Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 6
  • U se ke oa Tšoha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke oa Tšoha
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na U Bolela ka Sebete?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 6

HA U QALA MOQOQO

Jesu o kopa Zakiase hore a theohe sefateng ’me batho ba bang baa makala.

Luka 19:1-7

THUTO EA 6

U se ke oa Tšoha

Keletso ea Bibele: “Molimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho eena.”—1 Bathes. 2:2.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o kopa Zakiase hore a theohe sefateng ’me batho ba bang baa makala.

VIDEO: Jesu o Bua le Zakiase

1. Shebella VIDEO kapa u bale Luka 19:1-7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha batho ba bang ba ne ba qoba ho bua le Zakiase?

  2. Ke’ng e ileng ea susumeletsa Jesu hore a bue le Zakiase ho sa tsotellehe seo batho ba neng ba se nahana ka eena?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re hloka ho ba sebete e le hore re bolelle batho bohle ka ’Muso oa Molimo.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Tšepa Jehova. Moea oa Molimo o ile oa thusa Jesu hore a bue le batho ka Molimo, le uena moea o halalelang o ka u thusa. (Mat. 10:19, 20; Luka 4:18) Kopa Jehova hore a u thuse hore u khone ho bua le batho bao u ba tšabang.—Lik. 4:29.

4. U se ke oa ahlola batho. Ka linako tse ling re ka tšaba ho bua le batho ka lebaka la tsela eo ba shebahalang ka eona, boitšoaro ba bona, bolumeli ba bona, botumo ba bona kapa hobane e le barui. Empa hopola hore:

  1. Ke Jehova le Jesu feela ba tsebang lintho tseo batho ba li nahanang.

  2. Jehova a ka khona ho thusa motho leha e le ofe hore a mo tsebe.

5. E-ba sebete empa u shebe maemo. (Mat. 10:16) Qoba ho ngangisana le motho eo u buang le eena. Khaotsa ho qoqa le motho haeba a sa batle ho u mamela kapa u utloa u sa sireletseha.—Liprov. 17:14.

U KA BOELA OA SHEBA

Lik. 4:31; Baef. 6:19, 20; 2 Tim. 1:7

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela