Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 15 le Tsoha! ea June kateng. Ho e ’ngoe ea lipontšo tseo, bontša hore na limakasine li ka tsamaisoa joang bopaking bo sa reroang.
20 mets: “Tšebeletso ea Rōna ke Mosebetsi o Bontšang Qenehelo.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.
15 mets: Ho Tšepa “Lekhoba le Tšepahalang le le Masene.” Puo le puisano le bamameli e thehiloeng khaolong ea 3 ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.
Pina ea 47 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang! Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 1, 2006, leqepheng la 16-19. Selelekeleng sa puo, totobatsa melemo e mene ea ho babatsa batho ba bang e tšohloang sehloohoaneng se reng “Melemo ea ho Babatsa.” Ebe u kōpa bamameli hore ba arabe lipotso tse latelang: Ke mang ea ka sehloohong ea tšoaneloang ke ho rorisoa? Ke hobane’ng ha e le tšoanelo ho babatsa barapeli-’moho le rōna ka tsela e tšoanetseng? Ka phuthehong, ke menyetla efe eo re nang le eona ea ho babatsa ba bang? Ke hobane’ng ha ho le molemo ho babatsa litho tsa lelapa, hona re ka etsa joalo joang? Ho babatsoa ho ile ha u matlafatsa le ho u khothatsa joang?
15 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Babatsa.”b Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane eo ho eona mohoeletsi a mamelisisang mong’a ntlo, a mo babatsang ho tsoa pelong ebe o thasiselletsa ho seo mong’a ntlo a se buileng ka ho mo balla lengolo le loketseng.
Pina ea 96 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 June
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July kateng. Qetellong ea pontšo ka ’ngoe, mohoeletsi o botsa potso e etsang hore motho a ntše maikutlo a hae eo u ka e arabang ha u mo etela nakong e tlang u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang.
15 mets: Ho Sebetsa le Phutheho e Buang Puo ea Naha e ’Ngoe. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa March 15, 2006, leqepheng la 17-20. Kopanyelletsa le lintlha tse tsoang bukeng ea Ho Hlophisetsoa, leqepheng la 112, serapeng sa 2. Bontša hore na boitsebiso boo bo sebetsa joang phuthehong. Ho ka ’na ha buisanoa le motho a le mong kapa ba babeli ba batlang ho atolosa tšebeletso ea bona ka ho ithuta puo e ’ngoe. (Haeba puo ena e sa tšoanele phutheho ea lōna, le ka e fetola ’me la fana ka e reng “Ho Hang Jehova a ke ke a le Tlohela” e Molula-Qhooeng oa October 15, 2005, leqepheng la 8-11. E ka fanoa e le puo.)
15 mets: Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka July. Batho ba bangata tšimong ea phutheho ba thahasella ho qoqa ka eng? Ka bokhutšoanyane, buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba atlehileng ho sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me mohlomong ba se ba qalile thuto ea Bibele. Ebe u lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo sengoliloeng seo se ka tsamaisoang kateng ka ntlo le ntlo, ho sebelisoa nehelano e ’nileng ea atleha tšimong ea phutheho.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ea January 2005 leq. 8, ser. 5.
Pina ea 208 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore haeba ho e-na le ba e-s’o fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa June ba fane ka tsona.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng.”c Kōpa bacha ba phutheho hore ba bue ka lipakane tsa bona tsa moea le hore na ba etsa joang hore ba li finyelle. Ho ka ’na ha lokisetsoa esale pele tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina ea 30 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.