Ho Jala Haholo ho Tlisa Mahlohonolo a Enneng
1 Kaofela ha rōna re lebeletse phethahatso ea litšepiso tse hlollang tse ka Lentsoeng la Molimo. Le hona joale, Jehova o tšollela mahlohonolo a mangata a re tlisetsang thabo bophelong. Leha ho le joalo, hore na re rua molemo o mokae, ho itšetlehile haholo ka boiteko boo re bo etsang. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “ea jalang haholo o tla boela a kotule haholo.” (2 Bakor. 9:6) Nahana ka likarolo tse peli tseo molao-motheo ona o sebetsang ho tsona.
2 Tšebeletso ea Rōna: Ho bolella batho litaba tse molemo neng le neng ha re khona ho ba pakela ho tlisa meputso e mengata. (Liprov. 3:27, 28) Hoa babatseha hore ebe ba bangata ba jala haholo ka ho etsa tšebeletso e eketsehileng, ho akarelletsa le ho ba bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla. Kaofela ha rōna re ka jala haholo ka hore re khothalle ho khutlela ho ea hlaolela thahasello ho bohle ba thahasellang bao re ba fumaneng le ka ho ithaopela ho ba khannela thuto ea Bibele ha monyetla o hlaha. (Bar. 12:11) Ho ikitlaetsa ka litsela tsena ho fella ka liphihlelo tse hahang le thabo e eketsehileng tšebeletsong ea rōna.
3 Ho Tšehetsa Lithahasello Tsa ’Muso: Pauluse o ile a bua ka ‘ho jala haholo’ e le ha a lebisitse tlhokomelo tabeng ea ho fana ka lintho tse bonahalang. (2 Bakor. 9:6, 7, 11, 13) Kajeno, ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ka matla a rōna le ka lintho tsa rōna tse bonahalang. Re ka thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano. Re ka boela ra ithaopela ho hloekisa le ho lokisa libaka tsena tsa borapeli ba ’nete. Ho ekelletsa moo, re ka nehelana ka chelete ea ho lefa litšenyehelo tsa phutheho hammoho le ea ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa lefatšeng ka bophara. Ha kaofela re phetha karolo ea rōna, re thaba hakaakang ha re bona Jehova a hlohonolofatsa ka ho enneng mosebetsi oo Molimo a laetseng hore o etsoe!—Mal. 3:10; Luka 6:38.
4 Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho ‘sebetsa se molemo, ho rua mesebetsing e metle, ho ba seatla se bulehileng, ho itokisetsa ho arolelana.’ Ha re ntse re ela hloko keletso eo, re thabela mahlohonolo a enneng hona joale. Ka nako e tšoanang, ‘re ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso le bophelo ba sebele’ bo tlang.—1 Tim. 6:18, 19.