Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 (haeba li loketse tšimo ea lōna) ho bontša tsela ea ho tsamaisa Molula-Qhooa oa June 15 le Tsoha! ea July 8. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea pakang tšimong ea khoebo. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng.
20 mets: “Jehova o Thusa ba mo Tšepang.”a Ha le tšohla serapa sa 4, akarelletsa le litlhaloso tse tsoang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 1999 leqepheng la 4, serapeng sa 8-9 (E fumaneha ho CD-ROM feela), le tse tsoang bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 67, serapeng sa 2.
15 mets: Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi? Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 256-9. Ho tloaelehile hore lithethefatsi li sebelisetsoe “ho ithabisa.” Ba bangata ba tiisa hore ho sebelisa lithethefatsi ka tsela eo ha ho kotsi; ebile ba bang ba buella hore li lumelloe ka molao. Tšohla kamoo re ka behelanang mabaka le batho ba joalo. Akarelletsa le litlhaloso tse lebokoseng le leqepheng la 10 la Tsoha! ea November 8, 1999.
Pina ea 179 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Mangeloi aa re Thusa.”b Kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng haeba nako e lumela.
20 mets: Bohlale bo Tsoang Holimo bo na le Kahlolo e Molemo. (Jak. 3:17) Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 251-2. Ho ba le kahlolo e molemo ho bolela’ng? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa tšebeletsong ea rōna? Re ka ithuta’ng mohlaleng oa moapostola Pauluse? Bahoeletsi ba ka nahanela semelo sa batho joang tšimong ea phutheho? Re ka thusa liithuti tsa Bibele joang hore li bontše kahlolo e molemo? Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba phete liphihlelo tse bontšang melemo ea katamelo e nang le kahlolo e molemo.
Pina ea 53 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 June
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4 (haeba li loketse tšimo ea lōna). Pontšong ka ’ngoe, e-re mohoeletsi a qale ka tlhaloso e khutšoanyane, e nang le botsoalle. Bolela hore ho etsa joalo ho ka etsa hore mong’a ntlo a phutholohe.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
18 mets: “Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Thuto ea Buka ea Phutheho.”c Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Akarelletsa le litlhaloso tse sehloohong se reng “Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho,” se hlahileng leqepheng la 1 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2002.
Pina ea 20 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: U Tla Re’ng? Puo le puisano le bamameli. Ka July le August, re tla be re tsamaisa libukana. Ke libukana life tseo bahoeletsi ba fumaneng li atleha tšimong ea phutheho? Hlahloba linehelano tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea July 1998, leqepheng la 8, kapa tse litokollong tse ling tsa nakong e fetileng. Totobatsa hore nehelano ka ’ngoe e akarelletsa (1) potso, (2) lengolo, le (3) ntlha e ka buelloang ka har’a sengoliloeng. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli. Khothalletsa bohle ho sebelisa Bibele ha ba bolela litaba tse molemo.
20 mets: Seo Bana ba se Hlokang ho Batsoali. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, leqepheng la 6-7. Ke habohlokoa hore bana ba ithute melao-motheo ea Bibele e laolang borapeli ba ’nete le ho utloisisa karolo ea bohlokoa e phethoang ke batsoali koetlisong. Tšohla litlhahiso tse fanoeng bakeng sa ho ithuta buka ena. Kōpa batsoali hore ba hlalose kamoo ba sebelisitseng thuso ena ea ho ithuta kateng. E-re ngoana a le mong kapa ba babeli ba bolele hore na ke hobane’ng ha ba ananela buka ena.
Pina ea 65 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.