Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/02 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 March
  • Beke e Qalang ka la 18 March
  • Beke e Qalang ka la 25 March
  • Beke e Qalang ka la 1 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 3/02 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 March

Pina 2

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 ho etsa lipontšo tse peli tsa ho tsamaisa Molula-Qhooa oa March 15 le Tsoha! ea April 8. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 16.

12 mets: Ho Boloka ho se Jele Paate ha Rōna ha Bokreste. Puo ka moholo ea tšoanelehang. Lipontšo tsa kamoo ho ratoang naha kateng li ka etsoa nako le nako sekolong, mosebetsing le moo re lulang teng. Ba bang ba khothalletsang sena ba ho etsa e le tsela ea ho hlōla ho tšoenyeha le ho utloa bohloko ka lebaka la litlokotsi tsa sechaba. Le hoja le rōna re utloisoa bohloko ke seo re se bonang lefatšeng, re utloisisa tseko e khōloanyane ea bobusi ba bokahohleng ’me re khothatsoa ke molaetsa oa ’Muso. Ha re hlalosetsa ba bang ka bohlale hore na ke hobane’ng ha re sa kenelle litšebeletsong tsa bochaba, re lokela hore hape re ba khothatse le ho ba fa tšepo eo re nang le eona e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Bukana ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, leqepheng la 20-4, tlas’a sehloohoana se reng “Ho Lumelisa Folakha,” e hlalosa lebaka leo ka lona re sa nkeng karolo litšebeletsong tse etsoang ka lebaka la ho rata naha. Hlahloba lintlha tse khōlō, ’me u khothalletse batsoali ho hlahloba boitsebiso bona ka hloko le bana ba bona. Pheta liphihlelo tse leqepheng la 20 la bukana ena le leqepheng la 31 la Tsoha! ea January 8, 1996. Hatisa tlhokahalo ea ho lebisa boinehelo ho Jehova a ’notši, ha re ntse re hlompha bolaoli ba mebuso.

20 mets: “E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle.”a E lokela ho behoa ke molebeli oa tšebeletso. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ha ba lokisetsa mokete oa Sehopotso ka la 28 March. Bolela hore na limemo li ka sebelisoa joang hamolemohali. Kōpa bahoeletsi ho bolela kamoo ba ileng ba khona ho thusa beng ka bona, baahelani, lithuto tsa Bibele le ba bang ba thahasellang ho ba teng Sehopotsong selemong se fetileng le hore na seo se tlisitse thabo e kaakang. Khothalletsa bohle ba ka khonang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang ka April ’me ba fumane liforomo tsa kōpo ka mor’a seboka.

Pina 82 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 March

Pina 7

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso.” Khothalletsa bohle ho tsamaisana le ’malo oa Bibele oa Sehopotso o kemisong e bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2002 bakeng sa la 23-28 March.

15 mets: “Re Thabela ho ba Bonngoeng le Jehova le Mora oa Hae.” Puo ea Mangolo e khothatsang ka moholo. Khothalletsa e mong le e mong ho etsa boiteko bo eketsehileng lipakeng tsa hona joale le la 28 March ba ho mema batho ba bangata kamoo ba ka khonang ho kopanela le rōna Sehopotsong.

20 mets: “Eketsa Thabo ea Hao Boboleling.”b Ha u hlahloba serapa sa 5, kōpa litlhahiso tse sebetsang mabapi le kamoo ho ka finyelloang se molemohali tšimong ea heno. Etsa pontšo ea mohlala o le mong kapa e ’meli ea kamoo re ka nkang bohato ba ho atamela motho kateng le ho mo pakela hakhutšoanyane. Khothalletsa bohle ho bula menyetla ea ho paka bekeng ena.

Pina 45 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 March

Pina 12

14 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore esale nako ea ho nehelana ka liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang ka April. E-re moholo a etse pontšo a sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 mabapi le kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 1 ’me mocha a bontše kamoo ho ka tsamaisoang Tsoha! ea April 8. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, totobatsa lintlha tse molemo tsa nehelano eo.

15 mets: “A re Haheng Liholo Tsa Rōna Tsa ’Muso ’me re li Hlokomele”—Karolo ea 1.c Ka cheseho moholo o tšohla serapa sa 1-8 sa kenyelletso. Liphuthehong tse hlokang Holo ea ’Muso, hatisa hore ho hlokahala tšehetso e feletseng ea bohle ka phuthehong. Hlalosa hore na ke lebokose lefe la monehelo le sebelisetsoang Letlōle la Liholo tsa ’Muso phuthehong ea lōna le hore le entse tokisetso efe bakeng sa ho boloka chelete e sireletsehile. Moo ho lokelang hlalosa seo baholo ba phutheho ea lōna ba se etsang mabapi le ho fumana Holo ea ’Muso. Ha nako e lumela, kopanyelletsa le liphihlelo tse loketseng mabapi le kaho ea Liholo tsa ’Muso sebakeng sa heno.

16 mets: “‘Limpho Tseo e Leng Banna’ li Alosa Mohlape oa Molimo ka Tabatabelo.” Puo ka moholo. Tšohla mangolo a bontšitsoeng. Bontša kamoo ho bang le liphello tse molemo ha ho alosoa ba sa kopaneleng tšebeletsong le ha ho thusoa ba kulang ho etsa seo ba ka se khonang. Balisa ba lerato ba bontša kananelo bakeng sa mosebetsi oo mohlape o o etsang ho tloha pelong e le hore o ka lula o le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova.

Pina 131 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 April

Pina 27

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe batsamaisi ba thuto ea buka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea March.

15 mets: “A re Haheng Liholo Tsa Rōna Tsa ’Muso ’me re li Hlokomele”—Karolo ea 2.d Molebeli ea okamelang o akaretsa serapa sa 9-15 sa kenyelletso. Liphutheho tse tšoarelang liboka mohahong oa nakoana le tsona li lokela ho nahana ka se ka etsoang ho ntlafatsa mohaho oo ntle le litšenyehelo tse boima. Totobatsa hore ho hlokahala monehelo bakeng sa ho hlokomela sebaka sa rōna sa borapeli kamehla le bakeng sa litšebeletso tse itseng. Haeba phutheho e ntse e lefa chelete e alimiloeng Mokhatlong, bolela hore na sena se etsoa joang khoeli le khoeli ’me u babatse phutheho ha e tšepahalla ho nehela kamoo e tšepisitseng kateng. Molebeli ea okamelang o lokela ho fumana qeto ea baholo mabapi le hore na ke lintho life tse tla lokisoa hona neng, ’me a bolelle phutheho litokisetso tsena ka ho hlaka.

20 mets: Buka ea Selemo e U Tsoela Molemo Joang? Puo le puisano le bamameli. Qala ka ho totobatsa lintlha tse ka sehloohong tsa “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5. Ebe u kōpa bamameli ho pheta litlaleho le liphihlelo tse ka har’a Buka ea Selemo tseo ba hlokometseng hore li khothatsa ka ho khethehileng li bile li matlafatsa tumelo. Khothalletsa bohle hore ba qetele ’malo oa bona oa Buka ea Selemo le ho e sebelisa bakeng sa ho etsa hore liithuti tsa Bibele li tloaelane le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng.

Pina 15 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela