Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka June: Tsamaisa buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang. Haeba beng ba matlo ba se ba ntse ba e-na le lingoliloeng tsena, tsamaisa bukana leha e le efe e ’ngoe eo phutheho e nang le eona setokong. July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang? ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ho ka ’na ha tsamaisoa libukana tsena tse latelang ha ho loketse: Buka ea Batho Bohle, A Satisfying Life—How to Attain It, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them?, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? le Will There Ever Be a World Without War? September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.
◼ Ka lebaka la litšenyehelo tse ntseng li phahama tsa lipalangoang le tsa bolulo, liphutheho li lokela ho qalella ho etsa litokisetso tsa phutuho ea tšimo e sa abuoang. Lekang ho sebelisa mafelo-beke ’ohle mosebetsing oa puso ea Molimo ka hore le qete nako e ngata kamoo le ka khonang tšebeletsong. Liphutheho tse sa khoneng ho tšehetsa mosebetsi ona li ka sebetsa tšimo ea tsona e sebetsoang seoelo.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a kopano e latelang ea setereke a fetotsoe:
La 26-28 December:
Walvis Bay (Seafrikanse/Senyesemane)
Ka kōpo hlokomelang hore lenaneo la Kopano ea Setereke ea “Tlotlisang Molimo” le tla qala ka Labohlano ka 9:00 hoseng, empa lenaneo la likopano tsa machaba lona le tla qala ka Labone ka 1:20 thapama.