Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Liphutheho tse ling tse 17 li ile tsa thabela ho neheloa ha Liholo tsa tsona Tsa ’Muso tse ncha: Tweefontein East le Vlaklaagte West (ka Leboea ho Bronkhorstspruit), Mashishing (Lydenburg), Naas (Komatipoort), Hleoheng (Lesotho), Pacaltsdorp (George), Dindini (Bizana), Kutloanong East (Odendaalsrus), Phomolong (Harrismith), Ntuzuma North (Inanda), Mondlo South (Emondlo), Nkodibe (Mtubatuba), Majozini (Mkuze), Kokosi (Fochville), Hoekfontein, Leondale le Ivory Park South Gauteng.
Jehova o ntse a hlohonolofatsa lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso tšimong ea rōna. Selemong sa tšebeletso sa 2004 ho ile ha hahoa Liholo Tsa ’Muso tse 40. Ka sebele re ananela tataiso ea Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka tse 25 le tšehetso e lerato ea bohle ba bileng le seabo.
Na u ka thabela ho kopanela kahong ea Liholo Tsa ’Muso? Ka kōpo kōpa foromo ea Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82) ho mongoli oa phutheho ea lōna. Tlatsa foromo ena ’me u e fe molebeli ea okamelang. Ka mor’a moo, Komiti ea Kaho ea Libaka e tla u tsebisa ha ho hlokoa thuso ea hao.
Liphutheho tse hlokang liholo li khothalletsoa ho tsoela pele li nehela letlōleng la tsona la kaho ea Holo ea ’Muso. Kahoo, li tla be li e-na le chelete ha ho qalisoa mosebetsi oa kaho. Ho sa ntse ho e-na le Liholo Tsa ’Muso tse ngata tse lokelang ho hahoa tšimong ea rōna ’me re khothalletsa e mong le e mong ho tšehetsa lenaneo la kaho ka ho feletseng.