Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/06 leq. 3
  • Ba Behile Mohlala oa Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Behile Mohlala oa Botšepehi
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 7/06 leq. 3

Ba Behile Mohlala oa Botšepehi

1 Ka 1937 ho ile ha qalisoa mofuta o mocha oa tšebeletso ea nako e tletseng—ea bopula-maliboho bo khethehileng. Banna le basali ba tšoanelehang, ba nang le phihlelo tšebeletsong ea Bokreste, ba ile ba amohela ka boithatelo likabelo tsa ho sebeletsa kae kapa kae moo mokhatlo o hlophisitsoeng o neng o ba laela hore ba sebeletse teng. Hona joale, ho se ho fetile lilemo tse mashome ’me bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ntse ba tsoela pele ho beha mohlala o motle oa botšepehi o ka etsisoang.—Baheb. 6:12.

2 Ba Ile ba Etella Pele: Ho tloha qalong, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba etella pele mosebetsing oa boboleli ka ho sebelisa likeramafono tse nyenyane malapeng a batho. Hape ba ile ba sebelisa lirekoto ha ba buisana le batho ka Bibele maetong a ho boela. Sena se ne se etsoa metseng e meholo moo ho neng ho se ho ntse ho thehiloe liphutheho. Ka mor’a nako, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba romeloa libakeng tseo ho tsona ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Ba ile ba tsoela pele ho khutlela ho bohle ba thahasellang le ho ba khannela lithuto tsa Bibele. Ka lebaka la boikitlaetso ba bona, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse makholo. Mosebetsi oa bona oa ho bolela evangeli ba sa khathale o ile oa tlatsetsa khōlong e babatsehang eo re e bonang mokhatlong o hlophisitsoeng kajeno. (Esa. 60:22) Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ntse ba tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ea ho phatlalatsa litaba tse molemo “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakol. 1:23.

3 Ba Behile Mohlala o ka Etsisoang: Bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse mashome. Ho theosa le lilemo, tumelo ea banna le basali bana ba tšepahalang e ’nile ea tsukutloa ke maemo a sa tšoaneng. (1 Pet. 1:6, 7) Ba ’nile ba ikemisetsa ho tela lintho tse bonahalang e le hore ba ka sebeletsa libakeng tse nang le tlhokahalo e khethehileng. Hona joale ba bang ba se ba tsofetse ’me ba fokolloa ke bophelo, kapa ba tobana le maemo a mang a boima. (2 Bakor. 4:16, 17) Leha ho le joalo, ‘ba ntse ba atleha nakong ea bohlooho-putsoa.’ (Pes. 92:14) Ba tšepile Jehova ’me oa ba hlohonolofatsa.—Pes. 34:8; Liprov. 10:22.

4 Ka sebele re tšoanela ho babatsa bo-pula-maliboho ba khethehileng ka mofuthu. Haeba u lehlohonolo la hore ebe bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoe phuthehong ea heno, sebelisa hamolemo monyetla oa ho qeta nako le bona ’me u rue molemo phihlelong ea bona. Ananela tšebeletso ea bona joaloka baboleli ba ’Muso ba tšepahalang. Lumella botšepehi ba bona hore bo u khothatse. Bohle ba nang le tumelo e kang ea bona, le bona Jehova a ka ba amohela le ho ba hlohonolofatsa hobane “ba sebetsang ka botšepehi baa mo khahlisa.”—Liprov. 12:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela