Puisano e Ntle Senotlolo sa Lenyalo le Molemo
Ka 1778, Robert Barron o ile a qapa loko e nang le litšepe tse peli tse phahamisoang ke senotlolo se le seng eo e ntseng e le motheo bakeng sa liloko tsa kajeno tse buloang ka linotlolo. Moetso ona oa hae o ne o etsa hore ho sebelisoe senotlolo se le seng se khonang ho phahamisa litšepe tse peli tsa loko ka nako e le ’ngoe.
KA HO tšoanang, lenyalo le atlehileng le itšetlehile ka hore monna le mosali ba sebetse hammoho ka kutloano. Ho notlolla le ho fumana menyaka e ratoang ea lenyalo le molemo, ntho e le ’ngoe e hlokahalang ke puisano e ntle.
Se Akarelletsoang ke Puisano e Ntle
Puisano e ntle e akarelletsa eng? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa puisano e le “ho fetisa kapa ho fapanyetsana mehopolo, maikutlo kapa boitsebiso ka ho bua, ho ngola kapa ka boitšisinyo ba ’mele.” Ka lebaka leo, puisano e akarelletsa ho arolelana maikutlo le mehopolo. ’Me puisano e ntle e akarelletsa lintho tse hahang, tse khathollang, tse khabane, tse lokeloang ke thoriso le tse tšelisang.—Baefese 4:29-32; Bafilippi 4:8.
Puisano e ntle e nolofatsoa ke ho tšepelana makunutu, ho tšepana le ho utloisisana. Litšobotsi tsena li hlaha ha lenyalo le talingoa e le kamano ea bophelo bohle ’me ho e-na le boikemisetso ba sebele ba ho etsa hore le sebetse. Ha a bua ka kamano e joalo, Joseph Addison, sengoli sa meqoqo sa lekholong la bo18 la lilemo, o ile a ngola: “Batho ba babeli ba khethaneng ka har’a batho bohle, ka morero oa hore ba tšelisane le ho nyakallisana, ka ho etsa joalo ba itlamme hore ba tla thaba, ba be mosa, ba be masene, ba tšoarele, ba mamelle ba be ba nyakalle mabapi le mefokolo ea e mong ho e mong le molemo oa e mong ho e mong, ho fihlela ba e-shoa.” Lenyalo le joalo ke le thabileng hakaakang! ’Me litšoaneleho tsena tse kang lehakoe li ka khabisa lenyalo la lōna, hobane le ka ba le tsona ka ho buisana hantle.
Litšitiso Tsa Puisano e Ntle
Banyalani ba bangata ba kena lenyalong ba e-na le tšepo ea hore le tla atleha, ba bile ba e-na le thabo e khaphatsehang le nyakallo. Leha ho le joalo, ho ba bangata thabo eo e khaphatsehang le nyakallo li fela kapele, ’me tšepo ea ho atleha ea fifala. Seo motho a neng a itšepisitse ka sona se ka nkeloa sebaka ke motsoako o babang oa tsieleho, bohale, lehloeo, esita le ho nena ho matla. Joale lenyalo le fetoha mokhoka-khoale feela “ho fihlela lefu le re arohanya.” Kahoo, ho ntlafatsa kapa ho ntšetsa pele puisano e ntle e hlokahalang lenyalong le molemo, litšitiso tse itseng li tlameha ho hlōloa.
Tšitiso ea sebele ea puisano e ntle e ka ba tšabo ea hore na molekane oa lenyalo o tla arabela joang boitsebisong bo itseng kapa takatsong e bontšoang. Ka mohlala, motho a ka ’na a tšaba hore o tla khesoa ka mor’a ho tseba hore o ntse a holofala ka matla. Motho o hlalosetsa molekane oa hae joang hore seo a tlang ho se etsoa se tla fetola chebahalo ea hae haholo kapa matla a hae a ho sebetsa? Maemong a joalo, ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore le buisane ka botšepehi le hore le lokisetse nako e tlang ka hloko. Ha e mong a tiisetsa e mong hore o tla ’ne a mo rate, a bile a bontša sena ka ho mo tšoara ka bonolo khafetsa, seo se tla bontša hore oa mo thahasella e leng se tla thusa ho ntšetsa pele lenyalo le khotsofatsang e le kannete. Lenyalong maele ana a lokela ho bontšoa ka matla: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.”—Liproverbia 17:17.
Ho khopeha ke tšitiso e ’ngoe ea puisano e ntle. Ka nepo ho ’nile ha thoe lenyalo le thabileng ke kopano ea batho ba babeli ba tšoarelanang ka tsela e ikhethang. Hore banyalani ba be joalo ba leke ka matla ho sebelisa keletso e molemo ea moapostola Pauluse: “Letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Ho sebelisa keletso ena ho e-na le ho koetla khalefo kapa ho khopeha ka sebele ho hloka hore ba buisane ka boikokobetso. Balekane ba lenyalong le molemo ha ba lule ba halefile, ba pheha khang le ho jara e mong ka pelo. (Liproverbia 30:33) Ba batla ho etsisa Molimo, ea sa bolokeng sekhopi. (Jeremia 3:12) Ka sebele, ba tšoarelana ho tloha pelong.—Matheu 18:35.
Tšitiso e tobileng ea puisano ea mofuta ofe kapa ofe ke ho se bue. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho honotha, ho feheloa, liketso tse etsoang ka tloaelo feela, le ho se arabe ha molekane e mong a bua. Molekane oa lenyalo ea etsang lintho tsena o bontša hore ha aa thaba. Empa ho ntša maikutlo ka ho toba taba le ka mosa ho etsa ho hongata ho ntlafatsa lenyalo ho feta hore motho a lule a thōtse, a bopile.
Ho hlōleha ho mamela hantle kapa ho se mamele ho hang ha molekane a bua ke tšitiso e ’ngoe e lokelang ho hlōloa e le hore ho ka ba le puisano e ntle kamanong e atamelaneng haufi ea lenyalo. Mohlomong re khathetse haholo kapa re phathahane haholo hoo re hlōlehang ho fumana matla a hlokahalang a kelello le maikutlo a ho mamelana ka hloko. Ho ka ’na ha tsoha likhang mabapi le litokisetso tse sa utloisisoang hantle tseo molekane e mong a neng a nahana hore o li boletse ka ho hlaka empa e mong a tiisa hore o qala ho li utloa. Ho totobetse hore puisano e seng ntle ke sesosa sa mathata a joalo.
Kamoo Puisano e Ntle e ka Ntšetsoang Pele
Ke habohlokoa hakaakang ho ipha nako ea ho buisana hantle, ka tsela e lerato! Ba bang ba qeta nako e ngata haholo ka pel’a TV ba shebeletse bophelo ba batho ba bang hoo ba nang le nako e fokolang bakeng sa bophelo ba bona. Kahoo, hangata ho tima thelevishene ke bohato bo hlokahalang bo lebisang puisanong e hahang.
Leha ho le joalo, feela joalokaha ho e-na le nako e nepahetseng ea ho bua, ho na le nako ea ho khutsa. Monna ea bohlale o itse: “Bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” Ka sebele, ho boetse ho na le mantsoe a nepahetseng a ka buuoang. Maele a mang a re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Moeklesia 3:1, 7, NW; Liproverbia 15:23, NW) Ka hona lekanyetsa hore na ke nako efe e molemohali ea ho buisana ka ntlha ea bohlokoahali kapa seo pelo ea hao e amehileng ka sona. Ipotse: ‘Na molekane oa ka o khathetse kapa o phomotse ’me o khatholohile kelellong? Na taba eo ke batlang ho e hlahisa e ka phahamisa maikutlo? Molekane oa ka o ile a nyatsa eng mantsoeng ao ke neng ke a sebelisa ha re ne re qetela ho bua ka taba ee?’
Ho molemo ho hopola hore batho ba arabela hamolemohali ha ba utloisisa hore na ho sebetsa tumellanong le kōpo e itseng ho ka ba tsoela molemo joang. Haeba ho bile le tsitsipano lipakeng tsa balekane, e mong oa bona a ka ’na a ba le tšekamelo ea hore a re, “Ho na le se ’nileng sa ntšoenya, ’me re lokela ho se lokisa hona joale!” Ho hlakile hore mantsoe a tobileng a tla itšetleha ka maemo, empa ho ka ba molemo ho bua mantsoe a kang ana, “Moratuoa, ke ’nile ka nahana ka taba eo re buileng ka eona pejana le kamoo lintho li ka sebetsoang kateng.” Molekane oa hao a ka ananela katamelo efe?
E, tsela eo ntho e buuoang ka eona ke ea bohlokoa haholo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.” (Bakolose 4:6) Leka ka matla ho bontša mosa molumong oa lentsoe la hao le mantsoeng ao u a khethang. Hopola hore “puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.”—Liproverbia 16:24.
Ho banyalani ba bang, ho etsa mesebetsi ea lelapa hammoho ho ka fana ka monyetla o motle oa ho buisana. Tšebelisano e joalo e ka khothalletsa boikutlo ba ho arolelana, ’me ka nako e tšoanang ea fana ka nako ea moqoqo o hahang. Ho balekane ba bang ba lenyalo, nakong eo ka eona ho khutsitseng ba le babeli feela ba sa leke ho etsa mosebetsi o itseng, e molemo ’me e ba khothalletsa ho buisana hamolemo.
Hangata ho ka ithutoa ho hongata ka ho hlokomela kamoo banyalani ba sebetsang hammoho ka kutloano ba buisanang kateng. Ke’ng se ba entseng hore ba be joalo? Ho ka etsahala hore ho utloana ha bona le ho se be le bothata ba ho buisana ho tlisitsoe ke boiteko ba bona, ho mamella le ho nahanelana ka lerato. Ho bonahala hore ba ile ba tlameha ho ithuta ho hongata, hobane manyalo a molemo ha a be teng ka mohlolo. Joale, ke habohlokoa hakaakang hore u nahanele pono ea molekane oa hao, u utloisise litlhoko tsa hae, ’me u fokotse maemo a imetsang kelello ka hore u bue ka bohlale. (Liproverbia 16:23) Haeba u lenyalong, joale, sebeletsa ntlheng ea ho ba eo motho a ka thabelang ho phela le eena le eo ho leng bonolo ho mo kōpa tšoarelo. Seo e tla ba thuso ea sebele ho etseng hore lenyalo le be molemo.
Jehova Molimo o batla hore batho ba thabele manyalo a thabileng le a tšoarellang. (Genese 2:18, 21) Empa senotlolo se matsohong a ba kopaneng lenyalong. Ho notlolla monyako o isang lenyalong le atlehileng ka ho ba le tsebo ea ho buisana hamolemo ho hloka batho ba babeli ba ratanang bao ka sebele ba sebetsang hammoho.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho tima TV ho fana ka nako e eketsehileng ea ho buisana
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Puisano e hahang e thusa ho kopanya lipelo leratong le tšoarellang