Ho Ikitlaelletsa ho Eketsa Tšebeletso ea Rōna
1 Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba tsamaee tseleng ea Molimo le hore ba ‘’ne ba ho etse ka botlalo haholo.’ (1 Bathes. 4:1) See se bolela hore re etse’ng? Se seng seo re ka se etsang ke hore re tsoele pele ho batla litsela tsa ho ikitlaelletsa mesebetsi e eketsehileng ea moea, kamehla re ntse re leka hore re “phethe bosebeletsi ba [rōna] ka botlalo.”—2 Tim. 4:5.
2 Sepheo: Re ikitlaetsa tšebeletsong ka ho ba le takatso ea ho sebeletsa ’Mōpi oa rōna ka botlalo haholo. Re batla ho hōla moeeng ’me re batle litsela tsa ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna. Ho etsa kemiso e ntle ka sepheo se setle, ho tla re thusa ho finyela lipakane tsa ho sebeletsa Molimo.—Pes. 1:1, 2; Bafil. 4:6; Baheb. 10:24, 25.
3 Ho hlokahala hore re hlaolele moea oa ho fana le oa ho itela ha re sebeletsa ho eketsa tšebeletso ea rōna. Moea oo o ka hlaoleloa ka hore ka thapelo re thuise ka mohlala o motle oa Jesu. (Mat. 20:28) Jesu o ne a thaba haholo tšebeletsong ea hae ha a sebeletsa batho ba bang. (Lik. 20:35) Re ka etsisa Jesu ka hore re thahaselle batho ba bang le ka ho falimehela menyetla ea hore re ikitlaetse tšebeletsong ea rōna.—Esa. 6:8.
4 Karolo ea Batsoali: Bana ba ka kenngoa takatso ea ho sebeletsa batho ba bang le ho atolosa tšebeletso ba sa le banyenyane. Bana ba tla lemoha ha lelapa labo bona le khothetse ebile le kopanela ka mafolofolo ho atoloseng tšebeletso ea lona. Mor’abo rōna e mong o ile a susumeletsoa ho ikitlaetsa esale moshanyana ka lebaka la ho etsa mesebetsi ea phutheho le ntate-moholo oa hae. Ha a bona ntate-moholo oa hae a khothetse ’me a thabile, o ile a susumelletseha hore a batle menyetla ea ho sebeletsa barab’abo. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang.
5 Ho Hlokahala Barab’abo Rōna: “Haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Mantsoe ana a khothalletsa barab’abo rōna hore ba ikitlaelletse ho tšoanelehela litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Hore ba etse seo ha ho hloke hore motho a be le bokhoni bo khethehileng kapa hore ka tlhaho a be le tsebo e itseng. Mor’abo rōna ea ikitlaetsang o tla batla ’Muso pele a be a chesehele tšebeletso. (Mat. 6:33; 2 Tim. 4:5) O tla leka ho behela ba bang mohlala o motle.
6 Lefatšeng Lohle: Jehova o potlakisa mosebetsi oa ho bokella. (Esa. 60:22) Ho potlakile hore bohle ba latelang mohlala oa Jesu ba etse tšebeletso ea bona ka botlalo le ho feta. Tlaleho ea lefatše lohle ea selemo sa tšebeletso sa 2006 e bontša hore ho ile ha kolobetsoa batho ba 248 327. Sena se bolela hore ka karolelano ho ne ho kolobetsoa ba fetang 680 ka letsatsi! E se eka bohle re ka tsoela pele ho batla litsela tsa ho etsa tšebeletso ea rōna ka botlalo haholo.