Na U Bolela ka Sebete?
1 Ho sa tsotellehe ho tšoaroa le ho sokeloa ke bahanyetsi, Petrose le Johanne ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka sebete. (Lik. 4:17, 21, 31) Ho bolela ka sebete ho bolela eng ho rōna kajeno?
2 Ho Paka ka Sebete: Lentsoe le leng le bolelang ho ba “sebete” ke ho “ho hloka tšabo,” e leng ho bolelang “ho se tšohe letho, ho iteta sefuba le ho mamella.” Ho Bakreste ba ’nete, ho bolela ka sebete ho bolela ho se tšabe ho bua neng le neng ha ho e-na le monyetla o loketseng oa ho arolela ba bang litaba tse molemo. (Lik. 4:20; 1 Pet. 3:15) Ho bolela hore litaba tse molemo ha li re hlabise lihlong. (Pes. 119:46; Baroma 1:16; 2 Tim. 1:8) Kahoo, sebete ke tšobotsi e hlokahalang ho finyella thōmo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso nakong ena ea bofelo. Se re susumelletsa ho arolela batho litaba tse molemo hohle moo ba ka fumanoang teng.—Lik. 4:29; 1 Bakor. 9:23.
3 Ho ba Sebete Sekolong: Na tšekamelo ea ho tšaba kapa ho ba boi e u thatafalletsa ho bolella bao u kenang sekolo le bona? Ka linako tse ling ha ho bonolo; ha e le hantle, e ka ba phephetso ea sebele. Leha ho le joalo, Jehova o tla u matlafatsa haeba u rapella sebete sa ho bolella ba bang. (Pes. 138:3) Ho ba sebete ho tla u thusa hore u itsebahatse u le e mong oa Lipaki tsa Jehova le ho mamella ho songoa. Ka lebaka leo, ho bolela ha hao sekolong ho ka ’na ha pholosa ba u mamelang.—1 Tim. 4:16.
4 Ho ba Sebete Mosebetsing: Na u tsebahala u le e mong oa Lipaki tsa Jehova mosebetsing? Tsela feela ea ho finyella basebetsi-’moho le uena ka litaba tse molemo e ka ba ka hore u ba bolelle. Ho ba sebete ha hao ho tla boetse ho u thusa ho fumana nako ea ho ea libokeng le likopanong tsa Bokreste.
5 Ho ba Sebete ha U le Tlas’a Teko: Ho ba le sebete ke habohlokoa ha re tobane le khanyetso. (1 Bathes. 2:1, 2) Ho re thusa ho tšoarella tumelong ea rōna ha re sokeloa, re songoa, kapa re hlorisoa ka ho toba. (Bafil. 1:27, 28) Ho re matlafalletsa ho ema re tiile ha re le tlas’a khatello ea hore re sekisetse ho khomarela litekanyetso tsa Molimo oa rōna, Jehova. Ho re matlafalletsa ho ba le khotso e tsitsitseng ha ba bang ba tsosa likhang.—Baroma 12:18.
6 Ho sa tsotellehe hore na re tobana le mathata afe, e se eka re ka mamella ho boleleng litaba tse molemo ka sebete.—Baef. 6:18-20.