Fetisa Molaetsa ka Tsela e Atlehileng!
1 E le hore re phethe thōmo ea rōna ea ho bolela le ho etsa barutuoa, re lokela ho bolella ba bang molaetsa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Puisano e ka ba phephetso esita le har’a metsoalle. Ke eng e ka re thusang ho atleha ha re buisana le batho bao re sa ba tsebeng ka litaba tse molemo?
2 Iketse Motsoalle: Leka ho ipeha boemong ba batho bao u buisanang le bona tšebeletsong. Lefatšeng la kajeno, taba ea hore batho ba bang ba belaelle bao ba sa ba tsebeng, esita le ho ba tšaba, ea utloahala. Sena se ka sitisa puisano. U ka hlōla joang tšabo eo u bang le eona ha u qala ho kopana le batho? Le pele re bua, ponahalo ea rōna e itekanetseng e se e ntse e fetisa molaetsa. Moaparo oa rōna o motle le ponahalo e nang le seriti li na le molemo oa ho kokobetsa matsoalo.—1 Tim. 2:9, 10.
3 Ntho e ’ngoe e thusang tabeng ea puisano ke ho phutholoha le ho ba botsoalle. Sena se na le molemo oa ho etsa hore ba bang ba phutholohe ’me ba eketsehileng ba rate ho mamela. Ho hlokahala hore re lokisetse hantle. Ha re tseba hantle seo re tla se bua, re phutholoha haholoanyane. ’Me boemo ba ho ba le khotso ea kelello bo ka etsa hore ba bang ba khahloe ke molaetsa oa rōna. Mosali e mong ha a bua ka nako eo Paki e neng e mo etetse o itse: “Seo ke se hopolang ka pososelo ea hae ke khotso ea kelello. Ke ile ka khahleha.” Sena se ile sa bulela mosali enoa tsela ea ho mamela litaba tse molemo.
4 Litšoaneleho Tse Hapang: Ho hlokahala hore re thahaselle ba bang e le kannete. (Bafil. 2:4) Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ho se bue haholo. Etsoe, moqoqo o boetse o akarelletsa ho mamela. Ha re kōpa bamameli ba rōna hore ba bue ’me re mamela ka thahasello seo ba se buang, baa lemoha hore rea ba tsotella. Ka hona, ha bamameli ba hao ba bua u se ke ua potlakela ho tsoela pele ka nehelano eo u e lokiselitseng. Ba babatse haeba u ka etsa joalo ka pelo eohle, ’me u leke ho haha holim’a seo ba se buang. Haeba ba bua ka ntho eo ba amehileng haholo ka eona, fetola nehelano ea hao hore e lebise tlhokomelo ho seo ba amehileng ka sona.
5 Boinyenyefatso le ho ikokobetsa kelellong li etsa hore moqoqo o be monate. (Liprov. 11:2; Lik. 20:19) Batho ba ne ba khahloa ke Jesu hobane o ne a ‘e-na le maikutlo a bonolo ’me a ikokobelitse pelong.’ (Mat. 11:29) Ka lehlakoreng le leng, ho iphahamisa ho leleka batho. Kahoo, le hoja re kholisehile ka ho feletseng hore re fumane ’nete, ka bohlale re qoba ho bua ka tsela e hatellang.
6 Ho thoe’ng haeba seo motho a se buang se senola litumelo tse hananang le seo Bibele e se rutang? Na re tlameha ho mo tšoaea phoso? E, ka nako e loketseng, empa ha rea lokela ho leka ho etsa joalo leetong la pele. Hangata ho molemo ho haha holim’a lintho tseo re lumellanang ka tsona le momameli oa rōna pele re bua le eena ka lithuto tsa Bibele tseo a ka ’nang a bona ho le thata ho li lumela. Sena se hloka mamello le masene. Pauluse o behile mohlala o motle tabeng ena ha a ne a pakela baahloli ba Areopago.—Lik. 17:18, 22-31.
7 Ka holimo ho tsohle, lerato le se nang boithati le tla re thusa hore re atlehe ho buisana le batho. Joaloka Jesu, re lokela ho hauhela batho ba ‘sohlokehileng ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ (Mat. 9:36) Sena se re susumelletsa ho ba tlisetsa litaba tse molemo le ho ba thusa ho tsamaea tseleng e isang bophelong. Molaetsa oa rōna ke oa lerato, ka hona a re tsoeleng pele ho o bolela ka tsela e lerato. Ka ho etsa joalo, re etsisa Jehova Molimo le Jesu Kreste, e leng bona litsebi tabeng ea ho fetisa molaetsa bokahohleng.