Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 10 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa July 15 le Tsoha! ea July e ka tsamaisoang kateng. Pontšo e ’ngoe e bontše tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Rōna mona re Bakreste.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 19.
15 mets: Tšohla litokisetso tsa tšimo e sa abuoang. Puo ena e lokela ho fanoa ke molebeli oa tšebeletso. Bua ka lengolo la tšimo e sa abuoang la la 15 May, 2006, u bolele lingoliloeng tse tsamaisoang, matsatsi ao ho uoang ka ’ona, sebaka se tla sebetsoa, litokisetso tsa marobalo le tsa lipalangoang. Na ho na le bao e ka bang bo-pula-maliboho ba thusang? Liphutheho tse sa eeng tšimong e sa abuoang, li lokela ho tšohla litokisetso tsa ho sebetsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla.
20 mets: “Thusa Seithuti ho Ananela Litšobotsi Tsa Jehova Tse Ikhethang.”a Kopanyelletsa le pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang lipotso ho thusa seithuti sa Bibele ho nahana ka lintlha tse lebokoseng la tlhahlobo qetellong ea khaolo ea 1 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang.
Pina ea 88 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Bua hakhutšoanyane ka Molula-Qhooa oa August 15, 2000, leqepheng la 32. Hatisa melemo ea ho ba le kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, esita leha re le phomolong kapa ka linako tse ling ha re sa etse mesebetsi ea rōna ea kamehla.
15 mets: Lerato le Boikokobetso—Litšobotsi Tsa Bohlokoa Bakeng sa Tšebeletso. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 15, 2002, leqepheng la 18-20, serapeng sa 13-20.
20 mets: “Etsisa Jehova, ‘Molimo oa Rōna ea Thabileng.’”b Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba thusoa ke eng ho lula ba thabile ’me ba khothetse ha ba paka tšimong ea phutheho.
Pina ea 189 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 July
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa August 1 le Tsoha! ea August e ka tsamaisoang kateng. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, pheta kenyelletso e ileng ea sebelisoa ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo.
10 mets: “Ba Behile Mohlala oa Botšepehi.” E fanoe e le puo e akarelletsang liphihlelo tse seng kae tse hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rōna, tse buang ka bo-pula-maliboho ba khethehileng, kapa ho buisanoe le bo-pula-maliboho leha e le bafe ba khethehileng bao e ka ’nang eaba ba teng phuthehong.—Bona Watch Tower Publications Index tlas’a sehlooho se reng “Special Pioneers.”
20 mets: Le be ba Tiileng, ba sa Sutheng. (1 Bakor. 15:58) Buisana le bahoeletsi kapa bo-pula-maliboho ba babeli kapa ba bararo bao ka lilemo tse ngata ba ’nileng ba sebeletsa ka botšepehi. Ba ithutile ’nete joang? Mosebetsi oa boboleli o ne o le joang ha ba qala ho o etsa? Ba ’nile ba tobana le mathata afe? Ba fumane melemo efe ka lebaka la ho lula ba tiile borapeling ba ’nete?
Pina ea 12 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho le bangoli ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba bokella litlaleho leha e le life tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng ’me li romeloe hammoho le tlaleho ea phutheho ea July. Bolela lingoliloeng tse tsamaisoang ka August.
15 mets: Kamoo Phutheho e Hlophisitsoeng le Kamoo e Tsamaisoang Kateng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng khaolong ea 4 ea buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.
20 mets: “E-ba le Kemiso e Ntle ea Lintho Tsa Moea, U Rue Melemo e Meholo.”c Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba entse boiteko bofe ba ho iketsetsa kemiso e ntle ea lintho tsa moea le ho lula ba e-na le eona, hammoho le melemo eo ba e fumaneng ka lebaka la ho etsa joalo.
Pina ea 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 7 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba hakhutšoanyane hore na ho ka etsoa joang hore linehelano tse fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso li tšoanele maemo a tšimo ea phutheho.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leq. 8.
15 mets: Liboka Tse Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa March 15, 2002, leqepheng la 24-5. Kopanyelletsa le puisano e khutšoanyane e hatisang boiteko boo mohoeletsi a bo etsang hore a be teng kamehla libokeng, le kamoo a ruileng molemo kateng ka ho etsa joalo.
20 mets: Ho Khema le Linako le ho Tenyetseha Tšebeletsong ea Rōna. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa December 1, 2005, leqepheng la 28-30. Fana ka puo e thehiloeng serapeng sa 6-11, e hatisang kamoo Pauluse a neng a ela lintho hloko kateng, a feto-fetoha le maemo, ebile a khona ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ha a paka le ha a ruta. Ka mor’a moo u kōpe bamameli hore ba arabe lipotso tsa serapa sa 12-14, ba bontše kamoo boitsebiso bo ka sebelisoang kateng phuthehong. Akarelletsa le pontšo ea kamoo bahoeletsi ba ka tenyetsehang kateng tšebeletsong, ha ba nahanela litlhoko, maemo le setso sa batho ba tšimong ea phutheho.
Pina ea 83 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.