng ha re etsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo?

3 Re bolela linnete tse tšoanang le tseo Jesu a neng a li bolela, ’me kajeno ha batho ba li utloa, ba etsa seo batho ba mehleng ea Jesu ba neng ba se etsa. Re lebeletse hore ho be joalo. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Linaheng tse ngata ha re hlorisoe ka tsela e tobileng, empa batho ba nena seo re ba bolellang sona ebile ba iphapanyetsa sona. Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re be le tumelo le sebete e le hore re ka mamella mosebetsing oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo re sa tšabe letho.—Bala 2 Petrose 1:5-8.

4. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Pauluse a ‘itete sebete’ e le hore a bolele litaba tse molemo?

4 Mohlomong ka linako tse ling u thatafalloa ke ho kopanela tšebeletsong, kapa mohlomong u ka ’na ua tšoha hore mofuta o itseng oa tšebeletso o thata. Haeba ho joalo, ha u mong; ho na le bahoeletsi ba bang ba tšepahalang ba ikutloang joaloka uena. Moapostola Pauluse e ne e le ’moleli ea sebete le ea sa tšabeng letho ea neng a utloisisa ’nete ka tsela babatsehang, empa ka linako tse ling le eena o ne a thatafalloa ke ho bolela litaba tse molemo. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika, a re: “Ka mor’a hore pele re utloe bohloko le ho nyelisoa (feela joalokaha le tseba) Filipi, re ileng ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.” (1 Bathes. 2:2) Ha Pauluse le mosebetsi-’moho le eena Silase, ba ne ba le Filipi, ba boholong ba ile ba ba otla ka melamu, ba ba lahlela chankaneng ’me ba tiisa maoto a bona metšoasong. (Lik. 16:16-24) Leha ho le joalo, Pauluse le Silase ba ile ba “iteta sebete” e le hore ba tsoela pele ho bolela. Re ka etsa se tšoanang joang? E le hore re fumane karabo, a re ke re hlahlobeng hore na ke eng e ileng ea thusa bahlanka ba Molimo ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele hore ba bolele ’nete e buang ka Jehova ka sebete, re be re ithute hore na re ka etsisa mohlala oa bona joang.

Bakreste ba ne ba Hloka Sebete Hore ba Hlōle Lira

5. Ke hobane’ng ha kamehla ho ’nile ha hlokahala hore batho ba tšepahalang ho Jehova ba be sebete?

5 Ha e le hantle, Jesu Kreste ke eena mohlala o moholo ka ho fetisisa oa ho ba sebete le ho hloka tšabo. Leha ho le joalo, ho tloha qalong ea histori ea batho, kamehla ho ’nile ha hlokahala hore batho bohle ba tšepahalang ho Jehova ba be sebete. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ka mor’a bofetoheli bo ileng ba etsahala Edene, Jehova o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le bora pakeng tsa ba sebeletsang Molimo le ba sebeletsang Satane. (Gen. 3:15) Bora bona bo ile ba bonahala kapele ha Abele ea lokileng, a ne a bolaoa ke moholoane oa hae. Hamorao, motho e mong ea tšepahalang ea ileng a hlouoa ke batho, ke Enoke ea phetseng pele ho Moroallo. O ile a profeta hore Molimo o ne a tla tla ka limiriade tsa Hae tse halalelang ho tla ahlola batho ba sa tšabeng Molimo. (Juda 14, 15) Ka sebele batho ba ne ba sa rate molaetsa ona. Batho ba ne ba hloile Enoke, ’me ho hlakile hore ba ka be ba ile ba mo bolaea hoja Jehova a se ke a khaoletsa bophelo ba hae. Enoke o ile a bontša sebete se sekaakang!—Gen. 5:21-24.

6. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Moshe a be sebete ha a bua le Faro?

6 Hape, nahana ka sebete seo Moshe a ileng a se bontša ha a ne a bua le Faro, ’musi ea neng a nkoa ese moemeli feela oa melimo, empa e le molimo ka boeena, mora oa molimo oa letsatsi, Ra. Ho ka etsahala ebe joaloka bo-Faro ba bang, o ne a rapela setšoantšo sa hae. Ha Faro a ne a buile, lentsoe la hae le ne le haheloa lesaka. Kaha Faro o ne a le matla, a ikhohomosa, a bile a le manganga, o ne a sa tloaela hore batho ba bang ba mo bolelle hore na a etse’ng. Moshe e leng molisa ea bonolo, o ne a lokela ho hlaha khafetsa ka pel’a eena monna enoa—a sa bitsoa ebile boteng ba hae bo sa thabeloe. Moshe o ile a bolela ka eng esale pele? Ka likotlo tse tšabehang. Hona o ile a batla hore ho etsoe joang? O ile a batla hore makhoba a Faro a limilione a lokolloe hore a tsoe naheng eo! Na ho ne ho hlokahala hore Moshe a be sebete? Hantle haholo!—Num. 12:3; Baheb. 11:27.

7, 8. (a) Batho ba tšepahalang ba boholo-holo ba ile ba thulana le liteko life? (b) Ke eng e ileng ea thusa batho bao ba mehleng ea pele ho Bokreste hore ba be sebete ha ba buella borapeli bo hloekileng ba bile ba bo tšehetsa?

7 Lilemong tse makholo tse ileng tsa latela, baprofeta le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo, ba ile ba tsoela pele ho tšehetsa borapeli bo hloekileng ka sebete. Lefatše la Satane ha lea ka la ba tšoara hantle. Pauluse o ile a re: “Ba ile ba tlepetsoa ka majoe, ba lekoa, ba sakhoa likoto, ba shoa ka ho bolaoa ka sabole, ba phaila ka matlalo a linku, ka matlalo a lipōli, ha ba ntse ba le bohloking, ba le matšoenyehong, ba le tlas’a tšoaro e mpe.” (Baheb. 11:37) Ke eng e ileng ea thusa bahlanka bao ba tšepahalang ba Molimo hore ba eme ba tiile? Litemaneng tse seng kae pele ho ena, moapostola Pauluse o ne a ile a bolela hore na ke eng e ileng ea matlafatsa Abele, Abrahama, Sara le ba bang hore ba mamelle. O ile a re: “Le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa [ka tumelo] ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela.” (Baheb. 11:13) Ha ho pelaelo hore baprofeta ba kang Elia, Jeremia le batho ba bang ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste, ba ileng ba emela borapeli ba ’nete ka sebete, le bona ba ile ba mamella ka hore ba tšepe hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala.—Tite 1:2.

8 Batho bao ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste, ba ne ba lebeletse bokamoso bo khanyang le bo khahlisang. Ka mor’a hore ba tsosoe bafung, qetellong e tla ba batho ba phethahetseng ’me ba tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ka litšebeletso tsa boprista tsa Kreste Jesu le baprista ba hae ba tlaasana ba 144 000. (Bar. 8:21) Ho feta moo, Jeremia le bahlanka ba bang ba Molimo ba boholo-holo ba sebete, ba ile ba betefala ka lebaka la tšepiso ea Jehova e hlahang tšepisong eo a ileng a e fa Jeremia e reng: “Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’ ho bolela Jehova.” (Jer. 1:19) Kajeno, le rōna ha re nahana ka litšepiso tseo Molimo a re etselitseng tsona ka bokamoso le ka tiisetso eo a re etselitseng eona ea hore o tla re sireletsa, rea matlafala.—Liprov. 2:7; bala 2 Bakorinthe 4:17, 18.

Lerato le Ile la Susumetsa Jesu Hore a Bolele ka Sebete

9, 10. Jesu o ile a bontša sebete ka litsela life ha a ne a le ka pel’a (a) baeta-pele ba bolumeli, (b) sehlopha sa masole, (c) moprista ea phahameng, (d) Pilato?

9 ’Mehi-mohlala oa rōna, e leng Jesu, o ile a bontša hore o sebete ka litsela tse ngata. Ka mohlala, le hoja Jesu a ne a hloiloe ke batho ba nang le matla le tšusumetso, ha aa ka a bebofatsa seo Molimo a neng a batla hore batho ba se tsebe. Ka sebete o ile a pepesa baeta-pele ba bolumeli ba matla ka lebaka la boikhohomoso ba bona hammoho le lithuto tsa bona tsa bohata. Jesu ha aa ka a hlatha koana le koana ha a nyatsa banna bao. Ketsahalong e ’ngoe o ile a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le tšoana le mabitla a soeufalitsoeng, ao ka sebele a bonahalang a le matle ka ntle empa ka hare a tletse masapo a batho ba shoeleng le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong. Ka tsela eo le lōna, ka sebele ka ntle, le bonahala le lokile ho batho, empa ka hare le tletse boikaketsi le tlōlo ea molao.”—Mat. 23:27, 28.

10 Ha Jesu a ne a tobane le sehlopha sa masole serapeng sa Gethesemane, ka sebete o ile a ba bolella hore ke eena eo ba neng ba mo batla. (Joh. 18:3-8) Hamorao o ile a isoa ka pel’a lekhotla la Sanhedrine eaba moprista ea phahameng o mo hloma lipotso. Le hoja Jesu a ne a tseba hore moprista ea phahameng o ne a batla leqheka la ho mo bolaea, ka sebete o ile a tiisa hore e ne e le Kreste ebile e le Mora oa Molimo. O ile a phaella ka hore ba ne ba tla mo bona “a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.” (Mar. 14:53, 57-65) Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a ema a tlamiloe ka pel’a Pilato, ea ka beng a ile a mo lokolla. Empa Jesu ha aa ka a fana ka karabo linthong tseo ba neng ba mo qosa ka tsona. (Mar. 15:1-5) Lintho tsena kaofela li ne li hloka hore a be sebete.

11. Ho ba sebete ho amana le lerato joang?

11 Jesu o ile a re ho Pilato: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Joh. 18:37) Jehova o ne a file Jesu mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, ’me Jesu o ile a thabela ho o etsa hobane o ne a rata Ntate oa hae ea leholimong. (Luka 4:18, 19) Jesu o ne a boetse a rata batho. O ne a tseba hore ba ne ba phela ka thata. Ka tsela e tšoanang, re tseba ho bolela ka sebete re sa tšabe letho ka lebaka la lerato le matla leo re ratang Molimo le moahelani oa rōna ka lona.—Mat. 22:36-40.

Moea o Halalelang o re fa Matla a Hore re Bolele ka Sebete

12. Ke eng e ileng ea thabisa barutuoa ba pele?

12 Libeke ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba ile ba e-ba le lebaka la ho thaba ha Jehova a ne a ba eketsa ka ba ntseng ba pholosoa. Ka letsatsi le le leng feela, ho ile ha kolobetsoa Bajuda ba ka bang 3 000 le basokolohi ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba tlile Jerusalema ho tla keteka Pentekonta! E tlameha ebe ketsahalo ena e ile ea e-ba taba e melomong ea batho Jerusalema! Bibele e re: “Tšabo ea qala ho oela moea o mong le o mong, ’me limakatso le lipontšo tse ngata tsa qala ho etsahala ka baapostola.”—Lik. 2:41, 43.

13. Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba ile ba rapella hore ba be sebete, ’me ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

13 Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba halefa, eaba ba tšoara Petrose le Johanne, ba ba koalla chankaneng bosiu ’me ba ba laela hore ba se ke ba bua ka Jesu. Ha ba qeta ho lokolloa, Petrose le Johanne ba ile ba tlalehela barab’abo bona se etsahetseng ’me kaofela ba ile ba rapela mabapi le khanyetso eo ba neng ba thulana le eona, ba kōpa ba re: “Jehova . . . u etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Ho ile ha etsahala’ng? “Kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.”—Lik. 4:24-31.

14. Moea o halalelang o re thusa joang mosebetsing oa boboleli?

14 Hlokomela hore moea oa Jehova o matla o halalelang, ke oona o ileng oa thusa barutuoa hore ba bolele lentsoe la Molimo ka sebete. Sebete sa hore re bolelle batho ba bang ’nete, esita le ba sa batleng molaetsa oa rōna, ha se tsoe ho rōna. Jehova a ka re fa moea oa hae o halalelang ebile o tla re fa oona haeba re mo kōpa. Ka thuso ea Jehova, le rōna re ka bontša hore re na le sebete sa hore re mamelle khanyetso ea mofuta ofe kapa ofe ka botšepehi.—Bala Pesaleme ea 138:3.

Kajeno Bakreste ba Bolela ka Sebete

15. ’Nete e arola batho joang kajeno?

15 Kajeno, ’nete e ntse e tsoela pele ho arola batho joaloka nakong e fetileng. Ba bang ba amohela molaetsa, athe ba bang ha ba utloisise borapeli ba rōna ebile ha ba bo ananele. Ba bang baa re nyatsa, baa re soma kapa ba bile ba re hloile, feela joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele. (Mat. 10:22) Ka linako tse ling, batlalehi ba litaba ha ba tlalehe ’nete ka rōna ba bile ba phatlalatsa leshano leo morero oa lona e leng ho re senya lebitso. (Pes. 109:1-3) Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba bolela litaba tse molemo ka sebete lefatšeng lohle.

16. Ke ketsahalo efe e bontšang hore ho ba sebete ho ka fetola maikutlo a batho bao re ba bolellang litaba tse molemo?

16 Sebete seo re nang le sona se ka ’na sa etsa hore batho ba fetole maikutlo a bona mabapi le molaetsa oa ’Muso. Morali’abo rōna e mong oa Kyrgyzstan o re : “Ha ke ne ke le mosebetsing oa boboleli, motho e mong o ile a re ho ’na: ‘Ke lumela ho Molimo empa eseng ho Molimo oa Bakreste. Ha nka u bona mona hape, ke tla u saeletsa ntja ena!’ Ka mor’a hae ho ne ho e-na le ntja e khōlō ea lebeletoko e fasitsoeng ka ketane. Empa ha re ne re le letšolong la ho tsamaisa pampitšana ea Kingdom News No. 37, e nang le sehlooho se reng, ‘Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!,’ ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela ntlong eo ka tšepo ea hore mohlomong ke tla kopana le litho tse ling tsa lelapa la monna eo. Leha ho le joalo, monna eo ke eena ea ileng a bula monyako. Ka potlako ke ile ka rapela Jehova, eaba ke re: ‘Lumela Monghali, ke ntse ke hopola moqoqo oa rōna oa matsatsing a mararo a fetileng, ebile ke ntse ke hopola le ntja ea hao. Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho u tlisetsa pampitšana ena hobane joaloka uena, le ’na ke lumela ho Molimo a le mong feela oa ’nete. Haufinyane Molimo o tla ahlola malumeli a mo hlomphollang. Ha u bala pampitšana ena, e tla u ruta haholo ka taba eo.’ Ke ile ka makala ha monna eo a amohela pampitšana eo. Ka mor’a moo ke ile ka ea ntlong e ’ngoe. Metsotsoana e seng mekae ka mor’a moo, monna eo o ile a tla a matha ka mor’aka a tšoere pampitšana eo. O ile a re: ‘Ke e balile. Joale ke lokela ho etsa’ng e le hore ke qobe bohale ba Molimo?’” Monna eo o ile a khanneloa thuto ea Bibele ’me o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste.

17. Sebete sa morali’abo rōna se ile sa matlafatsa seithuti sa Bibele se neng se le letsoalo joang?

17 Ha re le sebete, seo se ka khothatsa ba bang hore le bona ba be sebete. Morali e mong oabo rōna oa Russia, ea neng a tsamaea ka bese, o ile a fa moeti e mong makasine. Ka nako eo, monna e mong o ile a tlōla setulong sa hae, a choabola makasine eo letsohong la morali’abo rōna, a e sosobanya eaba o e lahlela fatše. O ile a rohaka morali’abo rōna a hoelehelitse, a batla aterese ea moo a lulang eaba o mo bolella hore a se ke be a etsa mosebetsi oa boboleli motseng oo. Morali’abo rōna o ile a rapela Jehova hore a mo thuse eaba o ikhopotsa mantsoe ana a Jesu: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele.” (Mat. 10:28) O ile a ema eaba ka bonolo o re ho monna eo, “nke ke ka u fa aterese eaka, ’me ke tla ’ne ke tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli motseng ona.” Ka mor’a moo, morali’abo rōna o ile a theoha bese. Ha seo se ntse se etsahala, morali’abo rōna o ne a sa tsebe hore seithuti sa hae sa Bibele se ne se le teng ka beseng eo. Ka lebaka la ho tšaba batho, mosali eo o ne a sitoa ho ea libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a bone sebete sa morali’abo rōna o ile a etsa qeto ea hore o tla qala ho ea libokeng.

18. Ke sefe se tla u thusa hore u bolele litaba tse molemo ka sebete joaloka Jesu?

18 Lefatšeng lena le sa lumeleng ho Molimo, ho hlokahala hore re be sebete e le hore re bolele litaba tse molemo joalokaha Jesu a ile a li bolela. Ke sefe se tla u thusa hore u etse joalo? Nahana ka bokamoso. Etsa hore lerato leo u ratang Molimo le moahelani ka lona le lule le le matla. Rapela Jehova hore a u fe sebete. Kamehla u hopole hore ha u mong, Jesu o na le uena. (Mat. 28:20) Moea o halalelang o tla u matlafatsa. Ebile Jehova o tla u hlohonolofatsa a be a u thuse. Kahoo, ese eka re ka ba sebete ’me re re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”—Baheb. 13:6.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba be sebete?

• Tabeng ea ho ba sebete, re ithuta’ng ho . . .

batho ba tšepahalang ba phetseng pele ho Kreste?

Jesu Kreste?

Bakreste ba pele?

Bakreste-’moho le rōna kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka sebete Jesu o ile a pepesa baeta-pele ba bolumeli

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jehova o re fa sebete sa hore re bolele litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela