Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/04 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 December
  • Beke e Qalang ka la 20 December
  • Beke e Qalang ka la 27 December
  • Beke e Qalang ka la 3 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 12/04 leq. 2

Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 December

Pina ea 47

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25 December le la 1 January. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea January 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimo ea lōna). Ho ka ’na ha sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Nehelanong ka ’ngoe, bontša mokhoa o fapaneng oa ho arabela motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ke se ke tloaelane haholo le mosebetsi oa lōna.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 20.

15 mets: “Re Hloka Thuso ea Hao.”a Buisana le moholo hakhutšoanyane. E-re a phete se ileng sa mo khothalletsa hore a hahamalle ho sebeletsa ka phuthehong le se ileng sa mo thusa hore a tšoanelehe.

20 mets: “Re ka Pakela Beng ka Rōna Joang?”b Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Kōpa bamameli hore ba fane ka litlhaloso tse khutšoanyane mabapi le kamoo ba ’nileng ba tsosa thahasello ea beng ka bona le ho ba pakela kateng.

Pina ea 17 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 December

Pina ea 68

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Kamoo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re Ruisang Molemo.” Puo ka molebeli oa sekolo. Akarelletsa le litlhaloso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2004. Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba hlalose kamoo ba ruang molemo kateng sekolong sena.

20 mets: “Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa Molimo.” Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 15, 2004, leqepheng la 21-3. Bontša kamoo e sebetsang kateng phuthehong ea lōna.

Pina ea 50 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 December

Pina ea 36

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa December. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimo ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 1 le Tsoha! ea January 8.

30 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina ea 8 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 January

Pina ea 27

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January.

20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 4.” Ka mor’a kenyelletso e ka tlaase ho motsotso e thehiloeng serapeng sa 1, lokisetsa hore ho be le pontšo ea metsotso e mehlano e thehiloeng serapeng sa 2-3 e bontšang mokhanni oa thuto ea Bibele a thusa seithuti ho lokisetsa thuto. Sebelisa serapa se bukeng ea Tsebo kapa se bukaneng ea Seo a se Hlokang bakeng sa pontšo ena. Ka mor’a moo, tsoela pele ka puisano serapeng sa 2-5, u totobatsa lintlha tse ka sehloohong tsa pontšo.

15 mets: “Mosebetsi o Tšehetsoang ke Molimo.”c Kopanyelletsa litlhaloso tse bukeng ea Baboleli, leqepheng la 547-8.

Pina ea 79 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela