Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 4/15 maq. 4-7
  • Lintho Tse ka U Thusang ho Buisana le Molekane oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse ka U Thusang ho Buisana le Molekane oa Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Buisana Empa e se ka Mantsoe
  • Puisano e Bohlokoa Haholo
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea ho Buisana
  • Ha Balekane ba Lenyalo ba sa Lumellane
  • Buisanang Hantle Kamehla
  • Ho Buisana ka Lapeng le ka Phuthehong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Puisano—Hase Feela ho Bua
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 4/15 maq. 4-7

Lintho Tse ka U Thusang ho Buisana le Molekane oa Hao

‘EKARE nka be ke sa bua joalo.’ ‘Ha kea ka ka itlhalosa hantle.’ Na u kile ua ikutloa joalo ka mor’a hore u leke ho buisana le molekane oa hao? Puisano ke tsebo e lokelang ho ntlafatsoa. Joaloka tsebo ea ntho leha e le efe, ho bonahala batho ba bang ba ipabola tabeng ea puisano, ha ba bang bona ba thatafalloa. Leha ho le joalo, esita le haeba u thatafalloa, ho ka etsahala hore u ithute ho ntša maikutlo a hao ka tsela e mosa le hore u buisane le molekane oa hao ka tsela e atlehang.

Ka linako tse ling, batho ba susumetsoa ke meetlo ea habo bona hore ba itšoare ka tsela e itseng ha ba sebelisana le balekane ba bona. E ka ’na eaba banna ba boleletsoe hore ho ea ka moetlo oa bona, ‘Hore ebe u monna hantle, ha ua tlameha ho bua haholo.’ Banna ba buang haholo ba ka ’na ba nyelisoa ka hore ke batho ba masaoana. Ke ’nete hore Bibele e re: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Leha ho le joalo, keletso eo e sebetsa ho banna le basali ka ho tšoana ebile e bontša hore puisano hase taba ea ho bua feela. Batho ba babeli ba ka ’na ba buisana lolololo, empa ho thoe’ng haeba ba sa mamelane? Mohlomong puisano ea bona e ke ke ea e-ba le morero. Joalokaha lengolo lena le ka holimo le bontša, karolo e khōlō ea hore batho ba buisane ka tsela e atlehang, ke hore ba tsebe ho mamela.

Ho Buisana Empa e se ka Mantsoe

Lichabeng tse ling, ho lebeletsoe hore basali ba se ke ba ntša maikutlo a bona. Banna bona ba lokela ho iphapanyetsa litaba tsa lelapa ka ho feletseng. Ha maemo a litaba a le joalo, monna le mosali ha ba tsebe hore na boemong bo itseng molekane e mong o batla eng. Basali ba bang ba ba le tsebo e ikhethang ea ho lemoha seo banna ba bona ba se hlokang ebe ba potlakela ho ba etsetsa sona. Maemong a joalo, monna le mosali baa buisana empa e se ka mantsoe. Leha ho le joalo, ka tloaelo ha balekane ba buisana ka tsela ena, ho bua molekane a le mong feela. Le hoja mosali a ka ’na a ithuta ho lemoha hore na monna oa hae o nahana eng kapa o ikutloa joang, hangata ha ho lebelloe hore monna le eena a be le tsebo e joalo ’me a lemohe maikutlo a mosali oa hae.

Ke ’nete hore meetlong e meng, banna ba ela hloko hore na basali ba bona ba ikutloa joang ebile ba leka ho khotsofatsa maikutlo ao. Leha ho le joalo, esita le meetlong e joalo, manyalo a mangata a ne a tla ntlafala haeba ho e-na le puisano e ntle.

Puisano e Bohlokoa Haholo

Ho phetlelana lifuba ho ka thibela liqabang le ho se utloisisane. Qalong ea histori ea Baiseraele, moloko oa Rubene, oa Gade le halofo ea moloko oa Manase e neng e lula ka bochabela ho Nōka ea Jordane e ile ea haha “aletare e hlaheletseng haholo” haufi le Jordane. Meloko e meng ha ea ka ea utloisisa seo ba meloko eo ba neng ba se entse. Kaha ba ne ba nahana hore barab’abo bona ba leng ka mose ho Jordane ba ne ba koenehile, meloko e ka bophirimela e ile ea itokisetsa ho ea loantša “marabele” ao. Leha ho le joalo, pele ba tsoa ho ea ntoeng, ba ile ba romela baemeli ho ea buisana le meloko eo e ka bochabela. Eo e ile ea e-ba khato e bontšang bohlale hakaakang! Ba ile ba fumana hore aletare eo e ne e sa etsetsoa hore ho chesoe linyehelo tse seng molaong kapa mahlabelo. Ho e-na le hoo, ba meloko e ka bochabela ba ne ba tšaba hore nakong e tlang meloko e meng e ne e tla re ho bona: “Ha le na kabelo ho Jehova.” Aletare eo e ne e tla ba bopaki ba hore le bona e ne e le barapeli ba Jehova. (Joshua 22:10-29) Ba ile ba reha aletare eo Bopaki, mohlomong e le hobane e ne e le bopaki ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete ho bona.—Joshua 22:34.

Tlhaloso ea bona e ile ea etsa hore meloko e meng e ba kholoe, eaba e tlohela taba ea ho nkela meloko eo e ’meli le halofo bohato. Ka sebele ho buisana ka bolokolohi le ka botšepehi ho ile ha etsa hore ba pheme tlokotsi. Hamorao, ha Baiseraele ba fetohela Jehova Molimo, e leng monna oa bona oa tšoantšetso, o ile a ba bolella hore ka mohau o ne ‘a tla bua le lipelo tsa bona.’ (Hosea 2:14) Ona ke mohlala o motle haholo ho banyalani! Kahoo, leka ho finyella pelo ea molekane e le hore a ka utloisisa kamoo u ikutloang kateng. Sena se bohlokoa, haholo-holo haeba maikutlo a phahame. Moqolotsi e mong oa litaba oa United States, ea bitsoang Pattie Mihalik o re: “Mantsoe ha a rekoe ka chelete, leha ho le joalo ke a bohlokoa ho feta chelete. Le hoja ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho ntša maikutlo a bona, empa haeba ba ne ba ka a ntša, liphello e ne e ka ba tsa bohlokoa le ho feta chelete e bankeng.”

Ho Ntlafatsa Tsebo ea ho Buisana

Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Lenyalo la rōna le ile la senyeha li sa tloha feela.’ Ba bang bona ba ka ’na ba qeta ka ho re: ‘Lenyalo lena le ke ke la sireletsoa.’ Ba ka ’na ba nahana hore ho ke ke ha khoneha ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho buisana ka mor’a hore ba nyalane. Empa nahana ka batho ba phelang lichabeng tseo manyalo a lokisetsoang ke beng ka bona. Ba bangata lichabeng tse joalo, qetellong ba ba le mekhoa e atlehang ea ho buisana le balekane ba bona.

Banyalani ba bang ba naheng ea Bochabela ba ile ba kena lenyalong le neng le lokiselitsoe ke beng ka bona. ’Muelli o ne a ile a kōptjoa ho ea sebakeng se hōle ho ea fumanela mohlankana mosali. Ho sa tsotellehe seo, banyalani bao ba phetseng lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng, ba ile ba bontša tsebo e ikhethang ea ho buisana. Mohlankana, e leng Isaka, o ile a kopana tšimong le ’muelli le eo e neng e tla ba mosali oa hae. Monna enoa eo e neng e le ’muelli o ile “a phetela Isaka lintho tsohle tseo a li entseng.” Tlaleho ea Bibele mabapi le lenyalo lena e tsoela pele tjena: “Ka mor’a moo Isaka a . . . tlisa [Rebeka] ka tenteng ea ’m’ae Sara [ketso ena e ne e le ho chata ka molao]. Ka hona a nka Rebeka ea e-ba mosali oa hae; a mo rata.”—Genese 24:62-67.

Hlokomela hore Isaka o ile a qala ka ho utloa tlaleho, eaba “ka mor’a moo” o nka Rebeka hore e be mosali oa hae. ’Muelli enoa e ne e le mohlanka ea tšepahalang ea inehetseng ho Jehova Molimo, eo Isaka a neng a mo rapela. Isaka o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore a tšepe monna enoa. Ka mor’a moo, Isaka o ile ‘a rata’ Rebeka, eo a neng a mo nyetse.

Na Isaka le Rebeka ba ile ba e-ba le tsebo e ntle ea ho buisana? Ka mor’a hore mor’a bona Esau a nyale barali ba babeli ba Hethe, ho ile ha hlaha bothata bo boholo ka lapeng. Rebeka “a ’na a re ho” Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo [mor’a bona e monyenyane] a ka nka mosali ho barali ba Hethe . . . , bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?” (Genese 26:34; 27:46) Ho totobetse hore o ile a bua ka ho hlaka ka seo a neng a amehile ka sona, a sa hlathe koana le koana.

Isaka o ile a laela Jakobo, mor’abo Esau oa lefahla hore a se ke a inkela mosali ho barali ba Kanana. (Genese 28:1, 2) Rebeka o ne a hlakisitse maikutlo a hae. Banyalani bana ba ne ba buisane ka tsela e atlehang ka taba ea lelapa e neng e ka ’na ea khopisa molekane e mong, kahoo ba re behela mohlala kajeno. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba balekane ba lenyalo ba sa lumellane? Ke’ng seo ba ka se etsang?

Ha Balekane ba Lenyalo ba sa Lumellane

Haeba uena le molekane oa hao le sa lumellane ho hang ka taba e itseng, u se ke ua thola feela ebe ha u buise molekane oa hao. Seo se ka fetisa molaetsa ona o hlakileng: Hore ha ua thaba, joale u batla hore le molekane oa hao a se ke a thaba. Empa ho ka etsahala hore ebe molekane oa hao ha a utloisise ka botlalo hore na u batla eng le hore na u ikutloa joang.

Ho ka ’na ha hlokahala hore uena le molekane oa hao le phetlelane lifuba. Haeba taba e le e ka khopisang e mong, ho ka ’na ha e-ba boima ho theola maikutlo. Batsoali ba Isaka, e leng Abrahama le Sara, ba kile ba thulana le boemo bo thata. Kaha Sara e ne e le nyopa, o ile a latela tloaelo ea mehleng eo eaba o fa Abrahama Hagare lekhabunyane la hae hore e be moqekoa, hore a mo etsetse bana. Hagare o ile a tsoalla Abrahama moshemane, ea bitsoang Ishmaele. Hamorao, Sara le eena o ile a ima ’me a tsoalla Abrahama mora, e leng Isaka. Ha Isaka a ne a khoesoa, Sara o ile a bona Ishmaele a ntse a soma mor’a hae. Kahoo, ha Sara a hlokomela kotsi e ka hlahelang mor’a hae, o ile a khothalletsa Abrahama hore a leleke lekhabunyane leo le mor’a lona, Ishmaele. Ha ho pelaelo hore Sara o ile a bua maikutlo a hae a sa tsilatsile. Empa seo a neng a se kōpa se ile sa khopisa Abrahama haholo.

Phapang eo e ile ea rarolloa joang? Tlaleho ea Bibele e baleha tjena: “Molimo a re ho Abrahama: ‘U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae, hobane se tla bitsoa peō ea hao se tla ba teng ka Isaka. ’” Abrahama o ile a mamela taelo ea Jehova Molimo eaba o nka bohato tumellanong le eona.—Genese 16:1-4; 21:1-14.

Empa u ka ’na ua re: ‘Haeba Molimo a ne a ka bua le rōna a le leholimong, re ne re tla lumellana habonolo!’ Seo se re tlisa ntlheng e ’ngoe ea ho rarolla liqabang lenyalong. Banyalani ba ka mamela Molimo. Joang? Ka hore ba bale Lentsoe la Molimo ba le ’moho ’me ba amohele seo le se buang e le tataiso ea Molimo.—1 Bathesalonika 2:13.

Mosali e mong oa Mokreste eo e leng khale a li bona o re: “Hangata ha mosali e mocha a tla ho ’na ho tla kōpa keletso mabapi le lenyalo la hae, kea mo botsa hore na eena le monna oa hae ba bala Bibele ba le ’moho na. Ba bangata ba nang le mathata manyalong a bona ha baa itloaetsa ho bala Bibele ba le ’moho.” (Tite 2:3-5) Kaofela re ka rua molemo mantsoeng a hae. Bala Lentsoe la Molimo kamehla le molekane oa hao. Ka tsela eo, u “utloa” mantsoe a Molimo mabapi le hore na u itšoare joang letsatsi le letsatsi. (Esaia 30:21) Leha ho le joalo, tlhokomeliso ke ena: U se ke ua sebelisa Bibele e le thupa eo u shapang molekane oa hao ka eona, ka ho lula u mo bontša mangolo ao u nahanang hore eena ha aa sebelise. Ho e-na le hoo, leka ho bona hore na ke joang lōna ka bobeli le ka sebelisang seo le se balang.

Ha u leka ho sebetsana le bothata bo tebileng, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe Watch Tower Publications Indexa mabapi le taba e khethehileng eo u amehileng ka eona? Ha re re u hlokomela batsoali ba seng ba hōlile, ’me seo se baka khohlano lenyalong la lōna. Ho e-na le ho pheha khang ka seo molekane oa hao a lokelang ho se etsa kapa ka seo a sa lokelang ho se etsa, ke hobane’ng le sa lule fatše le hlahlobe Index eo le le ’moho? Qalang ka ho sheba sehlooho se seholo se reng “Parents.” Mohlomong le ka rata ho sheba litšupiso tse lihloohoaneng tse kang se reng, “caring for aged parents.” Balang lihlooho tse amanang le taba eo libukeng tsa Lipaki Tsa Jehova le le ’moho. U tla makala ha u hlokomela kamoo uena le molekane oa hao le ka ruang molemo o moholo kateng boitsebisong bo thehiloeng Bibeleng, bo thusitseng Bakreste ba bangata ba tšepahalang.

Ho hlahloba litšupiso tseo le ho bala boitsebiso boo le le ’moho, ho tla le thusa hore le hle le shebisise bothata ba lōna hantle. Le tla fumana Mangolo a qotsitsoeng le a bontšitsoeng a etsang hore le be le monahano oa Molimo. Shebang mangolo ao ka Bibeleng ’me le a bale le le ’moho. Ruri le tla utloa seo Molimo a se buang ka bothata boo le tobaneng le bona!

Buisanang Hantle Kamehla

Na u kile ua leka ho bula lemati le neng le lutse le sa sebetse ka nako e itseng? Lihokelo tsa mamati tse mafome li qala ho etsa lerata ebe li qetella li bulehile. Empa ho thoe’ng haeba lemati leo le ne le sebelisoa kamehla ’me lihokelo tsa lona li loelitsoe hantle? Le ne le tla buleha habonolo. Hoa tšoana le ka puisano. Haeba u itloaelitse ho buisana le molekane oa hao ebile u sebelisa lerato la Bokreste hore e be lona le loetsang puisano ea lōna, u ka khona ho ntša maikutlo a hao habonolo esita le haeba le e-na le mathata a tebileng a ho se lumellane.

Hopola hore thoto e tiea tseleng. Le hoja qalong puisano e ka ’na ea hloka hore u etse boiteko bo matla, sebeletsa ho e ntlafatsa. Kahoo, qetellong u ka ba le kamano e ntle le molekane oa hao, ’me seo se ka fella ka hore le utloisisane ka nako e telele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ha le sa lumellane, na le tla batla tataiso ea Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela