Tšebeletso ea Rōna ke Mosebetsi o Bontšang Qenehelo
1 Jesu o ile a hlokomela hore bongata bo neng bo mametse molaetsa oa hae “bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Ka tsela e mofuthu le e lerato, o ile a ba ruta melao-motheo ea Jehova, a ba tšelisa, ’me ka qenehelo a ba khotsofatsa ka lintho tseo ba li hlokang moeeng. Ha re ntse re nahanisisa ka litsela tsa Jesu, re ithuta ho nahana le ho ikutloa joaloka eena, ’me re khona ho bonahatsa tšobotsi ena ea qenehelo tšebeletsong ea rōna.
2 Ka motsotsoana feela, ak’u nahane kamoo Jesu a neng a itšoara kateng ha ba neng ba le tsietsing ba tla ho eena ba hloka thuso. (Luka 5:12, 13; 8:43-48) O ne a nahanela ba neng ba hloka thuso e khethehileng. (Mar. 7:31-35) O ne a ela hloko maikutlo a batho ba bang a bile a bontša hore o amehile ka bona. O ne a sa susumetsoe feela ke seo a se bonang. (Luka 7:36-40) Ruri Jesu o ile a bontša ka ho phethahetseng qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna.
3 “A Susumetsoa ke Khauho”: Jesu ha aa ka a phetha tšebeletso ea hae hobane feela a ne a ikutloa a tlamehile. O ne “a susumetsoa ke khauho” bakeng sa batho. (Mar. 6:34) Le rōna kajeno, ha re fetisetse molaetsa feela ho batho, empa re leka ho pholosa bophelo ba bona ba bohlokoa. Re batla ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba itšoara kamoo ba itšoarang kateng. Ke hobane’ng ha ba tšoenyehile kapa ba khathatsehile? Na ba lahliloe kherehloa le ho thetsoa ke balisa ba bolumeli ba bohata? Mohlomong haeba re thahasella batho e le kannete, ba ka ’na ba susumelletseha ho mamela litaba tse molemo.—2 Bakor. 6:4, 6.
4 Qenehelo e ama lipelo. Ka mohlala: Mosali e mong o ile a hlokahalloa ka sehlōhō ke morali oa hae ea likhoeli li tharo. Ha Lipaki tse peli li kokota ha hae, o ile a re li kene ka sepheo sa ho bontša hore mabaka a tsona a hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola ke mashano. Leha ho le joalo, hamorao mosali eo o ile a re: “Li ile tsa ’mamela ka qenehelo e khōlō, ’me ha li se li tsamaea, ke ile ka ikutloa ke imolohile hoo ke ileng ka lumela hore li nketele hape.” Na u loanela ho bontša motho e mong le e mong eo u kopanang le eena tšebeletsong hore ua mo qenehela?
5 Ho ba le qenehelo ho tla re thusa hore re tšelise batho ba bang e le kannete. Ka ho etsa joalo, re tlotlisa “Ntate oa mehauhelo e bonolo,” Jehova.—2 Bakor. 1:3.