Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/04 leq. 1
  • Re Hloka Thuso ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka Thuso ea Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Barab’abo Rōna—Jallang Moea ’me le Hahamalle ho Tšoaneleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Barab’abo Rōna baBacha, na le Hahamalla Litokelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Koetlisang ba Bang Hore ba Hahamalle Boikarabelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 12/04 leq. 1

Re Hloka Thuso ea Hao

1 “Rea u leboha ka sohle seo u se etsang molemong oa rōna bohle. Ka sebele re rua molemo.” Polelo ena e hlalosa hantle kananelo eo re nang le eona ka baholo ba rōna le bahlanka ba sebeletsang. Joalokaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ntse o hōla, ho na le tlhokahalo e ntseng e eketseha ea banna ba hōlileng tsebong ba ka sebeletsang liphuthehong tse ka bang 100 000 lefatšeng ka bophara. Haeba u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, re hloka thuso ea hao.

2 ‘Ho Hahamalla Litokelo’: U ka hahamalla litokelo tsa tšebeletso tse eketsehileng joang? (1 Tim. 3:1) Ha e le hantle, ke ka ho beha mohlala o motle likarolong tsohle tsa bophelo ba hao. (1 Tim. 4:12; Tite 2:6-8; 1 Pet. 5:3) Kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli, ’me u thuse ba bang ho etsa se tšoanang. (2 Tim. 4:5) E-ba le thahasello ea sebele boiketlong ba balumeli-’moho le uena. (Bar. 12:13) E-ba seithuti se khothetseng sa Lentsoe la Molimo, ’me u ntlafatse ‘tsebo ea ho ruta.’ (Tite 1:9; 1 Tim. 4:13) Ka mafolofolo, hlokomela likabelo tseo baholo ba u fileng tsona. (1 Tim. 3:10) Haeba u hlooho ea lelapa, ‘okamela ba ntlo ea hao ka mokhoa o motle.’—1 Tim. 3:4, 5, 12.

3 Ho sebeletsa boemong boo u bo khethetsoeng ho akarelletsa ho sebetsa ka mafolofolo ’me ho hloka moea oa boitelo. (1 Tim. 5:17) Ka lebaka leo, ha u hahamalla litokelo, lebisa tlhokomelo ho sebeletseng ba bang ka boikokobetso. (Mat. 20:25-28; Joh. 13:3-5, 12-17) Thuisa ka boikutlo boo Timothea a neng a e-na le bona, ’me u leke ho mo etsisa. (Bafil. 2:20-22) Joaloka eena, etsa hore boitšoaro ba hao bo botle bo u buelle. (Lik. 16:1, 2) Ha u hlaolela litšobotsi tsa moea tse hlokahalang hore u jare litokelo tse eketsehileng ’me u sebelisa keletso leha e le efe ea ho ntlafatsa eo u e fuoang, “tsoelo-pele ea hao e [tla] bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:15.

4 Batsoali, Koetlisang Bana Hore ba Thuse: Bana ba ka qala ho ithuta ho thusa ba sa le banyenyane. Ba koetliseng hore ba mamele libokeng, hore ba bolele, le hore ba behe mohlala ka boitšoaro Holong ea ’Muso le sekolong. Ba ruteng ho sebeletsa ba bang, ka ho thusa ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso, ka ho thusa ba hōlileng, le ka ho etsa lintho tse ling tse joalo. Ba lumelleng ho fumana thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Koetliso e joalo e ka ba thusa hore e be bo-pula-maliboho, bahlanka ba sebeletsang le baholo ba ka moso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela