Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 January
  • Beke e Qalang ka la 15 January
  • Beke e Qalang ka la 22 January
  • Beke e Qalang ka la 29 January
  • Beke e Qalang ka la 5 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 1/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 January

Pina 29

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: “Leseli la Lōna a le Khanye.”a Kopanyelletsa le litlhaloso tse ho Molula-Qhooa oa June 1, 1997, leqepheng la 15, serapeng sa 12-13. Khothalletsa bohle hore ba sebelise monyetla o mong le o mong ho paka.

20 mets: “E-ba Momameli ea Molemo.” Puo le puisano le bamameli. Hlahloba lintlha tse ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 27-8, serapeng sa 15-17. Mokhoa o molemohali oa ho hlahloba hore na re mamela joang ke hore na re ka hopola ho le hokae. Kōpa bamameli hore ba hopole tse ling tsa lintlha tse ikhethang tse akarelitsoeng ke libui Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bosiung bona.

Pina 1 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 January

Pina 51

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Na U Hlahloba Mangolo Kamehla? Puo le lipuisano ka lipotso. Hlahloba Molula-Qhooa oa December 15, 1996, leqepheng la 17-18, serapeng sa 12-14, o totobatsang bohlale ba ho ba le puisano ea temana ea letsatsi ka leng joaloka lelapa. Bua le litho tsa lelapa, tseo se seng le se seng se hopolang puisano ea morao-rao ea temana ea letsatsi e ileng ea ipaka e le molemo ka ho khethehileng ’me li fane ka lebaka la hore na hobane’ng. Hatisa hore sena se lokela ho ba karolo ea lenaneo la kamehla la thuto ea lelapa e reretsoeng ho matlafatsa malapa a rōna le ho boloka lelapa le le mafolofolo tšebeletsong.

Pina 67 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 January

Pina 90

7 mets: Litsebiso tsa phutheho.

18 mets: Mokhoa oa ho Lokisetsa Likenyelletso. Puo le lipontšo. Hlahloba lintlha tsa sehlooho bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 9. Bontša kamoo re ka khethang likenyelletso tse loketseng tsela ea rōna ea nehelano, botho le tšimo hamolemo. Hlahloba likenyelletso tse ling tseo e leng mehlala tse ka sebelisoang le bukana ea Seo a se Hlokang, ebe ho etsoa pontšo ka e le ’ngoe kapa tse peli tsa tsona. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1997, leqepheng la 10.) Khothalletsa e mong le e mong hore a sebelise litlhahiso tsena tse fanoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso hamolemo tšebeletsong ea bona ea tšimo.

20 mets: “Batsoali—Fetisetsang Mekhoa e Metle Baneng ba Lōna.” Puo le puisano le batsoali bao bana ba bona ba etsang hantle moeeng. Batsoali ba bolela lintho tse ntle tseo ba li entseng hore ba kopanyelletse bana ba bona tšebeletsong ea tšimo. Ha nako e lumela, kopanyelletsa litlhahiso tse tsoang bukeng ea Thabo ea Lelapa, leqepheng la 55-9.

Pina 96 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 January

Pina 139

7 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. Bolela lingoliloeng tseo ho fanoang ka tsona ka February, o totobatsa libuka tseo phutheho e nang le tsona setokong.

13 mets: Moloko oa Batho o Batla Molimo. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa April 1, 1991, leqepheng la 16-19, ho haha tebello bakeng sa thuto ea phutheho ea buka ea Moloko oa Batho. Khothalletsa bohle, ho akarelletsa le bacha hore ba amehe lipuisanong tsa beke le beke thutong ea buka. Bohle ba tla rata ho ba teng kamehla, ba labalabela ho ithuta le ho sebelisa seo ba ithutileng sona tšebeletsong.

25 mets: Litokisetso Tse Lerato Bakeng sa ho Hlokomela Bophelo ba Rōna. Puo ka moholo ea tšoanelehang, e thehiloeng lengolong la la 1 December, 2000, le kemisong e tsoang ho Mokhatlo. Hatisa hore tšireletseho e molemohali khahlanong le hore motho a tšeloe mali a sa batle e finyelloa ka ho tlatsa karete ea Advance Medical Directive/Release. Tokomane ena e tla fuoa bahoeletsi ba kolobelitsoeng ka mor’a seboka bosiung bona, empa HA LIA lokela ho tlatsoa bosiung bona. Phutheho e lokela ho ba le lenane le lekaneng la likarete bakeng sa ho ajoa. Ho saena, ho pakela le ho ngola letsatsi likareteng tsohle ho tla etsoa ka mor’a Thuto ea Buka ea Phutheho e latelang, ka thuso ea mokhanni oa thuto ea buka moo ho hlokahalang. Pele u saena, etsa bonnete ba hore likarete li tlatsitsoe ka ho feletseng. Ba saenang e le lipaki ba lokela ba hle ba bone ha motho a saena tokomane eo. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho etsa bonnete ba hore bohle ba abetsoeng sehlopheng sa bona ba fumana thuso eo ba e hlokang ho tlatsa karete ea Advance Medical Directive/Release. Li-Identity Cards tsa bana, batsoali ba ka li fumana ka mor’a seboka sena. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla ea bona le bana ba bona, ka ho lumellanya seo ba se ngolang le se litokomaneng tsena ho latela maemo a bona le seo ba se lumelang.

Pina 149 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 5 February

Pina 168

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “E-ba Moetsi ea Thabileng.”b Bontša hore na ke eng e tlatsetsang hore re thabe tšebeletsong ea rōna ho Molimo, joalokaha ho totobalitsoe bukeng ea Insight, Moqolo 2, leqepheng la 120, serapeng sa 6-8.

20 mets: U ka Fumana Boithabiso bo Hahang. Sehlopha sa lelapa se buisana ka keletso e fanoeng ho Tsoha! ea June 8, 1997, leqepheng la 22. Ntate o amehile ka boithabiso ba lelapa. Ka mor’a hore ba hlahlobe ka bokhutšoanyane sehlooho se reng “Ho Etsahetse’ng ka Boithabiso?” (leqepheng la 18-21), ba tsepamisa mohopolo mefuteng ea boithabiso e ka hahang le e molemo. Hlahloba boitsebiso bo bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 131-2, tlas’a “Boikhathollo,” le leqepheng la 135-6, tlas’a “Etsang Tsohle ho Tlotlisa Molimo ka Tsona.” Hatisa karolo ea batsoali mabapi le ho etella pele le hore hoa hlokahala hore litho tsa lelapa li sebelisane molemong oa lelapa lohle.

Pina 190 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela