Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 June, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 5 May ho ea ho la 30 June, 2003. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho feto-fetola molumo oa lentsoe ha ho fanoa ka puo, ’me see se ka etsoa joang? [2, be-SU leq. 111 lebokose; leq. 112 lebokose]
2. Le hoja sebui se lumela seo se se buang ebile se rata Jehova, ke hobane’ng ha se ka haelloa ke cheseho? [5, be-SU leq. 115 lir. 3-4; leq. 116 ser. 1]
3. Ke eng se tla thusa sebui ho bontša mofuthu le boikutlo ha se fana ka puo, ’me ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? [7, be-SU leq. 119 lir. 1-4]
4. Ke eng se lekanyetsang cheseho, mofuthu le maikutlo a mang a loketseng a bontšoang puong? [8, be-SU leq. 120 lir. 2-5]
5. ’Nete kapa Bohata: Boitšisinyo le ponahalo ea sefahleho ke tsa bohlokoa haeba feela bamameli ba u talimile. Hlalosa. [9, be-SU leq. 121 ser. 3]
PUO EA 1
6. Ke eng se ileng sa thusa Josiase ho khetha tsela e nepahetseng ho sa tsotellehe nako e bosula ea bongoaneng? (2 Likron. 34:1, 2) [2, w01-SU 4/15 leq. 27 lir. 1-6; leq. 28 ser. 4]
7. Liproverbia 9:7, 8a e bolela’ng, ’me e ka sebelisoa joang tšebeletsong ea tšimo? [3, w01-SU 5/15 leq. 29 lir. 4-5]
8. Jehova o ne a bolela’ng ha a re ho Baiseraele, “Le se ke la lebala,” ’me re ka qoba ho lebala joang? (Deut. 4:9; 8:11) [5, be-SU leq. 20 lir. 1-3]
9. Mantsoe a tiileng a Davida a ho Pesaleme ea 32:1, 5 le ho Pesaleme ea 51:10, 15 a bontša joang hore motho ha aa lokela ho ikutloa e le ea se nang thuso ka mor’a hore a etse sebe se tebileng empa a bontšitse pako ea sebele? [7, w01-SU 6/1 leq. 30 lir. 1-3
10. Litaelong tsa Pauluse tse ho 1 Timothea 5:3-16 ho ka ithutoa’ng ka ho hlokomela ba hlokang? [8, w01-SU 6/15 leq. 11 ser. 1]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Jesu o ne a bolela’ng ha a sebelisa polelo e reng ho ‘tsoaloa hape,’ e tlalehiloeng ho Johanne 3:3? [1, w95-SU 7/1 maq. 9-10 lir. 4-5]
12. Jesu o ile a sebelisa thuto ea hae ka tsela efe, ’me re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa ho see? (Joh. 7:15-18) [2, w96-SU 2/1 maq. 9-10 lir. 4-7]
13. Ke hobane’ng ha Johanne 7:53–8:11 e arotsoe litemaneng tse ling Phetolelong ea Lefatše le Lecha? [3, it-2 leq. 94 ser. 5; rs-SU leq. 347 ser. 1]
14. Jesu o ile a “tla ka mokhoa o tšoanang le oo” a nyolohetseng leholimong ka oona joang? (Lik. 1:11) [6, w90-SU 6/1 leq. 11 ser. 5]
15. Ke hobane’ng ha “ho ne ho se le ea mong oa ba bang ea neng a e-na le sebete sa ho ikopanya le [barutuoa],” joalokaha ho boletsoe ho Liketso 5:13? [7, w90-SU 6/1 leq. 14 lir. 22-3]