Ho Inehela ka Boithatelo Mosebetsing o Mong le o Mong o Molemo
1 Buka e ’ngoe ea lefatše e ile ea bua tjena ka Lipaki tsa Jehova: “Ho ka ba thata ho fumana litho tsa sehlopha leha e le sefe tse sebetsang ka thata bolumeling ba tsona joaloka Lipaki.” Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sebetsa ka thata hakaale le hona e le ka moea oa boithatelo tjee?
2 Lebaka le leng ke hore li susumetsoa ke boikutlo ba ho potlaka. Jesu o ile a hlokomela hore o ne a e-na le nako e lekanyelitsoeng eo ka eona a neng a lokela ho phetha mosebetsi oa hae lefatšeng. (Joh. 9:4) Ha Mora oa Molimo ea tlotlisitsoeng a tsoela pele ho busa har’a lira tsa hae kajeno, batho ba Jehova ba hlokomela hore ba na le nako e lekanyelitsoeng ea ho etsa mosebetsi oa bona. Ka hona, ba tsoela pele ho inehela ka boithatelo tšebeletsong e halalelang. (Pes. 110:1-3) Kaha ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng kotulong, ba ke ke ba khoehlisa boitekong ba bona. (Matt. 9:37, 38) Kahoo, ba leka ka matla ho etsisa Jesu, ea ileng a beha mohlala o phethahetseng oa ho etsa mosebetsi oa hae ka boithatelo le ka mafolo-folo.—Joh. 5:17.
3 Lebaka le leng leo ka lona Lipaki tsa Jehova li sebeletsang Jehova ka soule eohle ke hore mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara o fapane le lihlopha tse ling tsohle. Ka ho tloaelehileng mekhatlo e hlophisitsoeng ea lefatše ea bolumeli e hloka nako le boiteko tse nyenyane feela ho balateli ba eona. Seo ba se lumelang se na le phello e nyenyane kapa ha se na phello ea letho bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi, litšebelisanong tsa bona le ba bang kapa lipakaneng tsa bona tsa bophelo. Kaha ba haelloa ke matla a susumetsang a tumelo ea ’nete, ba phehelletse balisa ba bona hore ba ‘ba bolelle litaba tse khahlisang,’ ba ba kholise hore boiteko ba bona boo e leng ho itlosa molato bo lekane. (Esa. 30:10) Baruti ba lumetse ho ‘tsikinyetsa litsebe tsa bona,’ ba kenya moea oa ho se thahaselle le botsoa ba moea.—2 Tim. 4:3, NW.
4 Ke phapang e kaakang har’a batho ba Jehova! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amang borapeli ba rōna e hloka boiteko, ho ikitlaetsa le ho sebetsa. Letsatsi le leng le le leng le ho sohle seo re se etsang, re sebelisa seo re se lumelang. Le hoja ’nete e re thabisa haholo, e akarelletsa “boiteko bo matla” hore re phethe seo e se hlokang. (Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:2, NW.) Ho hlokomela boikarabelo ba bophelo ba letsatsi le letsatsi ho lekane ho etsa hore batho ba bangata ba lule ba tšoarehile. Leha ho le joalo, ha re lumelle lintho tsena tseo ho amehiloeng ka tsona hore li re sitise ho beha lithahasello tsa ’Muso pele.—Matt. 6:33.
5 Seo re se fuoeng hore re se etse tšebeletsong ea Jehova se molemo ebile se potlakile haholo hoo re susumetsoang ho ‘reka’ nako mesebetsing e meng le ho e sebelisa hamolemo haholoanyane linthong tsa moea. (Ba-Ef. 5:16) Ho tseba hore boinehelo ba rōna ba bomolimo le moea oa boithatelo li thabisa Jehova, ho re susumetsa ka matla ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna o boima. Ka lebaka la litlhohonolofatso tse enneng tseo re li fumanang hona joale le litebello tsa bophelo bo tlang, boikemisetso ba rōna ke ho tsoela pele ‘re sebetsa ka thata ’me re ikitlaetsa’ molemong oa lithahasello tsa ’Muso.—1 Tim. 4:10, NW.
6 Boinehelo le Moea oa Boitelo: Kajeno batho ba bangata ba beha litlhoko le lithahasello tsa nama pele ho ntho leha e le efe. Ba nka hore ho loketse ka ho felletseng hore ba lebise tlhokomelo ea bona ho seo ba tla se ja, ba tla se noa kapa ba tla se apara. (Matt. 6:31) Kaha ha ba khotsofatsoe ke ho ba le lintho tse hlokahalang, ba susumetsoa ke pakane ea ho thabela ho phela hamonate ka ho feletseng hona joale le ho ba le ‘mesebetsi e mengata e bokeletsoeng ka lilemo tse ngata, hoo ba ka phomolang, ba ja, ba noa ’me ba nyakalla.’ (Luka 12:19) Motho ea tloaetseng ho ea kerekeng o nka hore boiteko leha e le bofe ba botho bo hlokoang ke bolumeli ba hae ke ho itšunya-tšunya litokelong tsa hae. Khopolo ea ho tlohela kapa esita le ho fokotsa ho hahamalla lintho tse bonahalang kapa ho tela ntho e ’ngoe e thahasellisang e mpe. Kaha monahano oa hae o itšetlehile ka eena feela, ho hlaolela moea oa boitelo hase ntho ea sebele, e sebetsang.
7 Re talima taba ena ka tsela e fapaneng. Lentsoe la Molimo le phahamisitse monahano oa rōna hoo re nahanang mehopolo ea Molimo ho e-na le ea batho. (Esa. 55:8, 9) Bophelong re na le lipakane tse phahametseng ho hahamalla lintho tsa nama. Ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le ho halaletsa lebitso la hae ke litseko tsa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Boholo ba litseko tsena bo pharalletse hoo, ha ho bapisoa, “ho eena lichaba kaofela li joalo ka hoja li le sieo.” (Esa. 40:17) Boiteko leha e le bofe ba ho phela bophelo ba rōna ka tsela e hlokomolohang thato ea Molimo bo tlameha ho talingoa e le booatla.—1 Ba-Kor. 3:19.
8 Kahoo le hoja lintho tse bonahalang li hlokahala ’me tse ling li re thusa ho phetha mesebetsi ea ’Muso, re lemoha hore lintho tsena ehlile hase “tse fetisang ka molemo.” (Ba-Fil. 1:10) Re khomarela moea oa 1 Timothea 6:8 ka ho lekanyetsa tsela eo ka eona re hahamallang lintho tse bonahalang le ka hore ka bohlale re leke ho boloka lipelo tsa rōna li tsepame ‘linthong tse sa bonahaleng tse ke keng tsa e-ba le bofelo.’—2 Ba-Kor. 4:18.
9 Haeba re nahana mehopolo ea Molimo haholoanyane, re ke ke ra tšoenyeha haholo ka lintho tse bonahalang. Ha re nahana ka seo Jehova a seng a re etselitse sona le ka litlhohonolofatso tse babatsehang tseo a re tšepisitseng tsona nakong e tlang, re ithaopela ho bontša boitelo leha e ka ba bofe boo a bo batlang ho rōna. (Mar. 10:29, 30) Re teng ka lebaka la hae. Ha e ne e se ka mohau oa hae le lerato, re ka be re sa thabele bophelo hona joale ’me re se na bokamoso leha e le bofe. Re ikutloa re tlameha ho inehela ka borōna, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang tšebeletsong ea hae ‘ke seo re tšoanetseng ho se etsa.’ (Luka 17:10, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ntho leha e le efe eo re kōpuoang hore re e khutlisetse ho Jehova, re fana ka eona ka thabo, re tseba hore re tla “kotula haholo.”—2 Ba-Kor. 9:6, 7.
10 Hona Joale ho Hlokahala Basebetsi ba Ithatelang: Ho tloha qalehong ea eona, phutheho ea Bokreste e ile ea kena nakong ea mosebetsi o matla haholo. Ho ne ho lokela hore ho fanoe ka bopaki bo feletseng pele ho lihuoa Jerusalema ka 70 C.E. Ka nako eo, barutuoa ba Jesu ba ne ba “tšoarehile ka matla haholo ka lentsoe.” (Lik. 18:5, NW) Keketseho e potlakang e ile ea etsa hore ho hlokahale hore ho koetlisoe baevangeli ba eketsehileng le balisa ba nang le tsebo le ho sebelisa thuso ea bona. Ho ne ho hlokahala banna ba nang le phihlelo ea ho sebelisana le balaoli ba lefatše haesita le ba nang le bokhoni ba ho hlokomela ho bokelloa le ho abuoa ha lintho tse bonahalang. (Lik. 6:1-6; Ba-Ef. 4:11) Le hoja ba seng bakae ba ne ba sebeletsa ka mokhoa o hlaheletseng, ba bangata ba ne ba sa hlahella. Empa bohle ba ne ba ‘ikitlaetsa ka matla,’ ba sebetsa hammoho ka pelo eohle ho phetha mosebetsi.—Luka 13:24, NW.
11 Le hoja mosebetsi o matla o ne o sa hlokahale hakaalo lefatšeng ka bophara makholong a mangata a lilemo a ileng a latela, tsosoloso e khōlō ea mosebetsi oa ’Muso e ile ea qala ha Jesu a nka matla a hae a ’Muso ka 1914. Qalong, ba ’maloa ba ile ba lemoha hore tlhokahalo ea basebetsi molemong oa lithahasello tsa ’Muso e ne e tla ba khōlō haholo, e hloke thuso ea ba limilione ba ithatelang linaheng tsohle ho pota lefatše.
12 Kajeno mokhatlo o hlophisitsoeng o amehile ka ho teba ka mefuta e sa tšoaneng ea mesebetsi e sebelisitseng matlotlo a rōna hoo e batlang e le kaofela ha ’ona. Mosebetsi oa ’Muso o tsoela pele ka tekanyo e khōlō. Ho potlaka ha linako tsa rōna ho re susumelletsa ho ikitlaetsa ka matla le ho sebelisa letlotlo le leng le le leng leo re nang le lona ho phetha mosebetsi oo ho hlokahalang hore o etsoe. Kaha bofelo ba tsamaiso eohle e khopo ea lintho bo ntse bo atamela, re lebeletse mosebetsi o matla haholoanyane matsatsing a tlang. Mohlanka e mong le e mong ea inehetseng oa Jehova o kōpuoa hore a inehele ka boithatelo mosebetsing o potlakileng oa ho bokella.
13 Ho Hlokahala Hore ho Etsoe Eng? Ka ’nete re ka bolela hore ‘ho na le ho hongata ho etsoang mosebetsing oa Morena.’ (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Libakeng tse ngata masimo a loketse kotulo, empa basebetsi ha ba bakae. Re mengoa hore re be le seabo eseng feela ho faneng ka bopaki bo feletseng tšimong ea rōna empa hape le ho tobaneng ka katleho le phephetso ea ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.
14 Hoa babatseha ho bona kamoo Lipaki likarolong tsohle tsa lefatše li inehelang ka boithatelo mesebetsing e meng. E ka ba ho tloha mosebetsing oa ho ithaopela ho haha libaka tsa borapeli, ho sebeletsa likopanong le ho thusa boitekong ba ho fana ka liphallelo linakong tsa koluoa ho ea tabeng ea ho hloekisa kamehla Holo ea ’Muso ea sebaka ka seng. Mabapi le mosebetsi oa ho hloekisa Holo ea ’Muso, re tlameha ho hopola hore kamehla re tiise hore e siuoa e hloekile ’me e hlophisitsoe hantle ka mor’a seboka ka seng. Ho phetha mesebetsi e ka ’nang ea bonahala e le tlaase ho bontša kutloisiso e loketseng ea mantsoe a Jesu ho Luka 16:10: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane; ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.”
◼ Ho Tšehetsa Mesebetsi ea Phutheho: Le hoja phutheho ka ’ngoe e sebetsa e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng ’me e fumana tataiso ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” e entsoe ke bahoeletsi ba ’Muso ka bomong. (Matt. 24:45) Katleho ea eona e itšetlehile haholo ka boithatelo le bokhoni ba Paki ka ’ngoe. Phutheho e hlokomela hore litaba tse molemo lia boleloa tšimong ea eona, hore ho etsoa barutuoa ba bacha ’me ba matlafatsoa moeeng. E mong le e mong oa rōna a ka tlatsetsa mosebetsing ona. Le rōna re ka ipehela lipakane tabeng ea thuto ea botho, ho nka karolo ka mokhoa o utloahalang libokeng le ho thusa ba bang ba hlokang thuso ka phuthehong. Mesebetsi ena e fana ka menyetla e mengata ea hore re bontše boithatelo ba rōna.
◼ Ho Etella Pele Libakeng Tsa Bolebeli: Jehova o file baholo ba khethiloeng ba phutheho ka ’ngoe mosebetsi oa ho e hlokomela. (Lik. 20:28) Bana ke banna ba ileng ba hahamalla ho tšoaneleha bakeng sa tokelo ena. (1 Tim. 3:1) Hoo e ka bang moena e mong le e mong ka phuthehong o na le matla a ho tšoaneleha bakeng sa litokelo tse khōloanyane. Baena ba bangata baa hōla moeeng ’me ho hlokahala hore ba ’ne ba hōlele tlas’a tataiso le thuso e lerato ea baholo ba phutheho. Banna bana e lokela ho ba liithuti tse mafolo-folo tsa Bibele le lingoliloeng tsa rōna. Ba ka bonahatsa boithatelo ba bona ka ho ikokobelletsa baholo ba khethiloeng ke moea, ba etsisa tumelo ea bona le ho hlaolela litšoaneleho tse lebelletsoeng ho balebeli.—Ba-Heb. 13:7, 17.
◼ Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng: Mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho ke ho bolela litaba tse molemo. (Matt. 24:14) Ke tlhohonolofatso e kaakang ha ba chesehang ba matlafatsa boiteko ba bona ka ho ngolisa e le bo-pula-maliboho! Hangata sena se akarelletsa ho etsa liphetoho bophelong ba bona ba botho. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba etse liphetoho tse eketsehileng e le hore ba tsoele pele mofuteng ona o khethehileng oa tšebeletso. Empa ba tšoarellang tokelong ena ho e-na le ho tlohela ka mor’a selemo kapa ho feta moo ka lebaka la ho nyahama ka nakoana ba tla fumana tlhohonolofatso e enneng ea Jehova. Baholo ba lerato le ba bang ba hōlileng moeeng ba ka tlatsetsa katlehong ea bo-pula-maliboho, ba ba khothatsa ka lentsoe le ka liketso. Bacha bao ereng hang ha ba qeta sekolong ebe ba kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ba bontša moea o motle hakaakang! Sena ke ’nete le ka batho ba baholo ba ngolisang e le bo-pula-maliboho ba kamehla hang ha litlamo tsa bona tsa lichelete li fokotseha. Sena se tlisetsa Mokreste ea inehetseng khotsofalo e kaakang ha ka tsela ena a sebelisana le ho potlakisa ha Jehova mosebetsi oa ho bokella!—Esa. 60:22.
◼ Ho Kopanela Kahong le Tlhokomelong ea Libaka Tsa Liboka: Ho se ho hahuoe Liholo tsa ’Muso tsa mehleng ea kajeno tse makholo a likete haesita le Liholo tse ngata tsa Kopano. Ka ho makatsang, hoo e batlang e le mosebetsi oohle o entsoe ke baena le bo-khaitseli ba rōna bao ka boithatelo ba ithaopetseng ho fana ka nako ea bona le tsebo ea bona. (1 Likron. 28:21) Basebetsi ba likete ba ithatelang ba boloka mehaho ena e le boemong bo botle ka ho etsa mesebetsi leha e le efe e hlokahalang. (2 Likron. 34:8) Kaha mosebetsi ona ke tšobotsi e ’ngoe ea tšebeletso e halalelang, ba thusang ba inehela ka boithatelo, ha ba batle ho buselletsoa tšebeletsong ea bona ho sena, joalokaha ba ke ke ba batla ho lefuoa ha ba bolela ka ntlo le ntlo, ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa phuthehong, kapa ba thusa ka ho sebetsa likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Baithaopi bana ka bolokolohi ba fana ka litšebeletso tsa bona ka ho rala le ho haha libaka tsa borapeli tlotlisong ea Jehova. Ka cheseho ba thusa ka lintho tse kang ho tlatsa litokomane tsa molao, ho boloka litlaleho tsa lichelete, ho reka le ho lekanyetsa thepa e tla hlokahala. Bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ha ba eketse litšenyehelo kapa ka tsela leha e le efe ba batle ho fumana phaello ebang ke ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang litšebeletsong tseo ba fanang ka tsona, kaha litalenta tsohle tsa bona le matlotlo ’ohle a bona li nehetsoe ho Jehova. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1992, leqepheng la 3, serapeng sa 10.) Mosebetsi ona o hloka basebetsi ba mafolo-folo ba etsang litšebeletso tsa bona “ka soule eohle joaloka hoja ba etsetsa Jehova.”—Ba-Kol. 3:23, NW.
15 Joale, ke eng se etsang hore boithatelo ba batho ba Jehova bo ikhethe? Ke moea oa ho fana. Ho fana ha bona ka seatla se bulehileng ho akarelletsa ho fetang feela chelete kapa lintho tse bonahalang—ba “inehela ka boithatelo.” (Pes. 110:3, NW) Ona ke motheo oa boinehelo ba rōna ho Jehova. Re putsoa ka tsela e khethehileng. Re ba le “thabo e eketsehileng” ’me re “kotula haholo” hobane seo re se etsang se ananeloa ke ba bang, bao le bona ba re fang. (Lik. 20:35, NW; 2 Ba-Kor. 9:6; Luka 6:38) Mothusi oa rōna e moholo ka ho fetisisa ke Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, ea ‘ratang ea fanang a thabile.’ (2 Ba-Kor. 9:7) O tla re putsa halekholo, ka litlhohonolofatso tse tla ba teng ka ho sa feleng. (Mal. 3:10; Ba-Roma 6:23) Kahoo ha u buleheloa ke monyetla oa litokelo tšebeletsong ea Jehova, na u tla ithaopa ka boithatelo ’me u arabe joaloka Esaia: “Ke ’na enoa, rōma ’na”?—Esa. 6:8.