Barab’abo Rōna ba Bacha, na le Hahamalla Litokelo?
1. Mor’abo rōna ea mocha lilemong o lokela ho qala neng ho sebelisa keletso e ho 1 Timothea 3:1?
1 ‘Haeba motho leha e le ofe a hahamalla litokelo o lakatsa mosebetsi o motle.’ (1 Tim. 3:1) Mantsoe ana a bululetsoeng a susumelletsa barab’abo rōna ho hahamalla litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong. Na u lokela ho ba motho e moholo hore u hahamalle litokelo? Ha e le hantle ho molemo hore u qale u sa le mocha. Ka tsela eo, u ka koetlisoa ’me ua bontša hore na u ua tšoaneleha kapa che hore u be mohlanka ea sebeletsang ha u se u hōlile. (1 Tim. 3:10) Haeba u mor’abo rōna ea mocha lilemong ea kolobelitsoeng u ka hahamalla litokelo joang?
2. U ka hōlisa moea oa boitelo ua ba ua o bontša joang?
2 U Lokela ho Itela: U hopole hore u hahamalla mosebetsi o motle eseng maemo. Kahoo hōlisa moea oa ho thusa bara le barali beno. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke hore u nahanisise ka mohlala o motle oa Jesu. (Mat. 20:28; Joh. 4:6, 7; 13:4, 5) Kōpa Jehova hore a u thuse ho rata batho ba bang. (1 Bakor. 10:24) Na u ka thusa ba kulang le ba hōlileng ka phuthehong? Na u ithaopela ho kuta joang, ho hloekisa Holo ea ’Muso kapa ho etsa mesebetsi e meng e amanang le ho e hlokomela? Na u ka ithaopela ho fana ka puo eo u neng u sa e abeloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Ha ho pelaelo hore haeba u itella bara le barali beno, u tla thaba.—Lik. 20:35.
3. Ho ba motho oa moea ho bohlokoa hakae, hona motho a ka etsa joang hore e be motho oa moea?
3 U Lokela ho ba Motho oa Moea: Ho molemo haholo hore mor’abo rōna ea sebeletsang e be motho oa moea ho e-na le hore a be le bokhoni le litalenta tse khethehileng feela. Monna oa moea o leka ho talima lintho joaloka Jehova le Jesu. (1 Bakor. 2:15, 16) O bonahatsa “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:22, 23) Ke moevangeli ea chesehang ea behang lithahasello tsa ’Muso pele bophelong. (Mat. 6:33) Ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho ho tla u thusa hore u be le litšobotsi tsa moea. Sena se akarelletsa ho bala Bibele kamehla, ho bala kopi e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, ho lokisetsa le ho ba teng libokeng. (Pes. 1:1, 2; Baheb. 10:24, 25) Ha Pauluse a ne a khothalletsa Timothea hore a bontše khōlo moeeng o ile a ngola a re: “U ele hloko . . . ho ruta ha hao.” (1 Tim. 4:15, 16) Kahoo lokisetsa lipuo tsa hao tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka hloko. Lokisetsa tšebeletso ea tšimo ’me u kopanele ho eona kamehla. Ipehele lipakane tsa moea, tse kang ho bula maliboho, ho sebeletsa Bethele, kapa ho ea Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha u be u li hahamalle. Ho ba motho oa moea ho tla u thusa hore “u balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.”—2 Tim. 2:22.
4. Ke hobane’ng ha botšepehi e le ba bohlokoa?
4 U Lokela ho ba Motho ea Tšepahalang: Kaha barab’abo rōna ba neng ba fuoe mosebetsi oa ho abela Bakreste ba hlokang lijo lekholong la pele la lilemo e ne e le ba “pakiloeng,” ba tsebahalang ka botšepehi, baapostola ha baa ka ba tšoenyeha ka hore na mosebetsi o tla phethoa kapa che. Sena se ile sa thusa baapostola ho tsepamisa kelello linthong tse ling tsa bohlokoa. (Lik. 6:1-4) Kahoo, haeba u fuoe kabelo e itseng ka phuthehong, etsa sohle se matleng a hao ho e phetha hantle. Etsisa Noe ea ileng a latela ka hloko litaelo tseo a neng a li fuoe tsa ho haha areka. (Gen. 6:22) Jehova o ananela botšepehi ebile ha motho a tšepahala sena se bontša hore o hōlile moeeng.—1 Bakor. 4:2; bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Melemo ea Koetliso.”
5. Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba bacha ba lokela ho hahamalla litokelo?
5 Joalokaha ho profetiloe, Jehova o potlakisa mosebetsi oa ho bokella. (Esa. 60:22) Ka karolelano, selemo le selemo ho kolobetsoa batho ba ka etsang 250 000. Ka lebaka la batho ba bangata ba ntseng ba amohela ’nete, ho hlokahala banna ba moea ba tšoanelehang ho etsa mesebetsi ea phutheho. Hona joale, ho feta leha e le neng pele, ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa tšebeletsong ea Jehova. (1 Bakor. 15:58) Barab’abo rōna ba bacha, na le hahamalla litokelo? Haeba ho joalo, le lakatsa mosebetsi o motle e le kannete!
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 2]
Ka lebaka la batho ba bangata ba ntseng ba amohela ’nete, ho hlokahala banna ba moea ba tšoanelehang ho etsa mesebetsi ea phutheho
[Lebokose le leqepheng la 3]
Melemo ea Koetliso
Barab’abo rōna ba bacha ba tšoanelehang ba rua molemo ha baholo ba ba koetlisa le ho ba fa likabelo. Molebeli oa potoloho o ne a lutse sethaleng a ntse a khothatsa mohoeletsi e mong kamor’a seboka. O ile a bona moshanyana e mong a eme haufi le bona, eaba o oa mo botsa hore na o emetse ho bua le eena. Moshanyana eo o ile a mo bolella hore o abetsoe ho hloekisa sethala kamor’a seboka se seng le se seng. Batsoali ba hae ba ne ba le mothating oa ho tsamaea, empa eena o ne a sa batle ho tsamaea pele a ka phetha kabelo ea hae. Molebeli oa potoloho o ile a mo suthela a thabile. O ile a re: “Baholo ba phutheho eo ba ne ba le seli hore ba koetlise le ho fa barab’abo rōna ba bacha ba tšoanelehang likabelo. Ka lebaka leo, e ne e le ntho e tloaelehileng hore ha ke etetse phuthehong ea bona ba buelle barab’abo rōna ba bacha ho ba bahlanka ba sebeletsang.”