Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/00 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisoa ha Bibele ho Khothalelitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • E Ruta Bamameli ba Hao
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Talima Bamameli
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 9/00 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Ke hobane’ng ha ho le molemo hore bamameli ba phetle mangolo ha sebui se ba mema hore ba etse joalo nakong ea puo?

Lintlha tse kang sehlooho se tšohloang le hore na puo eo e akarelletsa ho hlahlojoa ha temana ka temana ea karolo ea Lentsoe la Molimo kapa che, ke sona se tla rera hore na ke mangolo a makae ao bamameli ba ka memeloang ho a phetla.

Ke habohlokoa ho hopola hore lebaka le leng la ho phetla mangolo ke ho tiisa hore se boleloang se tsoa Bibeleng. (Lik. 17:11) Sepheo se seng ke ho hlahloba bopaki ba Mangolo ho tšehetsa seo ho buuoang ka sona e le hore tumelo ea bohle e ka matlafatsoa. Ho iponela seo Bibele e hlileng e se bolelang ha temana ea sehlooho e baloa ho tla etsa hore se hatisehe ka ho teba likelellong. Ho phaella ho phetleng mangolo, ho ngola lintlha le ho tsamaisana le likhopolo ha li ntse li hlalosoa ho molemo.

Le hoja kemiso ea Mokhatlo e ka bolela litemana tse ngata tsa Mangolo bakeng sa ho hōlisa taba eo, tsona li fanoe molemong oa sebui, ho se thusa ho lokisetsa puo ea sona. Tsena li ka ’na tsa fana ka boitsebiso ba motheo kapa mohlomong tsa se thusa ho fumana melao-motheo ea Mangolo tabeng le ho utloisisa ho hōlisoa ha taba eo. Sebui se lekanyetsa hore na ke litemana life tseo e leng tsa bohlokoa ho hōliseng puo ’me se meme bamameli hore ba tsamaisane le sona ha ho baloa litemana tseo ’me li hlalosoa. Litemana tse ling tse tšehetsang boitsebiso boo li ka ’na tsa boleloa ’me tsa hlalosoa ka bokhutšoanyane, empa mabakeng a joalo ha ho hlokahale hore bamameli ba li phetle.

Ha sebui se bala mangolo a khethiloeng, se etsa joalo se bala ka ho toba Bibeleng eseng pampiring e hatisitsoeng ka k’homphieutha. Ha sebui se mema bamameli hore ba bale le sona, se bolela buka ea Bibele, khaolo le (li)temana ka ho hlaka. Ho khefutsa ka ho botsa potso kapa ho hlalosa ka bokhutšoanyane hore na ke hobane’ng ha temana eo e baloa ho tla fa bamameli nako ea ho fumana lengolo leo. Ho pheta lengolo leo ho tla thusa bamameli hore ba le hopole. Leha ho le joalo, ha ho khothalletsoe hore ho boleloe nomoro ea leqephe kaha lia fapana ho itšetlehile ka hore na batho ka bomong har’a bamameli ba sebelisa khatiso efe ea Bibele. Ho phetla mangolo ha sebui se ba mema ho thusa bamameli ho rua molemo matleng a Lentsoe la Molimo joalokaha le hlalosoa nakong ea puo.—Baheb. 4:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela